Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 3/1 maq. 26-29
  • Ho Oa ha Babylona Hoa Phatlalatsoa Japane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Oa ha Babylona Hoa Phatlalatsoa Japane
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Japane e Itokisetsa Mosebetsi
  • Tšebeletso ea Bopula-maliboho bo Thusang
  • Letsatsi le Khethehileng la Mosebetsi
  • Ho Paka Seterateng
  • Kabo ea Limakasine
  • Matla a Fetang a Tloaelehileng
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 3/1 maq. 26-29

Ho Oa ha Babylona Hoa Phatlalatsoa Japane

“OOELE, o oele, Babylona, motse o moholo, hobane o noesitse lichaba tsohle veine ea bohale ba bootsoa ba oona”! Phatlalatso eo e susumetsang ea lengeloi e ile ea utluoa ke moapostola Johanne ka lekhetlo la pele morao koana lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna. Leha ho le joalo, mehleng ea rōna, ‘letsatsing la Morena,’ e ’nile ea phetoa ke Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste hore batho bohle ba utloe.—Tšenolo 1:10; 14:8.

Babylona e Moholo ke tsamaiso ea lefatše ka bophara ea bolumeli ba bohata, boo Bokreste-’mōtoana e leng karolo ea bona e nyatsehang ka ho fetisisa. Ho pholletsa le ‘nako ea bofelo,’ likahlolo tsa Jehova khahlanong le eona li phatlalalitsoe ka sebete ke Lipaki tsa Jehova ho pota lefatše. (Daniele 12:4) Ka mohlala, litokollo tsa Molula-Qhooa tsa ’Mesa le Motšeanong selemong se fetileng li ne li e-na le lihlooho tse matla tse pepesang molato oa bolumeli ba bohata le timetso ea bona e tlang. Likopi tse fetang limillione tse 50 tsa litokollo tseo li ile tsa abjoa lefatšeng ka bophara—phatlalatso e matla ea kahlolo ea Babylona e Moholo!

Japane e Itokisetsa Mosebetsi

Mohlala oa cheseho ea Lipaki tsa Jehova bakeng sa litokollo tseo tse khethehileng o ile oa bonoa Japane, qhobosheane ea setsekana sa Babylona e Moholo sa Boshinto le Bobuddha. Japane tokollo ea Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ea Tšitoe 1988 e ile ea tsebisa liphutheho ka phutuho e khethehileng ea tšebeletso ea tšimo e reretsoeng likhoeli tsa ’Mesa le Motšeanong 1989. Mehoo ea hore ho tšehetsoe mosebetsi ona o khethehileng oa limakasine e ile ea hlahisoa litokollong tse latelang eo tsa Tšebeletso ea Rona ea ’Muso, hammoho le mangolong a eang ho liphutheho le lihlopha tsa baholo.

Karabelo e ile ea e-ba e hlollang. Ka thuso ea Jehova, nakong ea likhoeli tseo tse peli tsa selemo se fetileng, Japane e ile ea amohela bopaki ho feta leha e le neng pele.

Tšebeletso ea Bopula-maliboho bo Thusang

Phatlalatso e entsoeng ka Tšitoe 1988 e ne e akarelletsa mantsoe ana: “Re le khothalletsa ho ba le pakane ea ho thabela bopula-maliboho bo thusang ka ’Mesa le Motšeanong, haholo-holo ka ’Mesa.” Khopolo ena e ile ea phetoa tokollong ea Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ea Tlhakola 1989, e ileng ea phehella baena ho ‘fetola kemiso ea bona ea letsatsi le letsatsi e le hore basebeletsi ba inehetseng ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang ba ka ngolisa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka ’Mesa.’

Lipaki li ile tsa tebisa likhopotso tsena lipelong. Phello? Tlhoro e phahameng ho feta leha e le neng pele ea bo-pula-maliboho ba thusang. Ka Tlhakubele 1989 lenane la bo-pula-maliboho ba thusang le ne le se le fihlile tlhorong e ncha ea ba 24 115. Empa ka ’Mesa lenane leo le ne le se le batla le imenne habeli ho ea ho ba 41 055. Boiteko bo tsotehang ka sebele!

Liphuthehong tse ngata, bahoeletsi bohle kapa boholo ba bona ba ile ba kopanela karolong e itseng ea tšebeletso ea nako e tletseng nakong ea likhoeli tse peli tsa mosebetsi o khethehileng. Hangata sena se ne se hloka tlhophiso e khōlō. Mosali e mong ea sa sebetseng o ne a belaela hore na a ka khona ho kopanela, kaha o lula hoo e batlang e le limithara tse 900 holimo ka lithabeng moo litšebeletso tsa lipalangoang li fokolang. Leha ho le joalo, kannete o ne a batla ho ba pula-maliboho ea thusang. Kahoo baholo ba ile ba lokisetsa ho mo thusa ka lipalangoang, ’me eena, hammoho le bahoeletsi ba bang ka phuthehong, ba ile ba thabela khoeli ea ho bula maliboho.

Ketello-pele e ntle ea baholo e ile ea bontšoa e le mohlala Sebakeng sa Osaka, Motseng oa Takatsuki, Phuthehong ea Otsuka e nang le bahoeletsi ba 77, moo baholo le bahlanka ba sebeletsang kaofela ba neng ba le har’a ba 73 ba ileng ba kopanela mofuteng o mong o itseng oa tšebeletso ea bopula-maliboho. Bo-pula-maliboho bao ba ne ba boetse ba akarelletsa bahoeletsi bohle ba banyenyane ba kolobelitsoeng ba ntseng ba kena sekolo. Moea oa bopula-maliboho o bontšitsoeng ke Lipaki tsena tse nyenyane o ne o tšoana hantle le o bonoang liphuthehong tse ngata. Ka mohlala, har’a bacha ba 23 ba kolobelitsoeng ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba Phutheho ea Heiwadai e Sebakeng sa Tokyo, ba 11 ke bo-pula-maliboho ba ka mehla, ’me ba 11 e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang ka ’Mesa. Phuthehong eo, ka kakaretso bahoeletsi ba 93 ba ile ba bula maliboho khoeling eona eo.

Letsatsi le Khethehileng la Mosebetsi

Tokollo ea Tlhakubele ea Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ea Sejapane e ile ea khothatsa baena ka mantsoe ana: “Mosebetsi oa limakasine ha oa ka oa tšehetsoa ka Moqebelo oa bobeli le oa bone feela empa Moqebelong o mong le o mong oa khoeli. Cheseho eo baena ba e bontšang ke e babatsehang. Ka ’Mesa ho boetse ho hlophisitsoe mosebetsi oa limakasine bakeng sa Moqebelo o mong le o mong, empa ka kōpo etsang boiteko bo khethehileng ba ho behella la 8 ’Mesa ka thōko e le letsatsi la limakasine e le hore e mong le e mong a ka kopanela mosebetsing oa limakasine letsatsing leo. E le hore ho phatlalatsoe temoso ho bohle ba tla mamela, ho hlokahala hore ho abjoe litokollo tsena tse nakong ka ho pharalletseng.”—Esaia 61:2; Tšenolo 18:4, 5.

Ka Tlhakola tokollo ea Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ea Sejapane e ne e hatelletse mosebetsi ona oa bohlokoahali. E ile ea re: “Ka Moqebelo oa bobeli, la 8 ’Mesa, e mong le e mong oa Lipaki tsa Jehova Japane—tseo joale li seng li le ka holimo ho 130 000—a ke a kopanele mosebetsing oa limakasine.” Baholo ba ile ba khothalletsoa ho hlophisa mefuta e fapaneng ea mosebetsi oa limakasine o tla akaretsa letsatsi leo kaofela e le hore ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang ba ka kopanela. Ka thuso ea karabelo e ntle ea baholo le tšehetso ea pelo eohle ea bahoeletsi bohle, letsatsi leo e ile ea e-ba le atlehileng haholo. Re ka bolela hore letsatsing leo ho ile ha fihleloa sehlohlolo sa ho phatlalatsa likahlolo tsa Jehova holim’a Babylona e Moholo Japane.

Ka mohlala, Phuthehong ea Ushioda Motseng oa Yokohama, baholo ba ile ba lokisetsa tšebeletso e neng e tla tsoela pele ka lihora tse 13, ho tloha ka 7:00 hoseng ho fihlela ka 8:00 mantsiboea. Ho ne ho akarellelitsoe linako tse peli tsa ho paka seterateng, hammoho le linako tsa ho etela batho bao pele ba neng ba le sieo malapeng le ea ho paka ho tloaelehileng ka ntlo le ntlo. Bahoeletsi ba bangata ba ile ba khona ho kopanela bonyane karolong e le ’ngoe ea likarolo tse lokiselitsoeng tsa tšebeletso, ’me ba ’maloa ba ile ba kopanela ho hoo e batlang e le karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea mosebetsi e neng e lokiselitsoe.

Tšebeletso e sa khaotseng e ne e boetse e lokiselitsoe Phutheho ea Jonan, Motseng oa Fukuoka. Mono, ho ile ha etsoa litokisetso tse akaretsang lihora tsa ho tloha ka 8:00 hoseng ho fihlela ka 9:00 mantsiboea, ’me ho e-na le khefu e khutšoanyane feela motšehare. Ho ne ho akarellelitsoe nako ea ho paka ka ntlo le ntlo, ho etela tšimo ea khoebo le libaka tsa mabenkele, le ho etela moo ho neng ho sa ka ha fumanoa batho maetong a pejana. Lipaki tse ling phuthehong eo li ile tsa tlaleha lihora tse fihlang ho tse robeli tsa mosebetsi oa boboleli bakeng sa letsatsi leo!

Karabelo ea pelo eohle ea baena e ile ea bonoa Sebakeng sa Wakayama, moo bahoeletsi bohle ba 55 ba Phutheho ea Kainan ba ileng ba kopanela letsatsing le khethehileng la mosebetsi. Khaitseli e mong moo, pula-maliboho oa ka mehla, o ile a beleha ka la 7 ’Mesa. Na seo se ile sa mo thibela ho paka ka la 8 ’Mesa? Che. O ile a fana ka limakasine hona moo sepetlele! A bontša moea o tšoanang, moena e mong oa Sebakeng sa Osaka o ile a tlameha ho hlokomela litaba tsa mosebetsi oa hae oa boipheliso ka la 8 ’Mesa. Ke joang a neng a ka kopanela mosebetsing o khethehileng? O ile a fetola sebaka seo a sebetsang ho sona tšimo ea hae ’me a fumana lipeeletso tse hlano.

Khaitseli e mong Sebakeng sa Saitama o ne a laba-labela ho kopanela mosebetsing o khethehileng oa letsatsi leo, empa o ne a lokela ho tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse ka batlang e le 1 3000 ho leba Motseng oa Asahikawa le monna oa hae ea sa lumelang. Empa ha aa ka a tela. Ha a fihla Asahikawa, o ile a tsamaea le bana ba hae ba babeli ba banyenyane ho ea seteisheneng sa terene, ’me moo, ka ntle ho seteishene, o ile a fumana seo a neng a tšepile ho se fumana: letšoele la bahoeletsi ba tsoang phuthehong ea sebaka seo le ne le le tšebeletsong ea tšimo. O ile a khona ho kopanela le bona mesebetsing ea letsatsi leo.

Ho Paka Seterateng

Tokollo ea Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ea Sejapane ka ho khetheha e ile ea khothalletsa baholo ho lokisetsa ho paka seterateng ka la 8 ’Mesa, ’me ena e ile ea fetoha karolo e khōlō ea letsatsi leo le khethehileng. Ho ile ha etsahala hore ho be le pula e ngata ho akaretsa naha, empa seo ha sea ka sa tima cheseho ea baena. Ba bangata ba ile ba bontša moea o tšoanang le o bonoeng ho bo-khaitseli ba bararo ba holofetseng ba Phutheho ea Minamata, Sebakeng sa Kumamoto. Ho sa tsotellehe lilemo tsa bona—65, 80, le 85—ba ile ba tsoa har’a boemo bo bobe ba leholimo ’me ea e-ba khothatso e ntle ho phutheho kaofela; hape ba ile ba mema tlhokomelo ea batho ba bangata ba fetang ka tsela.

Ha a ntse a paka seterateng, khaitseli e mong Phuthehong ea Motse oa Kashiwa Bophirimela o ile a botsa monna e mong: “Na u kile ua utloa ka Babylona e Moholo?” Ha a ’montša litokollo tsa ’Mesa tsa limakasine, monna eo a re, “Ha ke thahaselle” eaba oa itsamaela. Leha ho le joalo, ha a fihla moo ho tšeloang seporo teng, o ne a ntse a bua a le mong a re, “Babylona e Moholo ke eng?” Moena e mong ea neng a ntse a paka seterateng haufi le moo o ile a mo utloa ’me a leba ho eena tseleng, a mo hlalosetsa hore na Babylona e Moholo ke eng. Monna eo o ile a amohela limakasine.

Ho ne ho se mohla liphutheho tse ling li kileng tsa paka seterateng. Empa ho tloha ka la 8 ’Mesa, li ho fetotse karolo ea ka mehla ea mosebetsi oa tsona. ’Me hoo ha ho makatse! Ho paka seterateng ke tsela e atlehang haholo ea ho fumana batho bao ho seng tsela e ’ngoe ea ho ba fumana. Khaitseli e mong Motseng oa Naha, Okinawa, o ile a kopanela ho pakeng seterateng ka ntle ho mohaho oa liofisi oo Lipaki tsa Jehova li sa lumelloang ho kena ho oona ka morero oa ho paka. O ile a tsamaisa limakasine tse 12 ka hora ka ho atamela ba kenang le ba tsoang mohahong oo.

Khaitseli e mong Motseng oa Muroran, Hokkaido, o ile a kopanela ho pakeng seterateng ka ntle ho mabenkele a nang le mafapha a mangata mohahong o le mong setsing sa motse. O ile a bolella monna ea ileng a amohela limakasine: “Haeba u lakatsa ho ithuta ho eketsehileng, re ka u etela lapeng ha hao.” O ile a mo fa aterese ea hae, nomoro ea fono-fono, le ’mapa o bontšang tsela e eang ha hae, le linako tseo a neng a tla ba teng lapeng ka tsona! Bekeng e latelang, eena le moena e mong ba ile ba mo etela ’me ba fumana hore o lula ntlong eo ho sa lumelloang maeto a ka mehla a bosebeletsi a Lipaki tsa Jehova ho eona. Ho tsoa ’malong oa hae oa Bibele mohlankana enoa o ile a kholiseha hore Bokreste-’mōtoana ha bo amoheloe ke Molimo. O ne a ntse a batla Bokreste ba ’nete ’me o ile a thabela ho qala thuto ea lehae ea Bibele ea ka mehla.

Mohoeletsi e mong Motseng oa Kawasaki o ile a kopanela bopaking ba seterateng motšehareng oa mantsiboea a la 8 ’Mesa. Ha nako eo a neng a e behelletse ka thōko e fela, o ile a buisana le motho a le mong oa ho qetela, mosali e mocha ea ileng a re o ne a kile a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova pele. Empa o ne a ile a thulana le khanyetso e tsoang ho batsoali ba hae ’me ka morao a ea univesithi ’me a lula mohahong oa bolulo o kopanetsoeng. Kahoo o ile a khaotsa ho ithuta. Leha ho le joalo, ka thuso ea ho paka seterateng, ka thabo o ile a qala thuto ea hae ea Bibele bocha ’me o se a ntse a e-ba teng libokeng.

Kabo ea Limakasine

Ka baka la ba bangata haholo ba tšehetsang mosebetsi o khethehileng, ho tsamaisoa ha limakasine—haholo-holo tse nang le melaetsa ea likahlolo khahlanong le Babylona e Moholo—e ile ea e-ba ho hoholo. Mohoeletsi e mong oa phutheho Sebakeng sa Osaka o ile a tsamaisa limakasine tse 205 ka ’Mesa. Motseng oa Kagoshima, Phutheho ea Bochabela, bahoeletsi ba 14 ba ile ba tsamaisa limakasine tse fetang lekholo mohoeletsi ka mong, ha sehlopha se ka thōko sa bahoeletsi ba 12 Motsaneng oa Ogawa, Sebakeng sa Ibaraki, se ile sa tsamaisa limakasine tse 1 388 ka kakaretso ka ’mesa.

Ka sebele, Japane ka kakaretso, ho ile ha tsamaisoa limakasine tse 3 293 266 ka ’Mesa selemong se fetileng—keketseho ea 92 lekholong ho feta ka ’Mesa 1988! Molaetsa oa likahlolo tsa Jehova o phatlalalitsoe ka matla a makaakang khahlanong le Babylona e Moholo!

Matla a Fetang a Tloaelehileng

Ka sebele, joaloka likarolong tse ling kaofela tsa lefatše, Lipaki tsa Jehova Japane li bile le boikutlo bo botle le cheseho nakong ea selemo ka 1989. Liphihlelo tsa tsona li ile tsa fana ka bopaki bo hlakileng ba hore Jehova o ile a hlohonolofatsa cheseho ea tsona ’me a tšehetsa boiteko ba tsona ba ho phatlalatsa likahlolo tsa hae khahlanong le bolumeli ba bohata. Ho ba bang, ho ne ho se bonolo ho kopanela; leha ho le joalo, ba ne ba ikemiselitse, ’me Jehova o ile a hlohonolofatsa cheseho ea bona. Ba bangata ba lula tšimong e sebetsoang khafetsa, empa ba ile ba bontša moea oa ho potlaka ha nako le cheseho o tšoanang le oa baena ba bona libakeng tse ling. Maemong ’ohle, mantsoe a Esaia a ile a ipaka e le ’nete: “O fa ea khathetseng matla, o atisa matla ho ea fokotseng.”—Esaia 40:29.

Ha ho pelaelo hore liphihlelo tsa bona li ile tsa ba hopotsa mantsoe a moapostola Pauluse: “Re na le letlotlo lena lijaneng tsa letsopa, hore matla a fetang a tloaelehileng e ka ba a Molimo e seng a tsoang ho rōna.” (2 Ba-Korinthe 4:7, NW) E, ha motho a beha tšebeletso ea Bokreste, “letlotlo lena,” ka pele bophelong ba hae, o latsoa ‘matla a fanoang ke Molimo a fetang a tloaelehileng.’ E se eka Jehova a ka tsoela pele ho sebelisa bahlanka ba hae Japane le linaheng tse ling kaofela ho fana ka bopaki bo phethahetseng pele bofelo bo e-tla.—Mattheu 24:14.

Selemong sena, litokollo tsa Molula-Qhooa tsa ’Mesa le Motšeanong li tla ba le letoto la lihlooho tse ka holimo tse khethehileng tse reng “Ke Mang ea Tla Isa Batho Khotsong?” “Khotso ea Lefatše—E Tla Bolela Eng ka Sebele?” “Ba Limillione ba Shoeleng Hona Joale ba Tla Phela Hape,” le “Armageddone—Neng?” Ke hobane’ng ha u sa rere ho arolelana boitsebiso boo le baahisani ba hao? Tiisa hore ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang ba hlokomelisoa ka litaba tse molemo tse hlollang tseo Molimo o li bolokileng ka Bibeleng bakeng sa mehla ea rōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela