Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 6/15 leq. 29
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thero ea Malapa Pono ea Mokreste
    Tsoha!—1993
  • Ke Mang ea Lokelang ho Etsa Qeto ka Boholo ba Lelapa?
    Tsoha!—1996
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bophelo ba motho bo Qala Neng?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 6/15 leq. 29

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Na ho lumellana le melao-motheo ea Bibele hore balekane ba lenyalong ba Bakreste ba sebelise lipilisi tse laolang kemolo?

Mangolo ha a bolele ka ho hlaka hore banyalani ba Bakreste ba tlamehile ho ba le bana kapa, ha ba e-ba le bona, hore e be ba bakae. Banyalani ba bang le ba bang ka lekunutu le ka boikhethelo ba lokela ho rera hore na ba ka leka ho lekanyetsa boholo ba lelapa la bona joang. Haeba ba lumellana ho sebelisa mokhoa oa ho laola kemolo, ho khetha ha bona lithibela-kemolo e boetse ke taba ea botho. Leha ho le joalo, ba tšoanela ho nahanisisa—tumellanong le kutloisiso ea bona ea Bibele le letsoalo la bona—hore na ho sebelisa mokhoa o itseng ho tla bontša ho hlompha khalalelo ea bophelo.

Bibele e bontša hore bophelo ba motho bo qala nakong ea kemolo; Monei-Bophelo o bona bophelo bo emotsoeng, “moloho” oo hamorao o tlang ho hōla ka pōpelong. (Pesaleme ea 139:16; Exoda 21:22, 23a; Jeremia 1:5) Kahoo, ha ho boiteko bo lokelang ho etsoa ba ho felisa bophelo bo emotsoeng. Ho etsa joalo e tla be e le ho ntša mpa.

Lipilisi tse laolang kemolo li sebelisoa ka ho pharalletseng ho pota lefatše. Li thibela ho tsoaloa ha ngoana joang? Ho na le mefuta e ’meli e meholo ea lipilisi—combination pill le progestin-only pill (pilisi e nyenyane). Patlisiso e hlakisitse tšebetso ea tsona ea sehlooho bakeng sa ho thibela pelehi.

Combination pill e na le maro a bitsoang estrogen le progestin. Ho latela Tsamaiso ea Lijo le Lithethefatsi ea U.S., “mokhoa oa tšebetso o ka sehloohong” oa combination pill ke “ho thibela mahe ho ea ka pōpelong.” Ho bonahala hore ha e nooa ka mehla, pilisi ea mofuta ona e thibela ho ntšoa ha lehe pokellong ea mahe hoo e ka bang ka linako tsohle. Ha ho se lehe kapa peō ea mosali e ntšitsoeng, kemolo e ke ke ea e-ba teng ka litselaneng tseo mahe a tsamaeang ka tsona ho ea pōpelong. Le hoja pilisi ea mofuta ona e ka ’na ea boela ea tlisa liphetoho ‘lereng le alelitseng pōpelo (e leng ho fokotsang menyetla ea hore lehe le emolisitsoeng le ka lula ka pōpelong),’ ona o talingoa e le mokhoa oa tšebetso oa bobeli.

E le ho fokotsa liphello tse kotsi tse bakoang ke eona, ho entsoe lipilisi tsa motsoako o nang le tekanyetso e tlaase ea estrogen. Kamoo ho bonahalang, lipilisi tsena tsa motsoako o nang le tekanyo e tlaase ea estrogen li lumella tšebetso e eketsehileng pokellong ea mahe. Dr. Gabriel Bialy, mookameli oa Lekala la Ntlafatso ea Lithibela-kemolo la Litsi tsa Sechaba tsa Bophelo, o re: “Bopaki bo bongata ba mahlale bo bontša hore esita le ka pilisi e nang le estrogen e tlaase, ho ntšoa ha mahe ho ea ka pōpelong hoa koaloa, e seng ka karolo ea 100 lekholong, empa ka ho totobetseng haholoanyane ka hoo e ka bang 95 lekholong. Empa ’nete ea hore mahe a ka ea ka pōpelong hoa etsahala ha ho tšoane le ho bolela hore kemolo e etsahetse.”

Haeba mosali a tlolisa ho noa combination pill ho latela kemiso ea eona e lokiselitsoeng, ho na le monyetla o moholo oa hore tšebetso ea bobeli e tla nka karolo ho thibeleng kemolo. Ho ithutoa ha basali ba tlolisitseng lipilisi tse peli tsa tekanyo e tlaase ho fumanoe hore ba 36 lekholong ba ‘phonyohile’ hore mahe a ee ka pōpelong. Koranta ea Contraception e tlaleha hore maemong a joalo “liphello tsa lipilisi lereng la pōpelo le lero le pete-pete le molomong oa pōpelo li ka ’na tsa tsoela pele ho fana . . . ka tšireletso e thibelang kemolo.”

Ho thoe’ng ka mofuta o mong oa pilisi—pilisi ea lero la progestin feela (pilisi e nyenyane)? Drug Evaluations (1986) e-ea tlaleha: “Ho thibela ho ea ha mahe ka pōpelong hase tšobotsi ea sehlooho ea ho thibela kemolo ka lipilisi tse nyenyane tsa lero la progestin feela. Lisebelisoa tsena li etsa hore ho be le lero le pete-pete molomong oa pōpelo leo peō e tona e ke keng ea phunyelletsa hore e fete; li ka ’na tsa eketsa nako ea ho tsamaisoa ha mahe ka tselaneng ea ’ona ’me hape tsa etsa hore lera la pōpelo le khutlele boemong ba lona (ho neng ho tla sitisa ho hōla ha lehe leha e le lefe le emolisitsoeng).”

Bafuputsi ba bang ba bolela hore ka pilisi ea lero la progestin feela “ho ea ha mahe ka pōpelong ho tloaelehileng ho etsahala ho basebelisi ba ka holimo ho 40 lekholong.” Ka hona pilisi ena khafetsa e lumella ho ea ha mahe ka pōpelong. Lero le pete-pete le letenya le molomong oa pōpelo le ka ’na la koalla ho feta ha peō e tona ’me ka hona ha se lumelle kemolo; ha ho se joalo, tikoloho e kotsi eo pilisi e e etsang ka pōpelong e ka ’na ea thibela peō e tšehali e emolisitsoeng hore e hōle le ho ba ngoana.

Joale, ho ka ananeloa hore ha li sebelisoa ka mehla bakeng sa ho laola kemolo, mefuta ea sehlooho ea lipilisi ka bobeli e bonahala e thibela kemolo hore e etsahale mabakeng a mangata ’me ka hona ha li bolaee mpa. Leha ho le joalo, kaha pilisi ea lero la progestin feela (pilisi e nyenyane) khafetsa haholo e lumella ho ea ha mahe ka pōpelong, ho na le monyetla o moholo oa hore ka linako tse ling e thibela kemolo ka ho kena-kenana le ho lula ha bophelo bo emotsoeng bo seng bo qalile ka pōpelong. Lithuto tsa mahlale li bontša hore ka tloaelo (pōpelo e sa angoa ke lipilisi tse laolang kemolo) “karolo ea 60 lekholong ea mahe a emolisitsoeng a . . . lahloa pele ho linako tsa pele tse tlotsoeng.” Leha ho le joalo, hore sena sea etsahala, ho fapane haholo le ho khetha ho sebelisa mokhoa oa ho laola kemolo o hlileng o ka sitisang ho lula ha lehe le emolisitsoeng.

Kahoo, ho na le litšobotsi tsa boitšoaro tse hlakileng tse ka nahanoang haeba banyalani ba buisana le ngaka ka taba ea ho sebelisa lipilisi tse laolang kemolo. Bakreste ba lokela ho etsa qeto e tiileng le ka litaba tsa lekunutu le tsa botho e le ho boloka “letsoalo le letle kahohle” pel’a Molimo oa rōna le Monei-Bophelo.—Liketso 23:1; Ba-Galata 6:5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona The Watchtower ea August 1, 1977, maqephe 478-80.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela