Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 9/1 leq. 10
  • ‘Tse Lakatsehang Lia Tla’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Tse Lakatsehang Lia Tla’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lintho Tse Lakatsehang” li Tlala ka Tlung ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Tsohle a li ke li Tlotlise Jehova!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Buka ea Bibele ea 37—Haggai
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 9/1 leq. 10

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

‘Tse Lakatsehang Lia Tla’

MOPROFETA Haggai o ngotse mantsoe ana ka 520 B.C.E.: “Ke tla sisinya le lichaba tsohle, ’me tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka khanya, ho bolela Jehova oa makhotla.” (Haggai 2:7) “Tse lakatsehang” tsa lichaba tsohle tse tlatsang ntlo ea Jehova ka khanya ke barapeli ba hae ba tšabang Molimo. Ba joalo ba pelo li tšepahalang ba arabela litabeng tse molemo Italy, hoo hona joale ho nang le Lipaki tse 166 000 tse rutang batho Bibele sechabeng seo. Baruti ba K’hatholike Italy ba talima khōlo ea rōna e ikhethang e le “ntho e sa tloaelehang e tšosang ka ho eketsehileng” e ba “khathatsang le ho ba ngongorehisa.” E re motho e mong ea batlang ’nete oa moo a phete se ileng sa mo etsahalla.

“Ke ne ke le mokatekista ka lilemo tse leshome, ’me ke ne ke kholisehile hore ena e ne e le tsela ea ho bontša lerato la ka ho Molimo le moahelani. Le hoja ke ne ke e-na le motsoalle eo e neng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ha ho mohla ke kileng ka ba le nako ea ho mamela molaetsa oa Bibele. Leha ho le joalo, nakong e sa tsoa feta, ha Lipaki li nketetse, ke ile ka li memela ka tlung. Ke ne ke batla ho li bolella hore li se ke tsa hlola li etela ’mè matsale hape, kaha o ne a ikutloa a ferekane. Ke ile ka li bolella hore, ‘Ho e-na le ho etela batho ba hōlileng, le bue le batho ba kang ’na.’ Ho tloha ka nako eo ho ea pele, li ile tsa tla ha ka ka mehla, empa lekhetlo ka leng ha li tšoara taba ea thuto, e ba ke tla li kōpa ho chechisetsa moqoqo morao ho fihlela hamorao e le hore ke ne nka batlisisa taba.

“Ke ile ka bua le baprista ba ’maloa ’me ka hlokomela hore ba ne ba se na karabelo ea Bibele. E mong oa bona, e leng moromuoa, o ile a mpolella hore ho ne ho se bohlokoa hakaalo ho ba teng ’Miseng. A re, ‘Ho feta moo, linaheng tse kang Brazil, ka mohlala, batho ba etsa lintho tse ling ho e-na le ho ea ’Miseng. Ntho ea bohlokoa ke ho sebeletsa Molimo ka hohle kamoo motho a ka khonang.’ Mantsoe ana a ile a mpha matla a ho senya likamano tsa ka le Kereke e K’hatholike. Moprista e mong o ile a bolella monna oa ka, eo le eena e neng e le Mok’hatholike, hore haeba ke ne ke batla ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova, o lokela ho ntumella ho etsa joalo hobane Lipaki tsa Jehova li na le phoso e le ’ngoe feela, ea ho cheseha ho tlōla. Ke sa tsoa kolobetsoa haufinyane hammoho le e mong oa bara ba ka. Monna oa ka le eena o ithuta Bibele le ho bontša thahasello molaetseng oa ’Muso.”

Ha Jehova a ntse a sisinya lichaba ka ho phatlalatsoa ha likahlolo tsa hae lefatšeng, batho ba bangata bao lipelo tsa bona li sekametseng ho lokeng ba lahla mekhoa e sa tšepahaleng e le hore ba ka latela melao-motheo ea Bibele. Pele a ithuta ’nete, monna e mong oa Letaliana o ile a kena sekolotong ka ho teba a nahanne hore o ne a ka lefa sekoloto sa hae ka chelete ea moputso oa hae o tloaelehileng le “limpho” tsa bolotsana tseo a neng a li fumana. Ha a fumana tsebo ea ’nete, o ile a etsa qeto e thata ’me a khaotsa ho amohela “limpho” tsa bolotsana. Eena le mosali oa hae ba ile ba kolobetsoa ’me ka potlako ba qala ho sebeletsa boboleling ba nako e tletseng. Sepetlele moo a sebetsang, hangata o lokela ho hlobolisa litopo, ’me hangata o ile a fumana chelete e ngata ho tsona. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng o ile a fumana lire tse 150 000 (hoo e ka bang R290), ’me ka lekhetlo le leng a fumana lire tse 600 000 (hoo e ka bang R1160). Ka ho tšepahala, o ile a khutlisa chelete eo, ’me sena se ile sa mo fa monyetla oa ho bua le ba okametseng sepetlele le lingaka ka ’nete. Ba okametseng sepetlele ba ile ba mo romella mangolo a pabatso bakeng sa boitšoaro ba hae bo tšepahalang le ba boikarabelo.

Liphihlelo tsena tse tsoang Italy e mpa e le mohlala oa kamoo “tse lakatsehang” li lahlang tsamaiso ena e khopo, e befileng ’me li tla mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova o hloekileng, o nang le khotso pele a qetella ka ho sisinyetsa tsamaiso ea lipolotiki ea Satane timetsong ka Harmagedone.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela