Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 6/15 leq. 30
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ho Boleloa Evangeli?
  • Ho Sebelisa Botona le Botšehali Hampe
  • Ke Mang eo e Leng Mokreste ea “Molemonyana”?
  • Na Maluthere a Jeremane ke Moloko o Kotsing ea ho Fela?
    Tsoha!—1987
  • Litebello Tsa Kamoso bakeng sa Boprotestante—Le Uena!
    Tsoha!—1987
  • Karolo 22—1900 ho ea pele—Bolumeli ba Bohata Boa Kotula!
    Tsoha!—1989
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 6/15 leq. 30

Ho Nyarela ka Litabeng

Ke Hobane’ng ha ho Boleloa Evangeli?

Khaello ea ho boleloa ha evangeli ka lehlakoreng la batho ba tsamaeang kereke e ’nile ea boleloa ke baeta-pele ba bang e le e amanang le ho qepha ha lenane la litho tsa kereke har’a malumeli a sehlooho. Ka 1988 ho ameha ka bothata bona ho ile ha susumelletsa Kereke e Kopaneng ea Kreste ho amohela “ho boleloa ha evangeli le khōlo ea lenane la litho” e le taba e ka sehloohong ka lilemo tse ’nè. St. Petersburg Times e tlaleha hore lihlopha tse ling tsa bolumeli tse ka sehloohong U.S.A., ho kopanyelletsa Kereke ea Presbiteri le Kereke ea Episcopal, li entse se tšoanang. Leha ho le joalo, tlhahlobo ea moraonyana tjena ea liphutheho tse fetang 200 tsa U.S. tsa Kereke e Kopaneng ea Kreste e senotse hore ba bangata ho litho tsa eona tse limillione tse 1,6 ba bontša thahasello e fokolang ho buisaneng le ba bang ka tumelo ea bona. Setho se seng se ile sa botsa: “Ke hobane’ng ha re tlameha ho buisana le ba bang haeba re etsa ho hotle?” Se seng se itse: “Haeba u phela ka tumelo ea hao, ha ua tlameha ho bua ka eona.”

Empa, bukeng ea hae American Mainline Religion, mongoli ’moho Wade Clark Roof o ile a lumela hore “kamoo batho ba buang ka bolumeli le bophelo ba bona ba bomoea kateng ho amana ka ho felletseng le ho pholoha ha tumelo ka boeona.”

Haeba ho “etsa ho hotle” le ho ba le “tumelo” ho lekane ho khahlisa Molimo, ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ile a ngola: “Ho malimabe ’na ha ke sa bolele Evangeli!”? O ile a hlalosetsa balumeli ’moho le eena Roma: “Ekare ha u bolela ka molomo oa hao hobane Jesu ke Morena, ’me u lumela pelong ea hao hobane Molimo o mo tsositse bafung, u tla bolokeha. Hobane motho o lumela ka pelo, hore a beoe ea lokileng, ’me o bolela ka molomo, hore a bolokehe.”—1 Ba-Korinthe 9:16; Ba-Roma 10:9, 10.

Ho Sebelisa Botona le Botšehali Hampe

Moprofesa Mamoru Fukutomi o boletse hore ho fetang halofo ea lipale tse qabolang tse 1 100 tse hlahang likhatisong tse fapaneng tsa Japane, tse kopanyelletsang tsa bana, li ne li bontša likamano tsa botona le botšehali. O ile a etella pele tlhahlobo ea limakasine tse fetang 390 le likhatiso tse ling tse rekiloeng khoeling e le ’ngoe Tokyo. Moprofesa Fukutomi o re: “Boholo ba litšoantšo tsa likamano tsa botona le botšehali, bo latela mehlala ea banna ba qobellang basali ba leqe [likamano tsa botona le botšehali] ’me qetellong basali bana ba arabela ka mafolo-folo.” The Daily Yomiuri e tlaleha hore hoo e batlang e le karolo ea 80 lekholong ea litšoantšo tse 6 861 tse limakasineng tse tloaelehileng tsa Majapane tse ileng tsa hlahlojoa “li ne li hlahisitse basali ka mokhoa o tsosang litakatso tsa botona le botšehali.” Le hoja boholo ba basali ba litšoantšong tseo bo “ne bo apere liaparo tsa ka hare, liaparo tsa ho tola kapa bo le feela” ’me e le feela karolo ea 40 lekholong e neng e apere, karolo ea 75 lekholong ea banna litšoantšong tse ileng tsa hlahlojoa e ne e apere.

Tšebeliso e mpe joalo ea botona le botšehali e tla ama bana joang? Buka ea Bibele Liproverbia ka ho hlaka e hlalosa mohlankana “ea hlokang kutloisiso” ea hoheloang ke ntlo ea letekatse. Eaba letekatse leo le etsa joang? “Joale o ka ntle, joale o mabaleng, ’me o lalla pel’a huku e ’ngoe le e ’ngoe. ’Me o mo tšoere.” (Liproverbia 7:7-13, Reference Bible botlaaseng ba leqephe) Mehleng ea kajeno esita le lingoliloeng ‘li lalletse ho tšoara’ bacha. Leha ho le joalo, Bibele ea eletsa: “Pelo ea hao e se ke ea khelohela tseleng ea eo, u se ke ua lahleha ’mileng oa hae.”—Liproverbia 7:25.

Ke Mang eo e Leng Mokreste ea “Molemonyana”?

“Ho sa tsotellehe qeto eo Mokreste a e etsang, hore na ke ho ba lesole kapa ho ba ea hanang ho ba lesole ka baka la letsoalo la hae, e ne e tla ba ho fosahetseng ho eena ho ipolela hore eena o boemong bo phahameng haholoanyane ba Bokreste ho feta e mong, kapa esita le ho belaella hore e mong ke Mokreste, ka baka la ho tšehetsa boemo bo fapaneng le ba hae.”

Polelo ena e ile ea hlahisoa ke Lekhotla la Kereke ea Evangeli ea Lutere Jeremane ka Phupu 1989. Hobane’ng? Baeta-pele ba ile ba bolela hore e ne e le ho hanyetsa boemo bo nkiloeng ke ba bang ka kerekeng ba hore ho hana bosole ka lebaka la letsoalo ke “pontšo e hlakileng” haholoanyane ea ho ba Mokreste ho feta tšebeletso ea sesole. Ha le lumela hore Bakreste ba ka felisa ntoa ka ho “qoba pefo ka bobona,” Lekhotla la Kereke le ile la pheha khang ea hore sena se ne se ka boela sa etsoa ka ho loantša pefo ka matla a sesole e le hore ho tiisoe hore khotso e ba teng.

Bukeng ea hae History of Christianity, Edward Gibbon o ngotse hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo “ba ile ba hana ho nka karolo leha e le efe ka mafolo-folo tsamaisong ea baahi kapa tšireletsong ea sesole ea ’muso,” le hore “ho ne ho ke ke ha etsahala hore Bakreste, ka ntle le ho lahla mosebetsi o halalelang haholoanyane, ba nke tšobotsi ea masole, ea bo-mmaseterata, kapa mahosana.”

Ka baka leo, potso hase hore na Mokreste ea “molemonyana” ke mang, empa ke hore na motho ea phehellang tsela e fapaneng le ea Bokreste ba pele ka sebele ke Mokreste na. Pauluse o ngotse: “Leha re tsamaea re le nameng, ha re loane ka nama; hobane libetsa tsa ntoa ea rōna hase tsa nama.”—2 Ba-Korinthe 10:3, 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela