Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 8/1 maq. 4-7
  • Bahlanka ba Bacha Linakong Tsa Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bahlanka ba Bacha Linakong Tsa Bibele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moshe le ba Bang ba Ileng ba Tšepahala Bocheng
  • Davida, Josiase, le Jeremia
  • Daniele, Jesu, le Timothea
  • U Batla Bokamoso ba Mofuta Ofe?
  • Bacha ba Thabileng Tšebeletsong ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Tseba Litsela Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • U Tseba Jehova Hantle Hakae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ho Sebeletsa Molimo “Karolong e Qetellang ea Matsatsi”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 8/1 maq. 4-7

Bahlanka ba Bacha Linakong Tsa Bibele

BIBELE e bolela ka bacha ba bangata ba batle ba ileng ba nka tšebeletso ea bona ho Molimo ka ho teba ’me ba hlohonolofatsoa ka ho enneng ka baka la ho etsa joalo. E bang re bacha kapa re hōlile ’me re tabile, mehlala ena e metle ea Bibele e ka fana ka khothatso e khōlō.

Josefa o ne a le lilemo tse 17 feela ha a ne a rekisoa e le lekhoba Egepeta. Mono, a le hōle le lelapa labo le moo a neng a sa bonoe ke bao ba neng ba mo tseba, Josefa o ile a paka botšepehi ba hae. Ha mosali oa Potifaro a ne a leka ho qeka Josefa, o ile a re: “Nka etsa joang bobe bo boholo hakalo, ka siteloa Molimo na?” Esita le ka pel’a Faro ea matla, morena ea neng a le matla haholo mehleng ea hae, Josefa o ile a nka monyetla oa ho fa Molimo thoriso bakeng sa liphuthullo tsa litoro tsa Faro. O ile a hlohonolofatsoa ka ho enneng. Molimo o ile oa mo sebelisa ho pholosa Baegepeta le lelapa labo lefung la tlala le ho tlisa ntat’ae, Jakobo, le ba ntlo ea hae Egepeta.—Genese 37:2; 39:7-9; 41:15, 16, 32.

Moshe le ba Bang ba Ileng ba Tšepahala Bocheng

Morali oa Faro o ile a nka Moshe joaloka ngoana eo e leng oa hae, empa ’mè oa Moshe le ntat’ae ba ile ba khona ho mo ruta ka Molimo oa ’nete. Bibele e re bolella hore Moshe ha a se a hōlile, “o hanne ho bitsoa mora oa morali oa Faro, a mpa a ikhethela ho tšoenngoa le sechaba sa Molimo, e seng ho thabela menate ea libe e felang kapele.” Molimo o ile oa sebelisa Moshe ho ntša batho ba oona Egepeta, ho amohela Molao Sinai, le ho ngola karolo e khōlō ea Bibele. Ho sa tsotellehe lilemo tsa hao, na u hōlisa boikemisetso ba ho sebeletsa Molimo joalokaha ho entse Moshe?—Ba-Heberu 11:23-29; Exoda 2:1-10.

Mangolo a re bolella ka “bana” ba ileng ba mamela hammoho le sechaba kaofela ha Molao oa Molimo o ne o balloa Iseraele. (Deuteronoma 31:10-13) “Bohle ba ka bang le kelello ea ho utloisisa” ba ile ba ema “e sa le ka meso, ea ba ea e-ba motšehare” hore ba tle ba utloe Molao mehleng ea Nehemia. (Nehemia 8:1-8) Esita le haeba ba banyenyane ba ne ba sa utloisise ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ba ne ba tla utloisisa hore ba ne ba lokela ho rata Jehova Molimo, ho mo rapela, le ho mo mamela. Ho sa tsotellehe lilemo tsa hao, na u ile ua mamela likopanong tse khōlō le ho tse nyenyane moo ho neng ho buuoa ka Lentsoe la Molimo? Na u se u ithutile bohlokoa ba ho mo utloa, joalokaha ho entse Baiseraele bao ba bacha?

Davida, Josiase, le Jeremia

Molimo o ile oa khetha Davida, oa ho fela ho bashanyana ba robeli, bakeng sa tšebeletso e khethehileng ’me o ile oa re ka eena: “Ke fumane Davida mora Jese, monna ea pelong ea ka, ea tla etsa hoo ke ho ratang hohle.” Molimo o ile oa mo khetha hore e be “molisa” oa batho ba oona, ’me Davida o ile a etsa tšebeletso eo, ha a ntse a paka lerato la hae ho Jehova ka lilemo tse ngata. O ile a ngola Lipesaleme tse fetang tse 70 ’me e bile moholo-holo oa Jesu Kreste. E bang u mocha kapa u hōlile, na u ananela litsela tsa Molimo, hona na u etsa lintho tseo o li batlang, joalokaha ho entse Davida?—Liketso 13:22; Pesaleme ea 78:70, 71; 1 Samuele 16:10, 11; Luka 3:23, 31.

Josiase e bile morena ha a ne a le lilemo tse robeli feela. Ha a batlile a ba le lilemo tse 15, “a sa ntsane a le mocha, a qala ho batla Molimo oa Davida ntat’ae.” Pele a e-ba le lilemo tse 20, Josiase o ile a qala letšolo khahlanong le borapeli ba bohata. Hamorao, o ile a etsa hore tempele e lokisoe ’me o ile a tsosolosa borapeli bo hloekileng naheng. Rea bala: “Ka litšiu tsohle tsa ho phela ha hae, ha ba ka ba kheloha tšebeletso ea Jehova, Molimo oa bo-ntat’a bona.” Hase e mong le e mong oa rōna eo e ka bang morena joaloka Josiase, empa re ka sebeletsa Molimo ’me ra ema re tiile khahlanong le borapeli ba bohata, ho sa tsotellehe lilemo tsa rōna.—2 Likronike 34:3, 8, 33.

Molimo o matla ’ohle o ile oa bolella Jeremia: “Ke u tsebile ke e-so ho u bōpe mpeng ea ’m’ao; u e-so ho tsoe popelong, ke u khethile, ’me ke u beile moprofeta oa lichaba.” Jeremia o ile a belaela hore o ne a le monyenyane haholo hore e ne e ka ba moprofeta: “Oho Morena Jehova, bona, ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngoana.” Jehova o ile a fetola: “U se ke ua re: Ke sa le ngoana, u mpe u ee ho bohle bao ke tla u romela ho bona, u bolele tsohle tseo ke tla u laela tsona.” Ka lilemo tse fetang 40 Jeremia o ile a fela a etsa joalo, ’me esita leha a ne a batla ho tela, o ne a sitoa ho khaotsa. Lentsoe la Molimo e ne e le “ho kang mollo o kentsoeng masapong [a hae].” O ne a tlamehile feela hore a bue! Ho sa tsotellehe lilemo tsa hao, na u hōlisa mofuta oa tumelo eo Jeremia a neng a e-na le eona, u hatela pele tšebeletsong ea Molimo ka tsela eo a neng a etsa ka eona?—Jeremia 1:4-8; 20:9.

Daniele, Jesu, le Timothea

Na ha u e-s’o utloe ka Daniele? E ka ’na eaba o ne a le ka tlaase haholo ho lilemo tse 20 ha a ne a nkelloa ’moho le “bana” ba bang joaloka batlamuoa lekhotleng la Nebukadnezare ea matla, morena oa Babylona. Ho sa tsotellehe bocha ba Daniele, o ne a ikemiselitse ho utloa Molimo. Daniele le metsoalle ea hae ba ile ba hana ho itšilafatsa ka lijo tseo e ka ’nang eaba li ne li tlōtse Molao oa Molimo kapa eaba li ne li silafalitsoe ke mekete ea bohetene. Ka lilemo tse fetang tse 80, Daniele le ka mohla ha a ka a thekesela, a bolokile botšepehi ba hae ho isa ntlheng ea hore a hane ho khaotsa ho rapela Molimo, esita leha sena se ne se tla fella ka hore a lahleloe ka har’a litau. Na u nka hore tšebeletso ea hao ho Molimo le lithapelo tsa hao li tebile hakaalo? U tlamehile.—Daniele 1:3, 4, 8; 6:10, 16, 22.

Jesu ha a le lilemo tse 12, o ile a fumanoa a lutse ka har’a baruti ba bolumeli tempeleng e Jerusalema, “a ba mamela, a ba botsa. Bohle ba mo utloang [Jesu e monyenyane] ba ne ba tsota hlalefo ea hae le likarabo tsa hae.” Na puisano ea Mangolo e neng e entsoe ke banna ba hōlileng ka tempeleng e ne e ka be e ile ea u thahasellisa joalokaha e entse ho Jesu? Na ba bang ba ne ba ka be ba ile ba makatsoa ke kutloisiso ea hao le ke likarabelo tsa hao? Kajeno, Lipaki tse nyenyane tse ngata tse ithutang, tse mamelang ka hloko, le ho nka karolo libokeng tsa Bokreste li na le tsebo ea Mangolo e makatsang ba hōlileng.—Luka 2:42, 46, 47.

Na u tšoana le Timothea, eo ha e sa le ngoana a ileng a rutoa “mangolo a halalelang”? Ha e sa le mohlankana, Timothea “o ne a rorisoa ke baena” bonyane liphuthehong tse peli. Moapostola Pauluse o ile a khetha Timothea hore a tsamaee le eena, e seng feela hore motho e be ea nkang lithōtō, empa e le hore a tle a thuse Pauluse ho ruta ba bang. Na u ne u ka khetheloa litokelo tse joalo? Na mosebetsi oa hao oa “rorisoa,” e seng feela phuthehong ea heno empa le ho tse ling?—2 Timothea 3:15; Liketso 16:1-4.

U Batla Bokamoso ba Mofuta Ofe?

Na ho ka etsahala hore bacha kajeno e be ba tšepahalang joaloka Josefa, Moshe, Davida, le ba bang? E, ho joalo. Ke ’nete, bacha ba bangata ba thahasella feela hore ba be le nako e monate. Empa ba bang ba sebelisa bocha ba bona ka tsela e bohlale, hore ba tsebe Molimo le seo o ratang hore ba se etse. Sena se phethahatsa boprofeta ba Bibele: “Sechaba sa hao e tla ba se mafolo-folo ka letsatsi la ho futuha ha hao . . . Ba bacha ba hao ba ea tsoa pel’a hao joaloka phoka e tsoang popelong ea mafube.”—Pesaleme ea 110:3.

Bacha ba joalo ba batle ba bontša bohlale bo ka holimo ho lilemo tsa bona, kaha Molimo o ka ba thusa ho atlehisa bophelo ba bona ba hona joale esita le ho ba fa bokamoso bo khanyang lefatšeng le lecha le tlang. (1 Timothea 4:8) Leha ho le joalo, ke joang, mocha oa mehleng ee a ka hōlisang tumelo joaloka bacha bao ba boletsoeng ka Bibeleng? Haeba u ka rata ho tseba, re u mema hore u bale sehlooho “Bacha ba Thabileng Tšebeletsong ea Jehova,” se qalang leqepheng la 10 la makasine ona.

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Moshe e mocha ha a ka a thetsoa ke maruo a Egepeta

Davida e mocha o ne a khahleha pelong ea Jehova

[Litšoantšo tse leqepheng la 6]

Le hoja Jeremia a ile a ikutloa hore e ne e “sa le ngoana,” ka sebete o ile a bolela molaetsa o sa rateheng

Ha Jesu a le lilemo tse 12, o ile a makatsa baholo ba hae ka kutloisiso ea hae ea Lentsoe la Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Iseraeleng esita le ba banyenyane ba ile ba mamela ha ho ne ho baloa Molao oa Molimo. Na le uena u etsa joalo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela