Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 3/15 maq. 26-28
  • Ho Bolela Litaba tse Molemo “Motseng oa Polynesia” oa New Zealand

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bolela Litaba tse Molemo “Motseng oa Polynesia” oa New Zealand
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Masamoa a Etsa Tsoelo-pele
  • Karabelo ea Maniue
  • Likhatiso tsa Lipuo tsa Polynesia
  • Ho Thabela Tafole e le ’Ngoe ea Moea
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 3/15 maq. 26-28

Ho Bolela Litaba tse Molemo “Motseng oa Polynesia” oa New Zealand

“MOTSE o Moholo ka ho Fetisisa oa Polynesia.” Ke seo ba bang ba se bitsang Auckland, motse-moholo oa New Zealand. Hobane’ng? Hase feela hobane e le lehae la baahi ba Polynesia ba New Zealand, batho ba morabe oa Maori, empa hape ka hobane mashome a likete a baahi ba bang ba Polynesia a lula moo. Lilemong tsa morao tjena, ba ile ba falla ba e-tsoa Samoa Bophirimela, Lihleke-hlekeng tsa Cook, Tonga, Niue, le lihleke-hlekeng tse ling tsa Pacific. Hona joale ho na le batho ba bangata ba morabe oa Maori ba Sehleke-hleke sa Cook ba leng New Zealand ho feta ba leng sehlopheng sohle sa Sehleke-hleke sa Cook ka bosona! Ka ho tšoanang, lenane la baahi ba Maniue ba leng Auckland le feta la ba leng Niue.

Le hoja baahi bana ba lihleke-hleke tsa Pacific ba ile ba fallela Auckland haholo-holo ka mabaka a moruo, ba boetse ba na le litlhoko tse ling tse lokelang ho khotsofatsoa. Tlhoko ea bohlokoa ea batho bana ba ratang Bibele ke tlhoko ea bona ea moea. (Mattheu 5:3) Ha Lipaki tsa Jehova New Zealand li elelloa sena li entse boiteko bo boholo ba ho bolela “litaba tse molemo tsa ’muso” har’a baahi bana ba lihleke-hleke. (Mattheu 24:14, NW) Ke eng se entsoeng tabeng ena, ’me baahi bana ba lihleke-hleke ba ile ba arabela joang?

Masamoa a Etsa Tsoelo-pele

Tlhaloso e entsoeng ke moromuoa ea leng Samoa e re bolella ho hong ka pono ea baahi ba lihleke-hleke ka lintho tsa moea. Oa hlalosa: “Ha u kopana le motho e mong ka lekhetlo la pele New Zealand, ke tloaelo ho botsa hore mosebetsi oa hae oa boipheliso ke ofe. Samoa, hangata potso ea pele e botsoang ke hore na u setho sa bolumeli bofe.” Kahoo, hase ho makatsang hore liphutheho tse peli tsa batho ba buang Sesamoa tsa Lipaki tsa Jehova tsa Auckland li hōla kapele haholo ho feta liphutheho tse tloaelehileng New Zealand.

Phutheho ea pele ea Masamoa ea Auckland e ile ea theoa ka 1977. Ka baka la khōlo eo Molimo o faneng ka eona, ho ile ha theoa phutheho ea bobeli lilemo tse supileng hamorao. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 3:6.) Liphuthehong tsena tse peli, ho na le kakaretso ea baboleli ba ’Muso ba 154, ’me ba 12 ho bona ba mafolo-folo tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka karolelano, batho ba fetang 275 ba ba teng ka Sontaha libokeng tse theiloeng Bibeleng tse tšoareloang Holong ea ’Muso.

Baena le likhaitseli ba Masamoa ba nka tumelo ea bona ka botebo joalokaha ho bontšoa ke cheseho le boikemisetso tseo ba li bontšang mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. (Mattheu 28:19, 20) Sena se ka bonoa phihlelong e latelang ea khaitseli oa Lesamoa:

Tšebeletsong ea ntlo le ntlo, khaitseli o ile a teana le mosali ea ileng a nyatsa malumeli ’ohle joaloka a boikaketsi ’me a koala lemati. A maketse ’me a ferekane, khaitseli o ile a ipotsa hore o lokela ho etsa eng. O ile a nahana, ‘Nke ke ka mo siea a na le mohopolo oa hore Lipaki tsa Jehova le tsona ke baikaketsi.’ Kahoo o ile a etsa qeto ea ho ngola boitsebiso bo bokhutšoanyane. “Ka bokhutšoanyane ke ile ka hlalosa motheo oa Mangolo oa mosebetsi oa ka ’me ka mo kōpa ho mpha nako ea ho mo hlalosetsa ka tšepo eo Bibele e fanang ka eona. Ke ile ka ba ka ngola le nomoro ea ka ea thelefono.”

