“Ka Mor’a Moo o Ile a Boela a fa Monna oa Hae Tse Ling”
NA ADAMA o ne a le teng ha noha e bua le Eva ’me e mo thetsa hore a fetohele Molimo? Bibele ha e bontše joalo. Genese 3:6 (NW) e tlaleha hore Eva “o ile a qala ho khōla tholoana ea sona ’me a e ja. Ka mor’a moo o ile a boela a fa monna oa hae tse ling ha a e-na le eena.” Leha ho le joalo, liphetolelo tse ling tsa Bibele li fana ka maikutlo a fapaneng. Bibele ea Sesotho e fetolela temana eo tjena: “A nka litholoana tsa sona, a li ja, ’me a nea monna oa hae ea neng a na le eena, ’me le eena a ja.”
Leetsi la Seheberu le fetoletsoeng e le “fa” le ka bonakong bo sekheqe ’me le amahanngoa le mofuta o mong o khethehileng oa sehokelo “’me” [waw, ka Seheberu], ka hona le bontša ho latellana ha nako kapa tlhahlamano e utloahalang. Ka hona, New World Translation ha e fetolela libaka tse ’maloa tseo waw e hlahang ho tsona, tse hokahanyang letoto la liketsahalo ho Genese 3:6, ha e li fetolele feela ka “’me” empa hape e li fetolela ka mantsoe a mang a tšelang, joaloka “ka baka leo,” “kahoo,” le “ka mor’a moo.” Ka hona New World Translation e na le motheo o tiileng oa phetolelo eo e ka holimo.
Na Adama a ka be a ile a shebella puisano e pakeng tsa mosali oa hae le noha a sa e thibele, a mametse mashano le puo ea ketselletso ea lerabele le sa bonahaleng le neng le le ka mor’a noha eo? Ka ho thahasellisang, seithuti sa Bibele sa Lejeremane J. P. Lange se hana khopolo ena ’me sea hlalosa: “Boteng ba monna nakong ea moleko, esita le ho khutsa ha hae, ho batla ho le thata hore ho ka nahanoa ka bona.” ’Me ha a hlalosa poleloana “e-na le eena,” mohlalosi oa Mojode B. Jacob o bolela hore ha e “[bolele] ea neng a eme le eena (nakong ea ketso e fetileng kapa ha a ntse a ja).”
Puisano ea Eva le noha e ile ea senola hore monna oa hae o ne a mo tsebisitse ka taelo ea Molimo ea hore ho se ke ha jeoa litholoana tsa sefate seo. (Genese 3:3) Ka hona Adama o ne a phethahalitse boikarabelo boo joaloka hlooho ea Eva. Diabolose o ile a iphapanyetsa tokisetso ea Molimo ea bohlooho ’me ka bohlale a nka monyetla ka ’nete ea hore Eva o ne a le mong. Hamorao o ile a arabela: “Noha e nthetsitse, ’me ke jele.” (Genese 3:13) Eva o thetsitsoe hobane o ile a lumela leshano, empa sena ha sea ka sa lokafatsa sebe sa hae. Mohlala ona o fanang ka temoso o bontša hore ha ho mohla re ka bang le phephi ea ho etsa ntho e phoso mahlong a Jehova.—1 Timothea 2:14.