Ho Mamella ka Thabo Bochabela bo Hare
Tlaleho ena e susumetsang maikutlo e hlaha ho Lipaki tsa Jehova Lebanone
SELEMO sa rōna sa tšebeletso sa 1990 se ile sa qala ka litlhaselo tse mabifi tsa ho betsoa ha likharanate Beirut. Ka mor’a moo ho ile ha e-ba le ho khutsa ho ileng ha tšoarella ho tloha bofelong ba September 1989 ho fihlela ka January 1990.
Likhoeling tseo ho ile ha tlalehoa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 2 659 (ka November), ha ba bapisoa le ba 2 467 ba bileng teng selemong sa tšebeletso sa 1989. Ho ile ha kolobetsoa batho ba mashome a mane a metso e mene, ’me khoeli ka ’ngoe karolelano ea ba 65 e ile ea kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang. Ka lekhetlo la pele, ho ile ha tlalehoa lithuto tsa Bibele tse fetang 2 000, ’me re ile ra qala ho ba le ponelo-pele ea se ka finyelloang nakong e tlang.
Empa ntoa e ile ea qhoma hape Beirut Bochabela, moo liphutheho tse ngata li leng hona teng, ’me baena ba rōna ba bangata ba ile ba tlameha ho balehela likarolong tse ling tsa naha. Ka matsatsi a mangata re ile ra hlōleha ho kopana le liphutheho tse libakeng tse anngoeng ke ntoa, ’me litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo li ne li sa fella. Leha ho le joalo, baena ba neng ba qhalakane ba ile ba kopanela liphuthehong tse libakeng tseo ba neng ba balehetse ho tsona, ’me mosebetsi oa ntlo le ntlo o ile oa tsoela pele ho ba le liphello tse ntle ho pholletsa le naha eohle. Nakong eona ena, mahae a mangata a baena ba rōna a ile a chesoa kapa a senngoa ke ho qhomisoa ha libomo. Khaitseli e mong o ile a lahleheloa ke bophelo ba hae.
Re ile ra talima ho Jehova ka kholiseho bakeng sa thuso le tataiso. Bo-pula-maliboho ba sebete ba ile ba ithaopela ho isetsa baena ba rōna ba libakeng tse thibelletsoeng litokisetso tsa moea, hammoho le lijo le metsi. Ba susumetsoa ke ho rata Jehova le baena bao, ba bile ba beha bophelo ba bona kotsing ka ho tšela litsela tseo ho neng ho chekiloe mekoti ka tlas’a tsona ho tsometsa lira. Ho ile ha fanoa ka bopaki bo botle ha batho ba bona thuso e neng e etsetsoa malapa a baena ba rōna. Ba ile ba bona seo lerato la ’nete le ka se etsang ha bohle ba kopane borapeling ba Molimo o le mong oa ’nete, Jehova.—Johanne 13:34, 35; 15:13.
Selemong seo sa tšebeletso, baena ha baa ka ba fetoa ke tokollo leha e le ’ngoe ea limakasine tsa rōna. Joaloka Molula-Qhooa, makasine oa Tsoha! oa Searabia o ile oa qala ho hatisoa ka nako e le ’ngoe le oa Senyesemane, ho qala ka tokollo ea January 8, 1990. Lipaki le batho ba thahasellang ba ile ba thaba haholo. E ile ea boela ea e-ba ho hlollang ho bona litokollo tse ncha ka Searabia, tse kang bukana e boholo ba makasine Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le libuka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? le Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele.
Ho ile ha fanoa ka limpho tsena tsa moea ho sa tsotellehe ho koaloa ha lifekteri le litsi tse ling tse ngata Beirut. Maemo a moruo a mabe hohle ka har’a naha. Libaka tse ngata ha li na motlakase, ha ho metsi, ha ho tšebeletso ea thelefono. Joale, e re baena ba bang ba rōna ba ke ba re bolelle kamoo ba fumaneng thabo ka teng le hoja ba ntse ba loantšana le tšenyo e bakiloeng ke ntoa eo esale e tsoela pele ka lilemo tse 15.
“Lehlakore le Letle”
Moena e mong oa Beirut oa ngola: “Pele ho tsohle, ke leboha Jehova ho tsoa pelong hobane o re bolokile re sireletsehile ka hare ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa borapeli bo hloekileng ho sa tsotellehe maemo ’ohle a thata ao re tobaneng le ’ona. Nakong ea liketsahalo tsa morao-rao, ke ile ka ba le liphihlelo tse ileng tsa ntlisetsa thabo, ’me ke li nka e le lehlakore le letle la ntoa.
“Nakong ea ho qhomisoa ho matla ha libomo, re ne re lula le baahisani methating e nyolohelang ka holimo mohahong, kaha ke sona sebaka se sireletsehileng ka ho fetisisa nakong ea ha ho betsoa likharanate. Re ile ra bua le bona re sa khaotse ka ’Muso oa Molimo e le oona tharollo feela mathateng a batho, ’me re ne re rapela Molimo oa rōna, Jehova khafetsa. Sena se ile sa tsebjoa ke bohle.
“Ka linako tse ling ho betsoa ha likharanate ho ne ho tsoela pele ka matsatsi a mangata, ’me re ne re hlōleha ho kopanela libokeng. Kahoo ke ile ka tla le makasine oa Molula-Qhooa ’me ka ithuta oona ha ke ntse ke lutse methating e nyolohelang ka holimo mohahong. Seo se ile sa tsosa thahasello ea baahisani ba rōna. Ba bang ba ne ba sa re buise kahobane re le Lipaki tsa Jehova. Empa ha ntlo ea rōna e otloa ke kharanate, ba ile ba hlolloa ke lerato leo baena ba rōna ba ileng ba le bontša. Joale ba ne ba se ba batla ho bua le rōna. Hoo ho ile ha re nolofalletsa ho etsetsa ba bang ba bona lipeeletso tsa Tsoha!
“Liphihlelo tsena li ile tsa etsa hore ke ikemisetse ho tsoela pele ho bua ka ’nete. Jehova o lokeloa ke borapeli bohle ba rōna le tlhompho eohle ea rōna le khanya eohle.”
“Lebitso la Jehova le Ile la Pholosa Bophelo ba ka”
Moena oa Phutheho ea Ras Beirut oa pheta: “’Na, mosali oa ka, le bashanyana ba rōna ba banyenyane ba babeli re ile ra qala letsatsi la rōna ka tšebeletso ea ntlo le ntlo karolong e ka bophirimela ea Beirut. Motšehare oa mantsiboea, re ile ra tšoara seboka sa Senyesemane lehaeng la ka. Ka 6:30 mantsiboea ho ne ho se ho fifetse. Batho feela ba neng ba ntse ba tsamaea literateng e ne e le banna ba hlometseng. Libomo li ne li tšoloha joaloka pula. Ba bangata ba lulang mohahong oa rōna ba ne ba balehile. Ho ne ho se metsi kapa motlakase. Joale re ile ra utloa motho a kokota monyako.
“Mosali oa ka a hopola hore e ne e ka ’na ea e-ba e mong oa baahisani ba rōna ea hlokang metsi kapa bohobe, o ile a bula monyako. O ile a fumana banna ba bane ba hlometseng ba eme moo. Ba ile ba supa mosali oa ka ka lithunya ’me ba botsa hore na ke hokae, ba bile ba mpitsa ka lebitso. Bekeng eona eo banna ba robong ba ile ba nkoa mahaeng a bona ka tsela ena ’me ba bolaoa hang-hang. Ha banna bao ba hlometseng ba mpona, ba ile ba ntšupa hloohong ka lithunya tsa bona tse ntšang letoto la likulo ka nako e le ’ngoe ’me ba ntaela hore ke tsamaee le bona. Ke ile ka ba bolella: ‘Ke tla tsamaea le lōna. Empa ntumelleng hore ke apare pele.’ Ke ile ka rapela Jehova ka pelo ea ka eohle, ka kōpa thuso ea hae. Ha ke qeta ho rapela, ke ile ka ikutloa ke phuthulohile haholo ’me ka qala ho talima banna bana ba hlometseng ba tšosang joaloka batho ba tloaelehileng. Ke ne nka bua le bona ke se na tšabo.
“Ke ile ka ba botsa: ‘Le batla eng ho ’na? A re ke re buisaneng hanyenyane ka tlung pele re tsamaea.’ Hang ha re se re kene ka kamoreng ea ho phomola, moeta-pele oa bona o ile a mpotsa: ‘U na le tokelo efe ea ho kena matlung ebe u ruta batho?’ Ka arabela: ‘U tšoara sethunya ho phetha thato ea hao, ’me ha ho ea u thibelang. ’Na ke tšoere litaba tse molemo tsa khotso tseo Jesu a re laetseng hore re li bolele.’ Eaba ke hlalosa litumelo le mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova. Hang ha ke bolela lebitso Jehova, ba ile ba re: ‘Re tla khotsofalla ho u hloma lipotso hona mona. Ha ho hlokahale hore re tsamaee le uena.’ Ho bonahala eka e mong oa bona o ne a tsebana le moena e mong. O ile a re: ‘Enoa o tšoana le Jarjoura.’
“Re ile ra pakela banna bao ba tšoereng lithunya ’me ra arabela lipotso tsa bona ka nako e etsang hora le halofo. Joale, ho e-na le hore ba tsamaee le ’na ba nkentse ka moo ho behoang lithōtō ka teng koloing ea bona joalokaha ba ne ba entse joalo ka ba bang, ba ile ba kōpa tšoarelo, ba nkaka, ’me ba ithaopela ho nthusa haeba ke hloka thuso, eaba baa tsamaea. Ka nako ena eohle, ke ile ka utloa tšireletso ea Jehova. Ho kopanela mosebetsing oa ntlo le ntlo hoseng hoo le ho ba teng sebokeng motšehare oa mantsiboea ho ile ha ’matlafatsa hore ke eme ke tiile. Ruri, lebitso la Jehova le ile la pholosa bophelo ba ka.”—Liproverbia 18:10.
“Tlhokomelo ea Jehova e ne e re Pota-potile”
Moena e mong oa Beirut oa ngola: “E ne e le Laboraro, la 31 January, 1990. Ha ke ntse ke sebetsa le ngoan’eso ntlong ea khaitseli e mong, ntoa e ile ea qala hape. Libomo li ile tsa phatloha hohle. Ka lebaka la ntoa eo e mahlo-mafubelu, re ile ra hlōleha ho khutlela hae. Khaitseli eo o ne a rata ho amohela baeti haholo le hoja a ne a e-na le bohobe bo fokolang.
“Ke ne ke khathatsehile haholo ka mosali oa ka hobane ke Mofilipino ’me o ne a sa tloaela pefo ea ntoa. Leha ho le joalo, letsatsing la bobeli, ke ile ka atleha ho ea ntlong ea ka. Liqubu tsa thepa li ne li thibile literata, empa ka thuso ea Jehova, lelapa la ka le ne le sireletsehile. Ka mor’a ho khutsa ha nakoana, ho betsoa ho matla ha likharanate ho ile ha qaleha hape. Re ile ra ipata lehaeng la moena ea haufi le rōna. Re ne re le bahlano—’na, mosali oa ka, mora oa ka ea lilemo li peli, ngoan’eso, le mosali oa hae. Libomo, likharanate, le li-rocket li ile tsa oela hohle ka thōko ho rōna, empa tlhokomelo ea Jehova e ne e re pota-potile. Ho ile ha feta matsatsi a mabeli a ho betsoa ho matla ha likharanate, ha re ntse re paqame fatše ’me mosi oa libomo o ntse o re kena ka linkong.
“Ha re ntse re mametse ho phatloha ha liqhomane, re ile ra hopola mantsoe a Davida a Pesalemeng ea 18:1-9, 16-22, 29, 30. Linakong tseo tse thata, ebile ho sa tsotellehe sohle se neng se etsahala, re ne re thabile ’me re ntse re khona ho bososela. Re ile ra rapela Jehova hore haeba re ka shoa, re mpe re shoe habobebe, re sa utloe bohloko. Tšepo ea rōna tsohong ea bafu e ne e le matla.
“Letsatsing le hlahlamang ho ile ha etsahala lintho tse makatsang. Libomo tse ka bang 25 li ile tsa oela pel’a ntlo eo re neng re ipatile ho eona, empa ha ho le ea mong oa rōna ea ileng a utloa bohloko. Na u ka inahanela hore na maikutlo a rōna e ile ea e-ba afe ha re elelloa tšireletso ea Jehova? Hoseng ho hlahlamang, hang-hang re ile ra etsa qeto ea ho baleha. Koloi ea ka e ne e le eona feela seterateng e neng e sa cha. Ke ile ka khanna koloi lipakeng tsa mekoti e cheketsoeng ho tsometsa lira le libomo, ’me ka thuso ea Jehova, re ile ra atleha ho balehela sebakeng se neng se khutsi-khutsitse ho feta sa rōna. Moo, ka lerato baena ba rōna ba ile ba re fa liphahlo, lijo, le chelete.
“Ho sa tsotellehe mathata ’ohle, re ile ra ikutloa re thabile hobane Jehova o ne a e-na le rōna. E ne eka o rometse mangeloi a hae ho suthisetsa libomo hōle le rōna. (Pesaleme ea 34:7) E, thabo ea rōna e ile ea e-ba e khōlō. Empa thabo ea rōna e tla ba e kholoanyane ka mor’a ho pholoha Harmagedone.”
Thuso e Fanoang Boemong ba Tšohanyetso e Kena Tšebetsong!
Libakeng tse ling tsa Beirut ho ne ho bonahala eka ho bile le tšisinyeho ea lefatše. Matlo a mangata a baena ba rōna a ne a hloka ho lokisoa kapa a senyehile ka ho felletseng. Ha bothata bona bo hlaha haufinyane tjena, Komiti ea Lekala e ile ea hlophisa komiti ea thuso bakeng sa boemo ba tšohanyetso ho hlokomela litlhoko tsa baena. E ile ea qala tšebetso ka la 16 February, 1990, hoo e batlang e le nako eo ka eona re neng re ka khutlela libakeng tse ileng tsa hlaseloa. Morero oa komiti ena o ne o le hararo: ho fana ka khothatso ea moea ho baena; ho hlokomela litlhoko tsa bona tsa lichelete, lijo, le metsi; le ho ba thusa ho lokisa kapa ho tsosolosa mahae a bona.
Ho ne ho sa hlokahale hore ho kōptjoe baithaopi. Letsatsi ka leng ba bangata ba ne ba itlhahisa esale hoseng haholo ho tla thusa. Litlhaloso tse ling tsa ba ileng ba thusoa ke tsena:
Ha ntlo ea khaitseli e mong e ntse e hloekisoa e bile e lokisoa, o ile a re: “Ke ’nile ka utloa ka thuso e fanoang ke baena ha ho hlahile koluoa. Hona joale kea e bona ’me kea e utloa.” Esita le moahisani oa hae, mosali oa Momosleme, o ile a bolella khaitseli enoa: “Ka sebele lea ratana. Bolumeli ba lōna ke bona bo nepahetseng. Hona joale ke tla mathela motseng oa heso ’me ke bolelle e mong le e mong seo le se etsang mona.” Moahisani enoa o ile a tlisetsa basebetsi ba baithaopi lijo.
Khaitseli e mong ea hōlileng o ile a hlalosa: “Ke ne ke lebelletse hore le tla nketela, empa ke ne ke sa lebella hore Mokhatlo o ka romela motho hore a ntlisetse metsi.” O ile a lla ha a aka moena ea neng a tlil’o mo thusa.
Lelapa la batho ba bararo—monna le mosali bao e neng e le bahoeletsi ba e-s’o kolobetsoe le moshanyana oa bona e monyenyane—le ile la eteloa ’me la fuoa lebokose le leholo la lebese, bohobe, metsi a nooang, le chelete. Ha ba bolelloa hore ke Lipaki tsa Jehova tse entseng tokisetso ena, monna o ile a re: “Ke kene Kereke ea Evangeli ka lilemo tse 11 ’me ke ne ke le mafolo-folo haholo. Empa ka lilemo tsena tse 15 tsa ntoa Lebanone, le ka mohla ha ea ka ea hopola ho etsetsa litho tsa eona ntho e kang ena.” O ile a tsoela pele: “Ka sebele ona ke oona feela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo.” Monna enoa le mosali oa hae ba ile ba kolobetsoa kopanong ka May 1990.
Moholo e mong o ile a hlalosa: “Ke haelloa ke mantsoe a ho hlalosa liteboho tsa rōna bakeng sa mesebetsi e bontšang lerato eo le e etselitseng baena ba mahlomoleng. Ke ile ka ameha maikutlo hoo ke ileng ka ntša likhapha ha ke bona sehlopha sa baena ba bacha, baithaopi, se tsosolosa ntlo ea batsoali ba ka. Esita le baahisani ba rōna bao e seng Lipaki ba ile ba bolela kananelo ea bona. Ka sebele re leboha Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng bakeng sa tšehetso e sebetsang eo o faneng ka eona. Mantsoe a mopesaleme a Pesalemeng ea 144:15 ke ’nete hakaakang: ‘Ho lehlohonolo sechaba seo Jehova e leng Molimo oa sona.’”
“Le Batho ba Mofuta Ofe?”
Khaitseli e mong ea nang le lelapa o ile a ngola: “Ke lakatsa ho bolela kananelo ea ka e tebileng bakeng sa lerato la Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Ntlo ea ka e ile ea otloa ka likharanate tse ngata ’me ea cha. Ba bangata ba ile ba re bolella hore e ne e ke ke ea lokisoa. Leha ho le joalo, ke ena e eme e lokisitsoe ka ho felletseng joalokaha eka ha ho letho le kileng la e etsahalla, e pota-potiloe ke makholo-kholo a matlo a cheleng le a senyehileng seterateng sa rōna.
“Esita le baahisani ba rōna, bao e seng Lipaki tsa Jehova, baa botsa: ‘Lerato lena le tsoa hokae? Le batho ba mofuta ofe? Batho bana ba sebetsang ka cheseho e kana le ba thōtseng hakana ba itšoereng hantle ke bo-mang? Ho bokoe Molimo o le fileng lerato lena le moea oa ho intša sehlabelo.’ Mantsoe a Pesaleme ea 84:11, 12 ke a loketseng hakaakang: ‘Hobane Jehova Molimo ke letsatsi le thebe. Jehova o nea mohau le khanya, ba tsamaeang ka ho loka a ke ke a ba hanela molemo leha o le mong. Jehova oa makhotla, ho lehlohonolo motho ea u tšepang!’”
Monna e mong eo mosali oa hae le bana e leng Lipaki tsa Jehova o ngotse: “Ke rata ho le leboha bakeng sa ha le re thusitse ho lokisa ntlo ea rōna. Mosebetsi oa lōna o bontšitse lerato la ’nete la Bokreste le seng le fokola haholo matsatsing ana. E se eka Molimo o ka hlohonolofatsa boiteko ba lōna.”
Ka mor’a hore ntlo ea moholo e mong e tsosoe, o ile a re: “Melomo ea rōna e hlōleha ho bolela se ka lipelong tsa rōna. Re sitoa ho fumana mantsoe a ho le bolella ka kananelo ea rōna ho Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Re ile ra utloa kamoo Jehova a neng a le haufi le rōna ka teng tlokotsing ea rōna. Lerato la lōna le khothalitse litho tsohle tsa lelapa la ka hore li kopanele ho thuseng ba bang ba hlokang.”
Ka April, batho ba 194 Lebanone ba ile ba thabela mosebetsi oa bopula-maliboho bo thusang. Bosiu ba Sehopotso bo ne bo khutsitse ho feta masiu a mang, ’me bohle ba neng ba le teng Sehopotsong ba ne ba le 5 034. Likopano tsohle tse neng li lokiselitsoe li ile tsa tšoaroa, ’me kakaretso ea batho ba ileng ba kolobetsoa selemong seo e bile 121, ho sa tsotellehe morusu o neng o le teng ka har’a naha. Malapa a mangata ka liphuthehong a ile a tsamaela ruri. Empa batho ba sa tsoa thahasella ba tsoela pele ho ea kolobetsong, ’me bahoeletsi ba ’Muso ba 2 726 ba ntse ba tsoela pele ho eketseha ka palo. Selemong sa tšebeletso sa 1990, batho bohle ba Jehova Lebanone ba ile ba latsoa botšepehi ba Jehova ha a re hlokomela hantle ’me a re tataisa linakong tsa pherekano.—Pesaleme ea 33:4, 5; 34:1-5.