Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 5/15 maq. 20-23
  • Bokreste ba ’Nete bo Ntlafatsa Bophelo Sweden

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokreste ba ’Nete bo Ntlafatsa Bophelo Sweden
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Tsebo ea Bibele ea Thusa!
  • Phello e Kang Leqhubu
  • Ho Paka Sekolong
  • Ho Loanela Tokoloho ea Bolumeli
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 5/15 maq. 20-23

Bokreste ba ’Nete bo Ntlafatsa Bophelo Sweden

SWEDEN e fa baahi ba eona mekhoa ea bophelo e phahameng ka ho fetisisa lefatšeng. Ho phaella ho lijo tse ngata haholo le sebaka sa bolulo, makoloi, liketsoana tsa boikhathollo, lisete tsa thelevishene, le li-computer tsa botho, baahi ba Sweden ba batla ba thabela tlhokomelo ea mahala ea bongaka, lipenchene tsa ba tsofetseng le likooa, lihlapiso tsa bana, le litšebeletso tse ling tse tšehelitsoeng ke ’muso.

Ka hona u ka ’na ua etsa qeto ea hore ha ho na motho eo ho neng ho ka etsahala hore a ntlafatse boleng ba bophelo naheng e joalo. Ho sa tsotellehe hoo, ka ntle ho menyetla eohle ea eona linthong tse bonahalang, Sweden e na le karolo ea eona mathateng: tlhalano, botahoa, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, tlōlo ea molao, le ho ipolaea. Bolumeli, boo ho ka ’nang ha lebelloa hore bo kenya tšusumetso e matla ea boitšoaro, bo se bo batla bo shoele Sweden. Baahi ba ka holimo ho karolo ea 90 lekholong ba sechaba ke litho tsa Kereke ea Naha ea Lutere, empa ke karolo ea 2,1 lekholong feela e sa ntseng e e-ea litšebeletsong tsa eona ka mehla. Moprista e mong oa qosa: “Kereke e phela nakong ea ha batho ba iphomoletse. . . . E lahlehetsoe ke matla a eona a bohlokoa ’me e ikarotse litlhokong tsa batho.”

Leha ho le joalo, ho hlōleha ha kereke ho ntlafatsa bophelo Sweden ha ho bolele ho hlōleha ha Bokreste ba ’nete ka tsela leha e le efe. Lipaki tsa Jehova tse ka bang 22 000 liphuthehong tse 331 li fumana katleho ho thuseng batho ho sebelisa melao-motheo ea Bibele molemong oa bona. Mosebetsi ona ha oa tsoela pele o sa hlokomelehe.

Tichere e ’ngoe ea bolumeli e re koranteng e ’ngoe ea litaba ea Pentekonta e pharalletseng sechabeng Dagen (Letsatsi): “Re tlameha ho rolela Lipaki tsa Jehova khaebana ka baka la cheseho ea tsona ha li tsoa ka molaetsa oa tsona!” Sehlooho seo sea phaella: “Lipaki tsa Jehova li etsa sehlopha se fumanang palo e khōlōhali ea litho tse ncha selemo se seng le se seng ’me se na le letšoele le leholohali la bacha . . . Re lokela ho ithuta ho Lipaki tsa Jehova!”

Ka sebele, ba hlileng ba ikemiselitseng ho ithuta ho Lipaki tsa Jehova ba tla hlokomela ho hong. Ke eng hona hoo? Ba tla ithuta kamoo linnete tsa Bibele li ka ntlafatsang boleng ba bophelo ba bona ka matla ka teng.

Tsebo ea Bibele ea Thusa!

Nahana ka lengolo leo ofisi ea lekala ea sebaka seo ea Mokhatlo oa Watch Tower e ileng ea le fumana le tsoa ho ’mè e mong ea mocha ea seng lenyalong. O ile a ngola tjena: “Ke batla ho hlalosa kananelo ea ka bakeng sa bophelo bo botle boo ke ’nileng ka bo phela ho tloha haesale ke qala ho ithuta le Lipaki tsa Jehova. Ke na le lehae le lokolohileng mosing oa koae. Ke ananetse tlhokahalo ea hore ke qete nako e ngata ke e-na le morali oa ka. Boemo ba ka licheleteng bo ntlafetse, le hoja ke ntse ke fumana moputso o tšoanang. Ke na le mathata a fokolang a ntšitisang ho robala. Hape ke na le metsoalle ea ’nete eo nka e thabelang. E, ke ne nke ke ka tlohela bophelo ba ka ba hona joale bakeng sa boo ke neng ke e-na le bona pele.”

Mohlala o mong ke o amanang le taba ea tlhalano—e tloaelehileng haholo Sweden. Leha ho le joalo, Bibele e ile ea thusa banyalani ba bang ba babeli ba bitsoang Arne le Ketie. Ba ne ba nyalane ka lilemo tse 13 ’me ba e-na le bana ba babeli ha liphapang tsa botho li ba etsa hore ba batle ho hlalana. Ba ne ba hloeane.

Arne, ea ileng a fallela hōle ho ea itulela a le mong, o ile a teana le Lipaki tsa Jehova ’me a qala ho ithuta Bibele. O ile a nyakalla haholo ka seo a neng a ithutile sona hoo ka letsatsi le leng a ileng a mathela ho Ketie ’me a leka ho mo qobella hore eena le bana ba ithute! Eitse ha a hana, o ile a mo lahlela leboteng eaba o re: “Ua ithuta, kapa ho seng joalo ke tla u bolaea!” Ketie o ile a bitsa Lipaki tsa Jehova ’me a ipelaetsa, a re: “Jehova eo ke Molimo oa mofuta ofe o sehlōhō hakaale?”

Ka mamello Ketie o ile a bolelloa hore Jehova ke Molimo o lerato o sa qobelleng mang kapa mang. O ile a ba le thahasello ’me a batla ho ithuta ho eketsehileng. Ha Arne a ntse a fumana tsebo e eketsehileng ea melao-motheo ea bomolimo, o ile a kokobela ’me a khutlela lipuisanong le Ketie. Ba ne ba bonana ka mehla libokeng Holong ea ’Muso. Phello ea e-ba efe? Ka mor’a hore ka bobeli ba bona ba fetohe Lipaki tse kolobelitsoeng, ba ile ba nyalana hape! Ba se ba nyalane ka lilemo tse robeli, ’me Arne o sebeletsa e le moholo oa phutheho. Ba re: “Ha ho mohla lenyalo la rōna le kileng la e-ba molemonyana ho feta hona joale. Re na le ho hongata hoo re lokelang ho leboha Jehova ka hona.”

Linnete tsa Bibele li boetse li thusa batho ba bacha ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba bona. Mohlankana e mong ea bitsoang David o hopola tjena: “Batsoali ba ka ba ne ba hlalane, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e bonahala e na le phoso bophelong ba ka. Ke ne ke sa tsotelle ntho efe kapa efe. Hangata ke ne ke tlōlisa matsatsi a ho ea sekolong ’me ke ne ke sa etse mosebetsi leha e le ofe oo ke o fuoeng sekolong nakong ea lilemo tse tharo tse fetileng. Ka linako tse ling ke ne ke fumana bophelo bo bile bo se na morero. Ke ne ke tena marikhoe a tabohileng ’me ke ne ke roala lieta tsa khale. Moriri oa ka o ne o khutla mahetleng. Ke ile ka leka mekhoa e fapaneng ea ho phela, joaloka ho ba sebapali sa ’mino o bonolo le o hlaha oa rock. Ke ile ka tsuba le ho noa ’me ka ameha tlōlong ea molao.

“Ka 1986 e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a nketela. Ke ile ka inahana: ‘Ke mofuta o mong oa malumeli a mona a sa tšepahaleng. E re ke ’motse lipotso tse ling tse itseng tseo a ke keng a khona ho li arabela.’ Ho makaleng ha ka, o ile a fela a li arabela. Ke ile ka ea ho e ’ngoe ea lithuto tsa hae tsa Bibele ’me ka fumana hore o ne a e-na le karabelo e utloahalang hoo e ka bang nthong e ’ngoe le e ’ngoe—hoo ho neng ho se na phoso ’neteng. Ke ile ka ba teng kopanong e ’ngoe ’me ke ne ke maketse ke ho bona batho bao ba hloekileng le ba nang le botsoalle. Ke ile ka qala ho ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova ’me ka makatsoa ke ha batho ba bangata hakaalo ba tla ho ’na ba tlil’o ntšoara ka matsoho. Ho na le bonngoe bo bokaakang har’a batho bana!”

Selemo le halofo hamorao, David o ile a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Beng ka eena, metsoalle ea hae ea pele, matichere, le ba bang ba ne ba sitoa ho lumela hore mohlankana enoa ea apereng ka makhethe le ea itlhophileng hantle e ne e le David eo ba neng ba mo tseba pejana.

