Ho Nyarela ka Litabeng
“Ho Koeteloa ha Mesaletsa ea Lintho tsa Khale”
Tlas’a sehlooho seo, koranta ea ka mehla ea Fora Le Monde e tlalehile taba ea seithuti sa mesaletsa ea lintho tsa khale India seo “ka ho hlakileng ka lilemo tse 20 . . . se ileng sa thetsa liithuti ’moho ka tšimoloho ea mesaletsa ea lintho tsa khale tseo se ileng sa li romella ho tsona hore li e hlahlobe.” Ho boleloa hore “ho koeteloa” hona ho kopanyelletsa ho romella liithuti mesaletsa ea lintho tsa khale tse fumanoeng United States, Afrika, Czechoslovakia, le Lihleke-hlekeng tsa Brithane, ka ho bolela hore e fumanoe Lithabeng tsa Himalaya. Seithuti sena sa mahlale se phatlalalitse liphuputso tsa sona lihloohong tse fetang 300. Bolotsana bona bo ile ba pepesoa ke ramahlale oa Australia ka koranta ea mahlale ea Brithane Nature. O ile a belaela hore ‘na ke joang boitsebiso bo bongata hakaalo bo belaetsang bo lutseng bo sa fuputsoa ka nako e telele hakaana.’
Ho ea ka Le Monde, lebaka ke hore molao oa ho khutsa o bolokiloe ke litho tse ngata tsa mokhatlo oa boramahlale. Sehlooho seo se hlokometse hore “ho koeteloa” hoo “ho shanofalitse linnete tsohle tse bokelletsoeng [lilemong tse 20 tse fetileng] mabapi le sebaka sa Himalaya.”
Ka ho hlakileng, tlaleho ena e ncha ea bolotsana ba mahlale ha e nyatse lekala lohle la thuto ea mahlale. Leha ho le joalo, e boetse e fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore lipatlisiso tsa liithuti tsa mesaletsa ea lintho tsa khale ha li bapisoa le ho nepahala ha tlaleho ea Bibele li tšoana hantle le seo moapostola Pauluse a se bitsitseng ‘“tsebo” e sa lumellaneng eo e seng tsebo ho hang.’—1 Timothea 6:20, The New Jerusalem Bible.
‘Matsoho a Khanathetseng Mali’
Colombia, Amerika Boroa, baetapele ba sehlōhō ba lithethefatsi ba entse selekane le banna ba bacha ho felisa bora kapa tšabo har’a boralipolotiki le sechaba ka kakaretso. Sicario, e mong oa ba joalo, kapa ’molai ea lefuoang, o boleletse baqolotsi ba litaba ba makasine oa Spain, Tiempo hore ‘ho bolaea ka boikemisetso ho thata.’ O kokobetsa letsoalo la hae joang? O hlalositse: “Kea tseba hore o mong oa melao ea Molimo ke hore motho a se ke a bolaea, empa boemong ba ka, ke taba ea motho ea lokelang ho bolaea hore a phele. Ke bolaea ke ntse ke le seli ka seo hobane ke hloka chelete. Na ha le hlokomele hore ke sebetsa hore ke phele? . . . Pele ke bolaea motho, ke rapela Molimo le Moroetsana hore ba ntšireletse.”
Le hoja mohopolo ona o ka latoloa ke baruti ba K’hatholike, baetapele ba kereke ba ile ba lumella tlhaselo ea libetsa e le “kofutu ea ho qetela ea ho felisa bohatelli bo totobetseng ba nako e telele.” Haeba baruti ba lokafatsa pefo bakeng sa leeme la lipolotiki, na seo se lokela ho re makatsa ha Mak’hatholike a mang, joaloka sicario enoa, a lokafatsa ho bolaoa ha batho ka lebaka la leeme la moruo? Ho kotsi hakaakang ho hlokomoloha Lentsoe la Molimo!
Bosiung boo leeme le leholohali le neng le tla etsahala ka bona—leeme le neng le akareletsa ho tšoaroa, ho ahloloa, le ho bolaoa ha Jesu Kreste—Jesu ka boeena o ile a hana ho sebelisa pefo ea mofuta ofe kapa ofe. O ile a bolella Petrose: “Bohle ba nkileng sabole ba tla bolaoa ka sabole.” (Mattheu 26:52, Revised Standard Version, Khatiso ea K’hatholike) Ha e le hantle, ke joang ba sebelisang pefo ba lebelletseng hore Molimo o Matla ’Ohle o ba mamele tlas’a maemo leha e le afe ha moprofeta Esaia a ile a bolela ka ho hlakileng: “Esita leha le ka etsa lithapelo tse ngata, nke ke ka le mamela; matsoho a lōna a khanathetse mali”?—Esaia 1:15, RS, khatiso ea K’hatholike.
“Ntšetsang Cesare Tseo e Leng tsa Hae”
Bolotsana ba ho lefa lekhetho le felletseng ke bothata bo eketsehang linaheng tse ngata. Ka mohlala, Spain, koranta El Diario Vasco e tlaleha hore bareki le barekisi ba na le mokhoa oa ho pata ka boomo theko ea thepa. Le hoja moreki le morekisi ba ka ’na ba lumellana ka theko ea sebele ea thepa, ho tlalehoa feela theko e fokolang. Hang ha thekisetsano e qetiloe, lekhetho le lefuoa ho ea ka boleng ba thepa. El Diario Vasco e tlaleha ka mongoli oa sechaba ea tiisang hore litlaleho li nepahetse José María Segura Zurbano hore le hoja bahlanka bao ba sa amehe bolotsaneng bona, baa tseba hore boleng ba thepa eo ba e tlalehang ha se ’nete. Ha Zurbano a hlokomela mokhelo o le mong bolotsaneng bona o itse: “Naheng ena motho e mong le e mong le moahisani oa hae ba bua leshano kantle ho Lipaki tsa Jehova. Ha li reka [thepa] kapa li e rekisa, chelete eo li e bolelang ke ’nete.”
Lipaki tsa Jehova li tsebahala ka ’nete ea tsona le botšepehi ba tsona. Li hlokomela hore Jehova Molimo o lebelletse hore bahlanka ba hae ba bontše litšobotsi tse joalo litšebelisanong tsohle tsa tsona. Molimo o hloile “leleme le mano” le “paki e lehata, e bolelang mashano.” Tabeng ea ho lefa lekhetho, Jesu Kreste o behetse balateli ba hae ba ’nete mohlala ha a ne a re: “Ntšetsang Cesare tseo e leng tsa hae, ’me le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.”—Liproverbia 6:6-19; Mareka 12:17.