Joale khaitseli o ile a tsoela pele le tšebeletso ea hae, a ntse a etela malapa a mang. Ha a fihla ntlong ea bone o ile a fuoa molaetsa oa thelefono o reng a khutlele morao ho ea ho bona mosali eo pejana a ileng a koala lemati ka khalefo. Khaitseli oa tlaleha: “Mosali eo o ile a kōpa tšoarelo ka karabelo ea hae ea pele, ’me o ile a bontša kananelo bakeng sa boitsebiso boo ke bo tlohetseng. Ho ile ha latela puisano e bileng le liphello tse ntle, ’me ho ile ha qalisoa thuto ea lehae ea Bibele.”

Ho boetse ho futhumatsa pelo ho bona moea oa boitelo oa boromuoa o ileng oa bontšoa ke Lipaki tsa Masamoa. Moena e mong le lelapa la hae ba ile ba falla Auckland ho ea Wellington ka 1981 ho ea ho thusa sehlotšoana sebetsang har’a baahi ba Masamoa sebakeng seo. Ho tloha qalong ea bahoeletsi ba ’Muso ba 11 ka nako eo, sehlotšoana sena se ile sa hōla ho ba phutheho ea bahoeletsi ba 47. Moena o itse: “Meputso e feta boitelo ka bohlokoa.” Haufinyane eena le lelapa la hae ba ile ba arabela ‘pitsong ea Macedonia’ ’me ba khutletse morao Samoa Bophirimela. (Liketso 16:9, 10) Ba bang le bona ba ile ba khutlela libakeng tseo ba neng ba lula ho tsona pele ’me ba nkile tšebeletso ea bopula-maliboho bo khethehileng, tšebeletso ea boromuoa, kapa ea Bethele.

Karabelo ea Maniue

Mosebetsi oa boboleli o boetse o tsoela pele har’a Maniue Auckland. Molebeli ea tsamaeang oa tlaleha: “Tšebeletsong ea ntlo le ntlo, ke tloaelo hore u memeloe ka tlung. Hangata Bibele ea lelapa e haufi ’me ho buisana ka eona ho talingoa e le ntho e tloaelehileng.”

Hona joale ho na le phutheho ea Maniue e mafolo-folo haholo Auckland. Nakong ea ketelo ea molebeli ea tsamaeang selemong se fetileng, bahoeletsi ba ’Muso ba kopanelang le eona ba 76 ba ile ba tseba ho amohela batho ba 127 bakeng sa puo ea Bibele ea phatlalatsa ka Sontaha. ’Me ho na le moea o motle har’a baena le likhaitseli.

Molebeli ea tsamaeang oa hlokomela: “Ketelo e talingoa joaloka beke e khethehileng ea khothatso ho bohle. Lijo tse ling le tse ling li kopaneloa ke phutheho eohle. ’Me tsena ke linako tsa ho tšola lijo tseo Maniue a li ratang haholo tse joaloka takihi (lijo tsa liphopho [li-papaya], taros [meroho e etsang kotoloa ka tlaase ea libakeng tse chesang], le lebejana la coconut e phuthetsoeng ka makhasi a sefate sa banana), pitako (borotho bo entsoeng ka taros, banana, le tapioca), le punu povi (nama ea khomo e sitsoeng ’me ea tšeloa ka makotikoting), eo ka nako e ’ngoe ka bosoasi e bitsoang nama e sehiloeng sehlaneng ea baahi ba lihleke-hleke.”

Likhatiso tsa Lipuo tsa Polynesia

Bakeng sa ho khotsofatsa litlhoko tsa moea tsa baahi ba Polynesia ba leng Auckland le libakeng tse ling, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa lokisetsa ho hlahisa likhatiso tse ngata tsa Bibele ka lipuo tsa Polynesia. Ka mohlala, bakeng sa Rarotonga, kapa morabe oa Maori oa Sehleke-hleke sa Cook, Molula-Qhooa o hatisoa habeli ka khoeli. Molula-Qhooa oa Seniue o hatisoang hanngoe ka khoeli le ’ona o amoheloa hantle. Hona joale ho abjoa likhatiso tsa Rarotonga le Seniue tsa Molula-Qhooa tse ka bang 1 000, ’me hona joale ho abjoa likopi tse ka bang 900 tsa khatiso ea Sesamoa New Zealand.

Ho phaella khatisong ea Molula-Qhooa, libuka le libukana tse ngata lia fumaneha ka lipuo tse fapaneng tsa Polynesia. Buka ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, e ileng ea hatisoa ka Seniue ka 1989, ke khatiso ea pele ea puo eo e fanang ka kutloisiso ea lithuto tsa motheo tsa Bibele. Buka e atlehang ka ho khethehileng tšimong ea Semaori (Rarotonga) e leng puo ea Sehleke-hlekeng sa Cook ke buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. E batla e le lithuto tsohle tsa mahae tsa Bibele tse tsamaisoang ka thuso e atlehang ea buka eo. Moholo oa hlokomela: “Se pakang hore ke thuso ea ho ruta ke kamoo ka potlako liithuti li qalisang ho ba teng libokeng tsa phutheho ka teng.”

Ho phaella kabong ea bona ea ka mehla ea likhatiso tsena ka ntlo le ntlo, batho ba Jehova ba aba libuka tse ngata ho se bitsoang ho paka ’marakeng o rekisang thepa ea lintho tse seng li sebelitse. Ka baka la sepenya sa baahi ba Polynesia ba leng Auckland lilemong tsa morao tjena, limmaraka tse khōlō tsa meaho ea nakoana tseo ka ho khethehileng li rekisang lijo le mesebetsi ea matsoho tsa Sehleke-hleke sa Pacific, li eketsehile. Batho ba bangata ba ka bang 25 000 ba tla ’marakeng e joalo ka Moqebelo hoseng. Lipaki li sebelisa monyetla ona ka bohlale ’me li ea limmarakeng tsena ho ea buisana le beng ba eona le bareki ka ’Muso oa Molimo.

Ka tšebeletso ea tsona, Lipaki tsa Jehova li tsebile ho jala peō e ngata ea ’Muso le ho aba manane a maholo a libuka tsa Bibele ho batho ba Polynesia. Ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e tlaleha hore selemong sa tšebeletso sa 1990, ho ile ha romeloa libuka tse 23 928 tsa lipuo tsa Polynesia ho tsoa fekthering.

Ho Thabela Tafole e le ’Ngoe ea Moea

Lipaki tsa Polynesia li ela hloko tlhoko ea tsona ea moea ’me li beha ho ba teng libokeng tsa Bokreste tsa beke le beke Liholong tsa ’Muso sebakeng sa pele hammoho le ho ba teng likopanong tsa potoloho le tsa setereke. (Ba-Heberu 10:23-25) Kopanong ea Setereke ea “Toka ea Molimo” e neng e tšoaretsoe Auckland ka December 1988, mananeo a fapaneng a ile a tšoaroa ka Sesamoa, Seniue, le Semaori sa Sehleke-hleke sa Cook. Seo se neng se hlahelletse lenaneong la Sesamoa e ne e le papali ea drama ea Bibele e lokiselitsoeng hantle. Lipaki tsa Maniue tsa Auckland le tsa Sehleke-hleke sa Cook li ile tsa bontša moea oa tsona oa Bokreste oa ho amohela baeti ka ho amohela baeti ba tsoang lihleke-hlekeng tsa habo bona ka mosa. Kopano e ile ea ipaka e le ketsahalo ea ho keteka le ho thabela tafole ea Jehova ea lijo tsa moea. Kopanong ea “Puo e Hloekileng” ea 1990 e neng e tšoaretsoe Auckland, ba bileng teng mananeong a Sesamoa e bile tlhōrō ea ba 503.

Karabelo e ntle molaetseng oa ’Muso ke bopaki bo hlakileng ba hore batho ba tsoang lihleke-hlekeng tsa Polynesia tsa Pacific Boroa ba ne ba ntse ba ‘emetse molao oa Jehova.’ (Bapisa le Esaia 42:4, 12.) Ka lehlakoreng le leng, ka thabo ba nka karolo ho boleleng litaba tse molemo “motseng oa Polynesia” oa New Zealand.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela