Na ho Tla ’Ne ho be le Lintoa?
KA LA 1 Phupu, 1916, sebakeng se seng se setle sa temo se Picardy, Fora Leboea, Ntoa ea Pele ea Somme e ile ea qaleha. Ka mor’a phutuho e matla ea likanono le litlhaselo tsa moeeng, mabotho a Brithani le a Fora a ile a qala tlhaselo eo a neng a tšepile hore e tla bula khoro ka mokhoa oa makhaola-khang ho fihla mabothong a sera a Jeremane a neng a pota-potiloe ke sekoti seo ho neng ho se motho ea ka se tšelang. Empa ha hoa ka ha e-ba le ho bula khoro ha letho. Ho fapana le hoo, letsatsing la pele, masole a Brithani a 20 000 a ile a bolaoa. Ha libeke li ntse li feta, ntoa ea tsoela pele empa ho ntse ho se khoro e bulehang. Ka Mphalane lipula tsa litloebelele tsa fetola lebala la ntoa leoatle la seretse. Hoo e ka bang bohareng ba Pulungoana mabotho a Selekane a ne a atametse sebaka sa lik’hilomithara tse robeli feela. Khabareng, bophelo ba Majeremane a 450 000, Mafora a 200 000, le Manyesemane a 420 000 bo ne bo lahlehile. Masole a fetang millione, boholo ba ’ona e le bahlankana, a ile a shoa ntoeng eo!
Ena e mpa e le e ’ngoe feela ea liketsahalo tsa ntoa ea pele ea lefatše. ’Me ntoa ea pele ea lefatše e ne e le e ’ngoe feela ea lintoa tse se nang palo tse ’nileng tsa loanoa ho theosa le histori, le hoja e ne e le e mpe ka ho fetisisa ho fihlela ka nako eo. Ke tšenyo e hlokang kelello hakaakang ea bophelo ba batho!
Ke hobane’ng ha batho ba tsitlallela ho bolaeana ka tsela ee? Ho na le mabaka a mangata a amehang, ao har’a ’ona re ka bolelang boikhabi, ho ipatlela litulo, meharo, ’moho le lenyora la matla le botumo. Sesosa se seng sa ntoa e bile bochaba. Ka sebele, ntoa e bonahatsa ho nepahala ha histori ea batho e hlokometsoeng ke Bibele: ‘Batho ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’—Moeklesia 8:9, NW.
Hangata bolumeli le bona bo ’nile ba hlohlelletsa ntoa. Lintoa tsa Bokreste tsa Mehleng e Bohareng li ile tsa loanoa ke lichaba tsa bolumeli bakeng sa hoo e neng eka ke merero ea bolumeli: ho hapa Palestina hore e boele ho ’Muso oa Bokreste. Lintoeng tse peli tsa lefatše tsa lekholo lena la lilemo, baruti ba likereke tse fapaneng ba ’nile ba leka ho ipiletsa maikutlong a bolumeli a masole e le ho a etsa hore a be le boikemisetso bo boholoanyane ba ho bolaea balekane ba ’ona ba ka lehlakoreng le leng. Hape tse ling tsa lintoa tse ntseng li loanoa hona joale li na le motso o matla oa bolumeli.
Mahlaseli a Tšepo
Na ho na le tšepo ea hore ka letsatsi le leng lintoa li tla fela? E, e teng. Jesu Kreste o bitsoa “Morena oa khotso.” Ha a e-tla lefatšeng, o ile a phelela lebitso lena, a ruta batho hore ba rate ba habo bona joalokaha ba ithata. O bile a ba bolella hore ba rate lira tsa bona. (Esaia 9:6; Mattheu 5:44; 22:39) Ka baka leo, ba ileng ba utloa lithuto tsa hae lekholong la pele la lilemo ba ile ba fetoha mokhatlo oa bana ba motho ba lutseng ka khotso, oa machaba. Ho hang e ne e se ntho e ka nahanoang hore e mong oa bona a ka loantša e mong. Leha ho le joalo, ka bomalimabe, tumelo eo e hloekileng ea Bakreste bana ba pele e ile ea silafatsoa hamorao. Ka mor’a nako, likereke li ile tsa itšunya lipolotiking ’me matsoho a tsona a khanathela mali a tšolotsoeng lintoeng tsa lichaba.
Nako e telele ka mor’a moo, meea ea liphetoho e ile ea qala ho foka Europe. Ho ne ho bonahala eka batho ba khathetse ke ntoa e sa khaotseng. Ka 1899 hape le ka 1907, liboka tsa machaba li ile tsa tšoareloa The Hague, Netherlands. Sebokeng sa 1899, ho ile ha etsoa tumellano bakeng sa “Tharollo [ea khotso] ea Pacific Bakeng sa Likhohlano tsa Machaba.” Kahoo ha lekholo la bo20 la lilemo le qaleha, ba bangata ba ne ba tšepile hore butle-butle lefatše le ne le tla tlohela takatso ea lona ea ho loana. Hore mohlomong mantsoe a monate a Esaia a ne a tla phethahatsoa ka boiteko ba batho. Leha ho le joalo, litebello tse joalo li ile tsa senngoa ke lithunya tsa ntoa ea pele ea lefatše. Na see se ne se bolela hore ha ho mohla litebello tsa batho tsa khotso li tla phethahatsoa?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Sekoahelo: Se tšoantšitsoe hape ho tsoa setšoantšong sa Franklin Booth