‘Bana Baa E Rata’
Malapa a limillione a se a ’nile a thabela Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Lipale tsa eona tse 116 li nea ’mali kutloisiso ea seo Bibele e buang ka sona. Pejana selemong sena motho oa Australia Bophirima o ile a bontša kamoo buka ena e leng e sebetsang kateng, a hlalosa:
“Mosebetsi oa ka ke botichere ’me ke batla ho susumetsa bana ba tlhokomelong ea ka ho nehelana ka mosebetsi oa bona oa sekolo kaofela ho Molimo le Jesu, joalokaha le ’na ke etsa ka ho tšoanang mosebetsing oo ke o etsetsang bana. Ke ho entse tlamo ho balla bana ‘Buka ea lōna ea Lipale tsa Bibele’ eo ke e rekileng ho e mong oa Lipaki tsa bo Iōna tse etelang malapeng. Bana ba rata buka ena, lipale tse ka har’a eona, ’me ba kōpa tse eketsehileng ha ke bea buka fatše.”
Na ho na le bana bao u ba tsebang bao le bona ba neng ba ka thabela Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele? U ka amohela kopi ea hao ka ho tlatsa le ho romella setlankana sena. Buka e na le maqephe a 256, ao ka boholo a lekanang le makasine ena. E na le litšoantšo tse fetang 125, boholo ba tsona e le tse mebala e metle.
Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata, Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, ’me ke kentse R6 bakeng sa eona.