Mohale ea Tšepahalang Bakeng sa ’Nete
MARTIN POETZINGER, setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, o qetile tsela ea hae ea bophelo lefatšeng e le motlotsuoa oa Mokreste mantsiboeeng a Labone, la 16 Phupjane, 1988. E ne e se e le nako a kula empa o shoele ntle le ho utloa bohloko Bethele ea Brooklyn. Mosali oa hae, Gertrud, o ’nile a ba pel’a hae kamehla ha a ntse a kula.
Moena Poetzinger o hlahile ka la 25 Phupu, 1904, Munich, Jeremane. O ile a kolobetsoa ka la 2 Mphalane, 1928, ’me a kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ka la 1 Mphalane, 1930. Lehoetleng la 1933 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa mo abela ho hlokomela lithahasello tsa ’Muso Bulgaria, empa nakong ea selemo Lipaki tseo e neng e se baahi ba naha eo li ile tsa lelekoa. Sebaka se latelang moo Moena Poetzinger a ileng a ea teng e bile Hungary. A tšoeroe ka bohata e bile a lelekiloe naheng eo, o ile a fuoa bolebeli holim’a sehlopha sa bo-pula-maliboho Yugoslavia. Kamor’a ho kula ho matla, ho ileng ha mo hloka hore a lule nako e telele sepetlele Zagreb, o ile a khutlela Jeremane.
Moena le Khaitseli Poetzinger ba ile ba kena lenyalong ka 1936, empa selemong sona seo o ile a isoa kampong ea mahloriso hobane a hanne ho latola tumelo ea hae. Mosali oa hae o ile a koalloa sebakeng se seng, empa eena o ile a romelloa Dachau ’me a romeloa kampong ea lefu ea Mauthausen, Austria Leboea. Moo masole a Jeremane a ile a sebelisa tlala, chapo le sehlōhō se ke keng sa hlalosoa ho qobella eena le Lipaki tse ling ho senya botšepehi ba bona ho Jehova Molimo. Empa Moena Poetzinger o ile a khomarela tumelo ea ’nete.
Kamor’a lilemo tse robong tsa ho koalloa ho sehlōhō, Moena le Khaitseli Poetzinger ba ile ba kopana hape ka 1945. Nakoana hamorao, o ile a qalisa ho etsa mosebetsi oa setereke Jeremane, ’me hamorao Gertrud a tsamaisana le eena, ka cheseho a sebetsa tšimong ha eena a ntse a tsoela pele ho sebeletsa liphutheho. Ka 1958 o ile a ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watch Tower, ’me ha a khutlela Jeremane, eena le mosali oa hae ba tsoela pele mosebetsing oa ho tsamaea ho fihlela ba kenela tšebeletso ea Bethele moo ka 1977. Ka Loetse 1977, Moena Poetzinger o ile a khethoa ho ba setho sa Sehlopha se Busang ’me o ile a tseba ho tla ntlo-khōlō ea lefatše ea Mokhatlo e Brooklyn, New York, hoo e ka bang selemo hamorao. O sebelelitse le Komiti ea Tšebeletso ea Sehlopha se Busang le Komiti ea Lefapha la Tšebeletso.
Moena Poetzinger e bile mohale ea mafolo-folo bakeng sa ’nete. Botšepehi ba hae le tšehetso ea hae e mafolo-folo mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova le mosebetsing oa ’Muso e bile mohlala oa ’nete. Kahona re kholisehile hore o har’a bao mantsoe ana a sebetsang ho bona: “Ho lehlohonolo bafu ba shoelang Moreneng . . . moea o re: E, . . . hobane mesebetsi ea bona ea ba latela.”—Tšenolo 14:13.