Ho Loana ka Katleho le Mathata a Bophelo
Selemong se fetileng ntlo ea tichere ea sekolo Bignona, Senegal, e ile ea e-cha hore ho se ke ha sala letho. Kamorao ho moo, lekala la Mokhatlo oa Watch Tower naheng eo ea Afrika Bophirima le ile la fumana lengolo lena:
“Ho nkhopisang ka ho fetisisa,” kamoo tichere eo e hlalosang, “ke hore mollong oo ke ile ka lahleheloa ke libuka tsa bohlokoa ka ho fetisisa ho ’na. Lihlooho tsa tsona li akareletsa Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona le Na Bophelo Bona ke Bona Phetho bo Teng? Nka itsoella hantle ntle ho liphahlo tsa ka le ntlo ea ka, empa ke sitoa ho tsoella hantle ntle ho libuka tseo! Ho ’na ke tsa bohlokoa ho feta eng kapa eng e ntahlehetseng. Kea le kōpa, iteanyeng le ’na kapele kamoo le ka khonang, ’me le ntsebise hore na nka fumana tse ling joang. Bophelo bo tletse mathata, ’me re hloka boitsebiso bo joalo ho a rarolla le ho re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng le ho itšoara ka mokhoa o loketseng.”
Ba bang ba bangata ba ikutloa ka tsela e tšoanang ka likhatiso tsena tse peli. Ha e le hantle, likopi tse fetang limillione tse 22 tsa buka ea Bocha le likopi tse fetang limillione tse 20 tsa Na Bophelo Bona ke Bona Phetho bo Teng? li abiloe lefatšeng ka bophara. U ka fumana libuka tsena tse peli tsa bohlokoa ka hore feela u tlatse setlankane sena le ho romela le monehelo oa R4.
Ka kōpo romellang, poso e lefelletsoe, libuka tse peli tse sekoahelo se thata tse maqephe a 192 Bocha ba Hao—Ho fumana se Molemohali ho Bona le Na Bophelo Bona ke Bona Phetho bo Teng? Ke kentse R4.