Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 9/1 maq. 3-4
  • Puso ea Baruti—Na ke Eona Karabelo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Puso ea Baruti—Na ke Eona Karabelo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Baruti ba ne ba Busa Europe
  • Kahlolo ea Molimo Khahlanong le “Motho ea Hlokang Molao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lilemo Tse 500 Tsa Thuto ea Calvin—Li Finyeletse Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Michael Servetus—O Ile a Batla ’Nete a le Mong
    Tsoha!—2006
  • “Ba Hloiloeng ke Lichaba Tsohle”
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 9/1 maq. 3-4

Puso ea Baruti—Na ke Eona Karabelo?

LEFATŠENG ka bophara batho ba khathetse ke ho hloka toka, khatello, le tšenyeho ea lipolotiki. Hore ba batla ntho e ’ngoe e molemonyana ho bonoa boitekong ba bona ba ho fetola baeta-pele ba lipolotiki. Empa ke ka seoelo baeta-pele ba bacha ba tlisetsang batho khotsofalo.

Ba bang ba nahana hore puso ea baruti e ne e tla fella ka ’muso o molemonyana. Ba lumela hore baruti ba ne ba tla tlisa litšobotsi tsa bomolimo litabeng tsa ’muso. Mohlomong moruti Marion (Pat) Robertson, ea neng a tšepile ho ba presidente ea U.S. ka 1988, o ne a hopotse sena ha a rapela hore “batho ba nang le bomolimo” ba hape ofisi ea lipolotiki. Empa na kannete see se ne se tla arabela tlhokahalo ea babusi ba molemonyana?

Ha Baruti ba ne ba Busa Europe

Mehleng e Bohareng, baruti ba ne ba e-na le matla a maholo haholo lefatšeng. Bapapa ba ne ba bile ba roesa marena meqhaka esita le ho a tlosa teroneng! Ka 800 C.E., Mopapa Leo III o ile a roesa morena oa Lefrank Charlemagne moqhaka ho ba hlooho ea ’Muso oa Roma o Halalelang. Ka lilemo tse sekete, ’muso ona o ne o emetse kopano ea Kereke le Naha, ’me nakong eo baruti ba ne ba thabela matla a ho okamela babusi ba lefatše ka tekanyo e sa tšoaneng.

Ho tloha lekholong la bo11 la lilemo, bapapa ba hlahlamanang ba ile ba ipeha litulong tsa boeta-pele Europe. Ntlheng ena, The Columbia History of the World, e hlophisitsoeng ke John Garraty le Peter Gay, e re: “Kereke e ne e le ’muso oa Europe o moholo ka ho fetisisa.” Buka ena e boetse e bolela hore kereke e ne e khona ho “sebelisa matla a bopolotiki a maholo ho feta ’muso leha e le ofe o mong oa Bophirimela.” Boemo ba batho e ne e le bofe tlas’a puso ea baruti?

Ha ho ea neng a lokolohile ho rapela kamoo a ratang kapa ho hlahisa likhopolo tse khahlanong le tsa baruti. Leeme lena la baruti le ile la hlahisa moea oa tšabo ho pholletsa le Europe. Kereke e ile ea thea Lekhotla le Otlang Bakhelohi ho felisa batho ba neng ba e-na le lipono tse fapaneng. Kaha ba ne ba talingoa e le bakhelohi, ba ne ba tlisoa ka pel’a litho tsa Lekhotla le Otlang Bakhelohi, tse neng li ba hlokofatsa hore ba ipolele libe tsa bona. Hangata ba fumanoang ba le molato ba ne ba chesoa thupeng.

Mabapi le puso ea baruti Spain, The Columbia History of the World e re: “Lintoa le khopolo ea lintoa tsa bolumeli li ne li matahantse puso e neng e khomaretse litumelo tse amoheloang ea batho ba phahameng ba neng ba khella ba bang fatše le ea baruti e neng e tšoere marapo ’ohle a puso ka har’a naha. Bophelo ba barutehi bo ne bo holofalitsoe ke ho hlahlojoa ha lingoliloeng bakeng sa ho tlosa boitsebiso bo sa amoheleheng le Lekhotla le Otlang Bakhelohi, tse neng li sebelisoa khahlanong le mang kapa mang ea neng a hanyetsa thuto ea molao ea bolumeli kapa leano la naha.”

Bukeng ea hae The Age of Faith, Will Durant o itse: “Ha re nahanela lintho tsohle tse neng li hlokoa ho rahistori le tseo Mokreste a neng a li lumelletsoe, re tlameha ho beha Lekhotla le Otlang Bakhelohi, hammoho le lintoa le mahloriso a mehleng ea rōna, har’a matheba a matšo ka ho fetisisa tlalehong ea batho, a senolang sehlōhō se sa tsejoeng ho sebata sefe kapa sefe.” Mehleng e Bohareng, puso ea baruti e ile ea bolela ho felisoa ha litokelo tsa botho.

Na motho ea ileng a tlisa phetoho ea Boprostanta John Calvin o ne a fapane le baruti ba K’hatholike? Koana, nahana ka se ileng sa etsahala ha Michael Servetus a baleha mahloriso a baruti ba Spain ’me a tšoaroa Geneva, Switzerland. Mono Calvin o ne a theile mokhatlo oa batho oo eena le basebeletsi ba hae ba neng ba o busa ka matla a bompoli. Kahobane Servetus o ne a latola Boraro-bo-bong, Calvin o ile a etsa se neng se phonyohile Lekhotla le Otlang Bakhelohi. Servetus o ile a ahloleloa lefu ka lebaka la bokhelohi ’me a chesoa thupeng. Ka hona Calvin o ile a bontša leeme le tšoanang le la baruti ba K’hatholike.

Na ho okamela ha baruti mebuso ea lefatše ho ile ha bolela khotso bakeng sa batho ba Europe? Che, ho hang. Ho e-na le ho thabela khotso, ba ile ba lokela ho mamella lintoa tse hlohlellelitsoeng ke baruti ka lilemo-lemo. Mopapa Urban II o ile a qala Ntoa ea pele ea Bolumeli ’me ka ho etsa joalo a qalisa letoto la lintoa tse bileng teng ka lilemo tse 200. Ho feta moo, lintoa tse fehliloeng ke baruti khahlanong le batho ba neng ba talingoa e le bakhelohi li ile tsa fella ka lefu la banna, basali, le bana ba likete-kete.

Na puso ea baruti e ile ea felisa tšenyeho? Le hanyenyane. Buka A History of the Modern World, ea R. R. Palmer le Joel Colton, e re: “Bophelo ba kereke bo ile ba ’na ba eketsa ho senngoa ke chelete. Ha ho motho ea neng a lumela tabeng ea ho ntša tjotjo; empa e mong le e mong o ne a tseba hore banna ba bangata ba phahameng ka kerekeng (ba kang liofisiri tse ngata tse phahameng tsa ’muso tsa mehleng eo) ba ne ba ka fuoa tjotjo.” Ho ne ho tloaelehile ho tletleba ka tšenyeho e teng har’a baruti.

Na puso ea baruti e ile ea fella ka kutloelo-bohloko bakeng sa batho ba tlaase? Le hanyenyane. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala ha Mok’hadinale Richelieu oa Fora e e-ba eena ea laolang litaba tsa ’muso nakong ea puso ea Louis XIII. Buka The History of the Nations, e hlophisitsoeng ke Henry Cabot Lodge, e bolela hore “leano” la Richelieu “le ne le theiloe holim’a pheliso ea litokelo tsa Mafora.”

Mexico lekholong la bo17 la lilemo, hangata metse ea Maindia e ne e busoa ke baruti. Ho latela buka Many Mexicos, ea Lesley Simpson, baruti ba ne ba talima palo eo batho ba faselletsoang ho eona ha ba shapuoa “e le thuso e hlokahalang haholo bakeng sa ho hloma le ho boloka litšobotsi tsa Bokreste, esita le bakeng sa kotlo ea litlōlo tsa melao ea lefatše.”

Ka hona libuka tsa histori li etsa hore re khone ho hlahloba tlaleho ea puso ea baruti ho theosa le makholo a lilemo. Tlaleho eo e senola eng? Ho se natsoe ho nyarosang ha thabo, boiketlo, le litokelo tsa batho ba tlaase. Ka sebele, puso ea baruti e bile puso ea bohatelli e neng e ke ke ea mamelloa. Joalokaha Daniel Defoe a ngotse bukeng ea hae The True-Born Englishman: “’Me likotlong tsohle tseo batho ba rohakiloeng ka tsona, bompoli ba baruti ke e mpe ka ho fetisisa.”

Ka ho hlakileng he, puso ea baruti hase eona karabelo ea tlhoko ea motho bakeng sa ’muso o molemonyana. Kahoo, re ka retelehela ho mang? Karabelo e ka fumanoa ke mang kapa mang, joalokaha re tla bona.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Calvin oa Moprostanta o ile a bontša leeme le tšoanang le la baruti ba K’hatholike

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy of the Trustees of the British Museum

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela