U Memeloa Likopanong tsa Setereke tsa “Toka ea Bomolimo”
JEHOVA MOLIMO, ’Mōpi oa rōna ea lerato, ke Mofani e Moholo hakaakang! Kannete, “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng, e tsoa holimo.” (Jakobo 1:17) Ka ho loketseng ho Pesaleme ea 136 re bala ka makhetlo a 26 polelo: “Efela mohau oa hae ke o sa feleng.”
Har’a litokisetso tsa hae tse ngata tsa moea bakeng sa batho ba hae ba boholo-holo, ho ne ho e-na le mekete e meraro ea selemo le selemo: Paseka le Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang; Mokete oa Libeke, kapa Pentekonta; le Mokete oa Metlotloane, kapa Kotulo. Mekete ena e meraro e ne e lebelloa ka matla a maholo, hobane e ne e le liketsahalo tse hahang moeeng le tsa thabo e khōlō.—Levitike 23:40-43.
Mehleng ea kajeno, Jehova Molimo o kentse lipelong tsa bahlanka ba hae ka ho tšoanang hore ba be le mekete e meraro ea selemo le selemo ea moea: letsatsi la kopano le khethehileng, kopano ea potoloho ea matsatsi a mabeli, le kopano ea setereke ea matsatsi a mararo kapa a mane. Tsena le tsona li sebelisoa e le liketsahalo tsa ho hahoa moeeng le tsa botsoalle bo thabisang. Ho ea ka litlaleho tse amohetsoeng nakong eo ho neng ho ngoloa sehlooho sena, batho ba 6 128 388 ba bile teng Likopanong tsa Setereke tsa “Tšepa Jehova” tse qalileng ka Phuptjane 1987, ’me ha kolobetsoa ba 85 091. Selemong sena Paki e ’ngoe le e ’ngoe e lebeletse ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “Toka ea Bomolimo.”
Ke sehlooho se seholo le se khabane hakaakang sa “Toka ea Bomolimo”! Hona ke sa bohlokoa hakaakang! Le bona batho ba sa phethahalang, ka molomo ba bua ka bohlokoa ba toka. Ke ka lebaka leo baqapi ba Molao oa Motheo oa United States lilemong tse fetileng tse ka bang 200 ba sa kang ba lokisetsa feela mafapha a phethahatso le a molao a puso empa hape ba ile ba lokisetsa bakeng sa boahloli e le hore toka e ka sebeletsoa. Leha ho le joalo, makholo-kholo a lilemo pele ho moo, Jehova Molimo ka boeena o ile a lokisetsa likarolo tse tharo bakeng sa puso ’me kaofela ha tsona li le ho eena. Kahoo, ho Esaia 33:22, (NW) rea bala: “Jehova ke Moahloli oa rōna, Jehova ke Monei-molao oa rōna, Jehova ke Morena oa rōna.”
Ha e le hantle, re bolelloa hore toka ke qetello, pakane, kapa morero oa puso. Empa le hoja ho hlokomeloa molao-motheo ona o motle, ha ho fihloa tabeng ea ho o sebelisa, batho ba sa phethahalang le ba baikhabi ba haelloa hakaakang! Khethollo eohle ea morabe, bochaba le bolumeli ke tse ling tsa liketsahalo tse etsahalang hangata tsa ho fapoha toka. Ho joalo le ka tšebeliso eohle e mpe ea matla, e-bang e ntšetsoa pele ke mebuso, mekhatlo ea kopanelo, lihlopha tsa bolumeli kapa batho ka bomong.
Re ka leboha hakaakang hore e be Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore qetellong toka le ho loka li tla hlōla, hobane Jehova ke eena feela Molimo oa toka! Ke ka lebaka leo Moshe a ileng a bina ka eena: “Ke Lefika, mesebetsi ea hae e phethahetse, hobane litsela tsohle tsa hae ke toka. Ke Molimo oa botšepehi oo ho hloka toka ho leng sieo ho oona; o lokile, o khabane.” (Deuteronoma 32:4, NW) Jehova Molimo o hlompha toka haholo hoo a bileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši hore e be sehlabelo e le hore Eena a ka tlisetsa batho ba utloang bophelo bo sa feleng. (Ba-Roma 3:25, 26) Ka nepo, Jehova o hauhela bao e leng barati ba toka le ho loka, joalokaha re bala ho Pesaleme ea 11:7: “Jehova o lokile, o rata ketso tse lokileng; batho ba lokileng ba boha sefahleho sa hae.” Ho ea ka phetolelo e ’ngoe ke “ea se nang leeme, ea ratang litšebelisano tse se nang leeme.”—New English Bible.a
Likopano tsa rōna tsa Setereke tsa “Toka ea Bomolimo” li tla tiisa tumelo ea rōna ea hore qetellong ho loka ho tla hlōla. Hape li tla tiisa ka linako tsohle le tlas’a maemo ’ohle boikemisetso ba rōna ba ho ela hloko taelo e ho Mikea 6:8, (NW) ea ‘ho sebelisa toka.’ Hona ke phephetso ea sebele ka lebaka la litšekamelo tsa rōna tsa boikhabi tseo re li futsitseng le meleko ea lefatše la boikhabi le re potolohileng.
Libakeng tse ngata, kopano e tla qala ka Labone thapama, ’me letsatsi le leng le le leng le tla bontša sehlooho se loketseng, sehlooho sa letsatsi la pele “Ho Thabile ba Bolokang Toka”—se theiloe ho Pesaleme ea 106:3 (NW). Puo ea sehlooho e tla totobatsa hore ‘toka e tšoaea litsela tsohle tsa Molimo’ ’me e tla lateloa ke litlaleho tse tsoang ho bahlokomeli ba toka ba nako e tletseng, ba kang baromuoa ba tsoang linaheng lisele.
Sehlooho sa Labohlano ke “Amohela Taeo e Fanang ka Kutloisiso e Tebileng” (se theiloeng ho Liproverbia 1:3). Ka letsatsi lena, lipuo tse peli tse neeletsanoang li tla hatisa bohlokoa ba ho laea le ho amohela taeo. Tšoantšiso ea mehleng ea kajeno, “Ho Tšoaeloa ho Phonyoha,” e tla hatisa bohlokoa ba ho itsebahatsa u le e mong oa bahlanka ba Jehova. Lenaneo la letsatsi le tla phethoa ka likeletso tse ling tsa bohlokoa tsa “Ho Talima ho Jehova Bakeng sa Kutloisiso e Tebileng.”
Ho tsosang tšepo ke sehlooho sa letsatsi la boraro, Moqebelo: “Likahlolo tsa Oona ke tsa ’Nete, ke tse Lokileng,” se nkiloeng ho Tšenolo 19:2. Ho tlang ho phahamisoa hoseng ke puo “Kolobetso e Isang Kahlolong e Molemo.” Lenaneo la thapama le tla qala ka puo e neeletsanoang e tla eletsa baholo ho “Sebeletsang Bakeng sa Toka.” Ena e tla lateloa ke neelatsano e ’ngoe e reng “Nako e Khethiloeng e Haufi,” e sebetsanang le boprofeta ba Mangolo a Bokreste a Segerike bo bolelang e sa le pele ka ho hlōla ha toka.
Sontaha, letsatsi la bone le la ho qetela la kopano ena, le na le sehlooho sa lona “Toka—Toka eo U Lokelang ho e Phehella.” (Deuteronoma 16:20, NW) Ho hlahelletseng lenaneong la hoseng ke tšoantšiso ea moaparo o khethehileng le e nakong “Likahlolo tsa Jehova Khahlanong le Batho ba Nyefolang.” Molaetsa o tšelisang kannete bakeng sa barati bohle ba toka o puong ea phatlalatsa ea thapama, “Toka Bakeng sa Bohle ka Moahloli ea Khethiloeng ke Molimo.” Bohle ba tla fumana molemo o moholoanyane puong ena haeba ba qala ho itloaetsa Liketso khaolo ea 17. Ka ho loketseng, puong e koalang, bohle ba teng ba tla khothatsoa “Tsoelang Pele le Phehella Toka ha Tlhōro e Atamela.”
Kannete, bohle ba tla ba teng ho e ’ngoe ea Likopano tsa Setereke tsa “Toka ea Bomolimo” ba emetsoe ke mokete o moholo oa moea. Kahoo, tloho ka takatso eohle e ntle ea lijo tsa moea, u falimehetse ka ho feletseng litlhoko tsa hao tsa moea. Bontša kananelo e tšoanang bakeng sa tafole ea Jehova joaloka eo u e bontšang ha u e-ba teng libokeng tsa phutheho ea heno—ka tsela eo u itlhophang ka eona, ka hore u fihle hantle nako e sa le teng pele lenaneo le qala, le ka hore joale u lule ho fihlela thapelo ea ho qetela e koalang letsatsi le leng le le leng. Ela hloko ka ho fetisisa karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea lenaneo. Ngola lintlha; tsena ha li na ho u nea feela lintho tseo u tla hopola kopano ka tsona empa li tla u thusa hore kelello ea hao e se ke ea lelera ha ho ntse ho fanoa ka puo.
Re se ke ra hlokomoloha molao-motheo o boletsoeng ke Jesu le o boletsoeng ho Liketso 20:35: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.” Kahoo phetha karolo ea hao ho thusa hore kopano e tsamaee hantle le hamolemo. Kamehla u falimehele menyetla ea bopaki bo sa rereloang. Falimehela hona ka ho khethehileng, kaha ha ho nako e tla beeloa kathōko bakeng sa bopaki ba ntlo le ntlo nakong ea kopano. Ka litsela tsohle tse joalo, u ka bontša hore ka sebele u ea etseng toka hloko a thabile.
U ka ikopanya le Lipaki tsa Jehova sebakeng sa lōna bakeng sa motse oa kopano o haufi le uena
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha e le hantle, ha ho khethollo pakeng tsa toka le ho loka, le hoja toka hangata e amana le lintho tsa molao.—Bapisa 2 Timothea 2:22; Jakobo 1:20, New World Translation le The New English Bible.