Phello e Kang Leqhubu

Ho bolela ka ntlo le ntlo Sweden ka linako tse ling e ka ba ho nyahamisang. Lesweden le sireletsa boinoosi ba lona ka cheseho. Ha tšepe ea monyako e lla, le ka ’na la hloelisa ka lesobana la monyako, ’me menyako e mengata e lula e koalletsoe Lipaki tsa Jehova. Empa ha li nyahame. Lipaki lia tseba hore mangeloi a ka hlokomela hore na batho ka bomong ba lipelo li sekametseng ho lokeng ba hokae. (Tšenolo 14:6; bapisa le Mattheu 13:41.) Hang ha ’nete e kena bophelong ba motho ea joalo, e atisa ho hasana—joaloka maqhubu metsing—ho beng ka motho le ho metsoalle.

Mosali e mong Stockholm o hopola a lutse tafoleng ea hae ka kicheneng a lla ka baka la matšoenyeho a bophelo ba hae. O itse: “Ke ne ke nyahame. Ka tšohanyetso, ke ile ka qala ho rapela: ‘Molimo, ke batla ho bua le uena ka bophelo.’ Tšepe ea monyako e ile ea lla. Ke ile ka hloelisa ka lesobana la monyako, ka bona monna e mong ea neng a apere hantle, ka hona ke ile ka bula monyako. O ile a re o ne a batla ho arolelana le ’na likhopolo tse ling tse khothatsang tse tsoang ka Lentsoeng la Molimo. E ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka ’motsa hore na o ne a ile a etela batho ba bang mokatong oo ke neng ke le ho oona. O ile a re: ‘Che, ke ne ke le tseleng ke khutlela hae ke tsoa thutong ea Bibele ha ke rera ho etela batho ba bang ba itseng. Ho ile ha etsahala hore ke qale mona.’ Ke ne ke hlolletsoe hobane ke ne ke lula mekatong e ’maloa ka holimo. Ke ile ka rata seo a ileng a mpontša sona.”

Kapele mosali enoa o ile a qalisa ho ithuta Bibele. Ka mafolo-folo, o ile a qala ho arolelana seo a neng a ithutile sona le beng ka eena le metsoalle. O ile a aba Libibele tse 28 le libuka tse 96. Phello ea e-ba efe? Monna oa hae, banab’abo ba babeli, bachana ba hae, monn’a ngoan’abo, ntat’ae le ’m’ae, mora oa monna oa hae oa lenyalong la pele, motho e mong ea sebetsang le eena, le mosebetsi-’moho le monna oa hae le mosali oa hae kapele ba ne ba se ba ithuta Bibele ’me ba itokisetsa ho kolobetsoa. Ho tla fihlela joale, batho ba 13 ba bile le monyetla oa ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba bona ka baka la leeto le le leng la e mong oa Lipaki tsa Jehova monyakong o mong. Mosali enoa o re: “Ho ipapisa le thato ea Jehova ho re etselitse molemo o moholo bophelong ba rōna hoo re lokelang ho mo leboha re khumame ka mangole letsatsi le leng le le leng!”

Ho Paka Sekolong

Ho na le mathata a mangata a taeo likolong tse ngata Sweden. Empa Lipaki tse nyenyane li ipaka ho ba tšusumetso e matla ka ho arolelana linnete tsa Bibele le matichere le barutuoa ’moho le tsona. Ka mohlala, Jorgen e mocha o ile a bolella matichere a hae le barutuoa ’moho le eena hore e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ile a hlomphuoa ka baka la sebete sa hae le boitšoaro bo botle. Ka mehla Jorgen o ne a arabela esita le lipotso tse phephetsang ka bonolo ’me a ba supisa ka Bibeleng. Hona ho ile ha khahla barutuoa ’moho le eena ka ho teba. Jorgen oa tlaleha:

“Selemo ka mor’a hore ke qete sekolong, ke ile ka teana le Peter, eo e neng e le morutuoa ’moho le ’na pele. Ka mor’a lipuisano tse itseng, ke ile ka qalisa ho mo khannela thuto ea Bibele. Kaha ’mè oa hae o ne a hanyetsa, re ne re ithutela lebōpong la leoatle. Peter o ile a kolobetsoa ka March 1988. ’Mè oa hae o ile a hlokomela hore mora oa hae o ne a fetohile a se a le molemonyana, ka hona le eena o ile a qalisa ho ithuta. Ka mor’a nako e itseng, o ile a kolobetsoa.

“E mong eo e neng e le morutuoa ’moho le ’na pele, Torbjorn, o ile a qalisa ho ithuta Bibele. Le ’m’ae o ile a etsa ho tšoanang. Hona joale le bona ba kolobelitsoe.” Ka kakaretso, barutuoa ’moho le Jorgen ba bane ba ile ba qalisa ho ithuta Bibele, ’me oa bohlano o bontšitse thahasello. Jorgen oa qetella: “Ke tšepa hore phihlelo ena e tla khothatsa Lipaki tse nyenyane tse leng sekolong hore li se ke tsa ikhula. Boitšoaro ba tsona ba Bokreste le boemo bo tiileng bakeng sa ’nete bo ka ’na ba jala lipeō tseo hamorao li ka behang litholoana tse ntle.”

Ho Loanela Tokoloho ea Bolumeli

Lipaki tsa Jehova li boetse li phethile karolo e ka sehloohong hore li thee tokoloho ea motheo ea bolumeli Sweden. Hona ho tliselitse motho e mong le e mong molemo.

Ka mohlala, joaloka linaheng tse ling tsohle, Lipaki tsa Jehova Sweden li entse qeto ea hore ka bomong li boloke boemo ba ho se nke lehlakore ha Bokreste. (Johanne 17:16) Ka baka leo, ba bangata ba ile ba ahloleloa ho hlola chankaneng nako e telele. Empa ka 1966 ho ile ha etsoa tlhaselo bakeng sa tokoloho ea bolumeli ha ba boholong ba etsa qeto ea hore nakong ea ha ho ntse ho etsoa lipatlisiso tse khethehileng, Lipaki li ne li ke ke tsa bitsetsoa tšebeletso ea sesole. (Esaia 2:2-4) Ho lumella ha Sweden bolumeli ho sebelelitse e le mohlala ho mebuso e meng.

Taba e ’ngoe e ne e amana le litokelo tsa bakuli. Lipaki tsa Jehova li nka taelo ea Bibele ka ho teba ea ho ‘tela mali’ ka hona li hana litšelo tsa mali. (Liketso 15:28, 29) Le hoja e se lingaka tsohle le basebetsi ba bongaka bohle ba hlomphileng boemo bona ba Mangolo, koranta e ’ngoe ea bongaka e tummeng ka ho fetisisa Sweden e sa tsoa phatlalatsa tjena sehloohong se seng sa litaba: “Ho Hana Litšelo tsa Mali ho Lokela ho Hlomphuoa Haeba Mokuli a Hlokometse Liphello tsa hoo.”

Mantsoe ana a ne a etelletse pele tlaleho ea seboka se seng sa Boto ea Sechaba ea Bophelo le Boiketlo le Sehlopha sa Baemeli sa Melao ea Bongaka sa Mokhatlo oa Sweden oa Meriana. Ka mor’a ho buisana ka boemo ba Lipaki tsa Jehova, batho bana ba boholong ba ile ba etsa qeto ea ho khothalletsa lingaka tsohle hore li lumele haeba mokuli ea ikemetseng ka molao—ho tloha ka lilemo tse 15 ho ea holimo—a hana ho amohela tšelo ea mali. Ba ile ba hlokomela hore hona joale ho na le thibelo e kholoanyane ea ho fana ka litšelo tsa mali kahobane ho na le kotsi ea ho fetisa mafu. Leha ho le joalo, habohlokoahali, qeto ea bona e bontšang kutloisiso e tšehetsa tokelo ea motheo ea mokuli leha e le ofe ea ho hana phekolo ea mofuta o itseng ea bongaka ka ho khetheha.

Ka sebele, boholo ba baahi ba Sweden ba hlile ba thabela bophelo bo molemo linthong tse bonahalang. Empa ba bangata ba hloka ho ahoa boitšoarong le moeeng. Ntle ho pelaelo, Bakreste ba ’nete naheng eo ba thusa ho ntlafatsa bophelo ba bohle ba ikemiselitseng ho ithuta le ho sebelisa Lentsoe la Molimo. Batho ka bomong ba joalo ba arabelang ba boetse ba thabela tebello ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo le tlang.—Johanne 17:3; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4.

[’Mapa o leqepheng la 22]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

NORWAY

SWEDEN

FINLAND

U.S.S.R

DENMARK

WEST GERMANY

EAST GERMANY

POLAND

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela