Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 5/15 maq. 24-28
  • Phephetso ea ho Jala Peō ea ’Muso Chile e ka Boroa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phephetso ea ho Jala Peō ea ’Muso Chile e ka Boroa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Letsatsi Mosebetsing oa Boboleli
  • Ho Etela Chiloé
  • Ho Khutlela Sehleke-hlekeng se Seholo
  • Ho Tšela Bío-Bío
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 5/15 maq. 24-28

Phephetso ea ho Jala Peō ea ’Muso Chile e ka Boroa

HO THABISA hakaakang ho tsamaea tseleng ea mahaeng e khutsitseng Chile e ka boroa! Likhomo li fula ka khotso masimong ao mathōkong a ’ona ho nang le lifate ao ka morao ho ’ona ho nang le lithaba tse entsoeng ke seretse se chesang se foqohang fatše tse koahetsoeng ke lehloa. U ka utloa mololi oa linonyana le ho soahlatsa ha makhasi moeeng o fokang hasesaane. Le hoja tikoloho e joalo e bonahala e khotsofatsa ’me e tletse khotso hakaalo, mona ho na le liphephetso bakeng sa ba jalang peō ea ’nete ea ’Muso.

Na u ka rata ho teana le ba bang ba bo-pula-maliboho ba rōna, kapa baboleli ba nako e tletseng ba ’Muso? Ho ka ba joang ha u ka qeta letsatsi kapa a mabeli le bona ha ba ntse ba bolela litaba tse molemo? Pele, a re mamele ha Jaime le Oscar ba hlalosa monyaka le liphephetso tsa letsatsi le joalo Chile e ka boroa.

Letsatsi Mosebetsing oa Boboleli

“Re qala ho sisinyeha le ho utloa serame se kenelletseng ka har’a ntlo ea rōna e nyenyane. Oscar a roetse likausi tsa ulu ’me a ntse a roetse katiba, o theoha betheng. O hotetsa setofo se besoang ka patsi, o hotetsa hitara e nyenyane ea gase ho ntša serame se ka tlung, ’me o khutlela mofuthung oa bethe ea hae. Ka ntle ho sa fifetse, ’me re ntse re utloa pula eo esale e e-na bosiu bohle. Re sheba ka ntle ka fensetere ’me rea shebana. Ao, ho ne ho ka khatholla hakaakang ho phomola letsatsing lee! Joale re hopola litokisetso tsa rōna bakeng sa letsatsi leo le tlhokahalo ea ho sebetsa tšimo e ka thōko eo ho hang e sa kang ea sebetsoa selemong se fetileng. Re susumelletseha ho kena tšebetsong.

“Ha re se re le tseleng pele ho hora ea borobeli, re tsamaea ka potlako ’me re tšepile hore motho e mong o tla ithaopela ho re palamisa kapa hore bese e tla feta, e le hore re ka potlakisa leeto la rōna litseleng tse ka thōko tse re isang mahaeng a ka thōko le metsaneng ea tšimo ea rōna. Terekere ke eo e e-tla e hula treilara ’me ho na le basebetsi ba bang ba e palameng. Mokhanni oa eona oa emisa ’me o re lumella hore re palame. Re thabetse hore kajeno, ka thuso ea pula ea maobane bosiu, ha re na ho latsoa phihlelo ea mehla ea ho tsamaea har’a lerole le lengata. Ha re ntse re khohlopeha re e-ea pele, re abelana litaba tse molemo le balemi. Ha re se re tlameha ho theoha, re ba fa limakasine tse ’maloa. Re thabetse hakaakang ho palama terekere ho re thusitseng hore re se tsamaee lik’hilomithara tse 12!

“E tla ba letsatsi le lelelele ha re ntse re fohla sebaka sena sa mahaeng re ntse re batla ba tšoanelehang. Ha re ne re qala ho sebetsa kabelong ea rōna, re ne re sa utloisise lebaka la hore ebe batho ba ne ba lumellana le seo re neng re ba bolella sona empa ba bonahala ba le leqe ho amohela lingoliloeng tsa Bibele. Re ile ra fumana hore hangata lebaka e ne e le hore ha ba tsebe ho bala. Kahoo re ho fumana ho le molemo ho totobatsa hore lingoliloeng tsa rōna ke mpho e babatsehang bakeng sa bana ba bona le beng ka bona, ’me bona ba ka arolelana litaba tse ka hare ho tsona le bona. Bongata ba bao re buisanang le bona ha ba na ho hongata mabapi le maruo a lefatše lena. Empa kaha ba thabela ho arolelana seo ba nang le sona, ha ba amohetse lingoliloeng tsa Bibele, hangata ba ’nile ba re fa mahe, litapole, libeteruti, hanyanese, linaoa, lensise, le erekisi e bitsoang garbanzo.”

Jaime o ithutile ho etsa litlhahiso ha mong’a ntlo a batla ho nehelana ka lintho tse itseng bakeng sa lingoliloeng tsa Bibele tseo a li fuoang. Hobane’ng? Ka lekhetlo le leng, bo-pula-maliboho ba ile ba khutla ba nkile meroho e boima ba lik’hilogramo tse 15, ’me mosebetsi-’moho le Jaime o ile a tlameha ho tsamaea a tšetse khoho e phelang ka har’a mokotlana oa hae oa libuka letsatsi lohle! Hangata Jaime o etsa tlhahiso ea hore a fuoe merquén, e leng senōko se hlabosang se entsoeng ka pepere e bohale le linōko tse ling. Tlaleho e tsoela pele:

“Ha re ntse re feta masimo, re fihla har’a li-ruca [mahae] tse ling tsa batala ba Mapuche [lentsoe le bolelang, “Batho ba naha ena”]. Ho thata ho bua le batho ba Mapuche ba baholo, hobane ba bangata ba bua puo ea habo bona feela. Ha ba banyenyane ba le haufi, hangata ba sebeletsa e le bafetoleli. Ha re ntse re kenella hare mahaeng, re teana le batho bao le ka mohla ba e-s’o bone Bibele kapa ba e-s’o ka ba etela motse o moholo joaloka Temuco, e leng motse-moholo oa sebaka seo. Hona ho hlahisa phephetso ea ho ba thusa ho lemoha kamoo maemo a lefatše a ntseng a mpefala ka teng. Re tlameha ho etsa sena hanyane ka hanyane, re ba bontše kamoo mathata a ha habo bona a bontšang se etsahalang libakeng tse ling.

“Ha letsatsi le ea malikelong, maoto a rōna a khathetseng a hloka phomolo. Boemo ba leholimo bo fetohile ka potlako ho tloha ho letsatsi le chabileng hamonate ho ea puleng e nang ka sefefo e etsang hore sekhele se se ke sa ba le thuso. Masimo a sa tsoa lengoa a siile libutsi tsa rōna li khenathetse liretse. Ha re utloa mantsoe Pase no más (Kenang), ka thabo re kena ka kichineng ’me re thabela mofuthu oa setofo se besitsoeng ka patsi, kopi ea ‘kofi’ e entsoeng ka lijo-thollo, chisi, le bohobe bo phehiloeng lapeng. Khele! bohobe boo bo qetang ho tšoloa bo nkha hamonate hakaakang!

“Ka matla a macha ao re a fumaneng, re tsoela pele ho fihlela mantsiboea, re feta masimong ao ka seoelo a arohanngoang ka terata, le hoja u tla fumana masimo a mang a koro a arotsoe ka sehlahla se bitsoang pica-pica, e leng semela se lulang se le setala se nang le lipalesa tse tšehla se behang lintho tse jeoang. Kaha haufinyane letsatsi le tla likela ’me re tlameha ho fihla tseleng e ’ngoe e khōlō ho tšoara bese ea ho qetela e tla re isa toropong, kapele leeto la rōna la [lik’hilomithara tse 20] le tla fela.

“Re khutla re sireletsehile ’me re phetse hantle, re khathetse empa re thabile, hobane re bile le lipuisano tse ngata tse monate le batho ba kang linku. Ka mor’a ho ja, re ikhopotsa litaba tsa letsatsi leo ’me re ea betheng re hulanya ’mele ke mokhathala.”

Ho Etela Chiloé

Sehleke-hleke sa Chiloé se entsoe ka lihleke-hleke tse ngata tse nyenyane. Sehleke-hleke se seholo sa teng se lik’hilomithara tse 180 ka bolelele ’me se na le maralla a matalana a arotsoeng ke matša a manyenyane. ’Me hohle moo u eang u bona pono e hohelang hakaakang mathōkong a leoatle le metseng e metle ea batšoasi ba litlhapi!

Toropong ea Achao, ka thōkonyana ho sehleke-hleke se seholo, re fumana Rubén le Cecilia. Ha ba ne ba fihla ka March 1988, moruti oa moo o ile a lemosa batho hore ‘ba se ke ba mamela banyalani ba ntseng ba tsamaea hohle sehleke-hlekeng ba bua ka Bibele.’ Litlhaloso tsa hae tse mpe li ile tsa koala menahano ea batho ba bang empa tsa phahamisa khahleho ea ba bang. Qetellong Rubén le Cecilia ba ne ba se ba khanna lithuto tse 28 tsa Bibele. Bongata ba lithuto ke matichere, ao a mane a ’ona a sebelisang likhatiso tsa Watch Tower “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo” le Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ho ruta thuto ea bolumeli likolong tsa ’ona.

Jehova o hlokomela bo-pula-maliboho bana ba sebetsang ka thata, bao ka letsatsi ba tsamaeang lik’hilomithara tse 34 mosebetsing oa boboleli ba ’Muso le ho etsa barutuoa. (Mattheu 24:14; 28:19, 20) Ka tsatsi le leng, Rubén le Cecilia ba ne ba ntse ba tsamaea tseleng e lebōpong la leoatle le nang le lehlabathe ha ba lemoha hore ha metsi a leoatle a kokobetse li-chorito (mofuta oa khofu) tse ngata li ne li le haufinyane. Rubén o ile a qala kotulo ea hae, empa ba ne ba tla li isa hae joang? Cecilia o ile a rarolla bothata boo. Likausi tsa hae li ile tsa fetoha mekotla. Joale bo-pula-maliboho ba ne ba e-na le lisebelisoa bakeng sa lijo tse hlabosang tsa leoatle!

Ka leboea feela ho Achao, baboleli ba babeli ba ’Muso ba nako e tletseng ba tsejoang e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba kopanela le phutheho e nyenyane e Linao. Mosebetsi oa boboleli o ile oa qaleha moo ka 1968, ’me Paki ea pele ea Jehova Linao e ile ea kolobetsoa ka 1970. Ka lilemo tse ’nè moena enoa o ne a le mong mosebetsing oa boboleli ’me o ile a tlameha ho mamella litšomo tse tsoang ho litho tsa lelapa le ho metsoalle. Qetellong, ka 1974, mosali oa hae o ile a arabela hantle ’neteng ea Bibele ’me o ile a kolobetsoa. Sena se ile sa lateloa ke ho kolobetsoa ha baena ba hae bao a tsoaloang le bona ba bane, likhaitseli tse ’nè, bo-malome ba bane, bachana ba tšeletseng, le soare le mosali oa hae. Phutheho e ileng ea thehoa moo e ne e le lelapa le le leng le leholo. Ha metsotso e ntse e ja babeli, ho bara ba motho ba bahlano ba bararo ba ile ba qala ho sebeletsa e le baholo ’me a le mong e le mohlanka ea sebeletsang.

Luis le Juan ke baboleli ba nako e tletseng ba tšoarehileng ka ho jala peō ea ’Muso Quemchi, toropo e nyenyane e lik’hilomithara tse 30 ho tloha Linao. Letsatsi ka leng, ba tlōla terata, ba feta har’a masimo a nang le lijalo tse teteaneng, ’me ba tsamaea ba nyolosa le ho theosa le maralla, hangata ho e-na le moea le pula. E le hore ba ka fihla lihleke-hlekeng tse haufinyane, ba sebelisa liketsoana tse nyenyane tse eang sehleke-hlekeng sa Chiloé habeli kapa hararo ka beke. Ba lula sehleke-hlekeng seo ka matsatsi a se makae. Leeto le lipakeng tsa lihleke-hleke le ka etsa hore motho ea sa tsebeng letho ka ho tsamaea leoatleng a ikutloe a sa lokoloha, empa moea oa ho amohela baeti oa baahi ba lihleke-hlekeng le mosa oa bona li koahela sena. Luis le Juan ba ile ba fumana mohoeletsi e mong oa ’Muso ea neng a tlil’o sebetsa le bona, ’me kaofela ba leka ho finyella baahi ba 11 500 ba tšimong ea bona. Le hoja keketseho e ne e le nyenyane, Luis le Juan ba ile ba thaba haholo ho ba le ba 36 moketeng oa Sehopotso ka 1989.

Ho Khutlela Sehleke-hlekeng se Seholo

Ha re tsoela pele re lebile leboea, re tšela kotopo ea Chacao ’me re fihla sehleke-hlekeng se seholo. Sebakeng sena, bo-pula-maliboho Ramón le Irene ba sebetsa tšimo e khōlō e akarelletsang lihlopha tse ka thōko tse Maullín, Carelmapu, le Pargua. Lipaki tse sehleke-hlekeng sa Chiloé li tsamaea hora ebe li palama transbordador (sekepe sa baeti) ho tšela mochophoro oa metsi o kopanyang maoatle a mabeli hore li kopanele libokeng tsa Bokreste Pargua. Ramón o tsamaea hora le metsotso e 20 ka bese ho tloha Maullín ho ea khanna liboka tseo hangata ho tsona ho bang le batho ba menang palo ea bahoeletsi habeli. Ke hobane’ng ha ho ea sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 38 feela ho nka nako e telele hakaale? Ke hobane bese e tsamaea e ema hohle tseleng ho palamisa baeti ba imetsoeng ke mekotla ea litholoana le meroho, mekotla ea litapole le lihanyanese, ’me ka linako tse ling esitana le likolobe tse ntseng li phela le likhoho. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ke keng ea laeloa ka holim’a bese e kenngoa ka hare. Phello e ba leeto le lelelele har’a menkho e sa tšoaneng, u ntse u bona lintho tse sa tšoaneng, le ho utloa melumo e sa tšoaneng.

Kaha ke ba ’maloa feela ba bo-pula-maliboho bana ba nang le likoloi, ho siuoa ke bese e tsamaeang lipakeng tsa litoropo ho bolela ho tsamaea ka maoto sebaka se selelele, ntle leha e mong a ka ithaopela ho u palamisa koloing ea hae. Ka nako e ’ngoe ha Ramón le seithuti sa Bibele ba palame le mokhanni e mong, mokhanni eo o ile a botsa: “Batho ba arabela joang mosebetsing oa lōna?” Ha a hlokomela lifahleho tsa bona tse tletseng lipotso, o ile a re: “Ke moruti motseng ona, ’me lōna le Lipaki tsa Jehova. Ke tseba mosebetsi oa lōna ka ho felletseng ’me ke rata limakasine tsa lōna.” Ho ile ha ba le nako e teletsana ea lipotso le likarabo pele a ba theola Pargua hantle feela ka nako bakeng sa liboka. Ka sebele moruti eo o ile a arabeloa lipotso tse ling ha a tsoela pele a bala likhatiso tsa rōna.

Ha ho be bonolo ka mehla bakeng sa Ramón le Irene ho fihla mahaeng a 20 ao ba khannang lithuto tsa Bibele ho ’ona. A mang a ka mose ho Nōka ea Maullín kapa a metseng e ka thōko ea batšoasi ba litlhapi ’me ho fihloa ho ’ona ka seketsoana. Le hoja lipula tse matla li ka nyahamisa, ho ile ha hlaka hore mamello eo bona le bahoeletsi ba bang ba ’Muso ba 18 ba tletse-tletseng ho pholletsa le tšimo ena ea mahaeng ba e bontšitseng e ne e beha litholoana ha ba 77 ba bokana hammoho bakeng sa Sehopotso.

Los Muermos, baboleli ba ’Muso ba nako e tletseng Juan le Gladys ba khanna lithuto tse 23 tsa Bibele. Ho tsamaea ka maoto sebaka se selelele litseleng tse liretse hoa putsoa ha peō ea ’Muso e mela lipelong tsa batho ba lumelang ho rutoa. Sebakeng se seng se ka thōko mokolokong oa lithaba o lebōpong la leoatle pel’a Estaquilla, Juan le Gladys ba ile ba sebetsa sebaka se neng se e-s’o ka se eteloa pele. Ba ile ba botsa seithuti sa Bibele hore na se ne se ka ba alima pere ea sona letsatsing leo. Se ile sa arabela: “Hantle haholo. Na nka tsamaea le lōna?” Kapele-pele Juan o ile a hlokomela hore e tlameha e be ena ke tataiso ea Jehova. Ho ne ho tla ba bonolo ho lahleha morung o teteaneng, empa motho enoa ea thahasellang o ne a tseba sebaka seo hantle ’me o ile a ba isa mahaeng a neng a sa bonahale ha u le tseleng e thabeng. A hlile a khathalitsoe ke ho tsamaea ka maoto le ho palama pere ka lihora tse robong, e mong oa bo-pula-maliboho ba khethehileng o ile a botsa seithuti seo sa Bibele hore na se ikutloa joang. Monna eo o ile a arabela: “Ntho e le ’ngoe feela eo ke e kōpang ho lōna ke hore le tsamaee le ’na lekhetlong le tlang.” Motho enoa ea nang le kananelo o ile a tsoela pele ho etsa tsoelo-pele moeeng ’me o ile a kolobetsoa ka January 1988. Kapele-pele mosali oa hae o ile a kolobetsoa kopanong ea potoloho.

Nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho, bahoeletsi ba 11 ba Estaquilla ba ile ba thaba ho ba le ba 110 ba tlileng puong ea phatlalatsa. Torotsoaneng e nyenyane ea batho ba 1 000 e haufi le Los Muermos, ba 66 ba ile ba ba teng Sehopotsong. Kahoo ho na le ho hongata ho lokelang ho etsoa tšimong ena e khōlō.—Mattheu 9:37, 38.

Ho ella hare ka ’nģa leboea, re fumana bo-pula-maliboho Alan le Fernando. Ka letsatsi le leng ha ba ntse ba tsamaea tseleng e lerōle, mokhanni e mong o ile a ba palamisa ka morao terakeng ea hae. Ha ba qeta ho theoha, ba ile ba tlameha ho tšeha ka baka la lerōle le lengata le neng le ba koahetse ho tloha hloohong ho isa monoaneng oa leoto. Bosoasoi le thabo ea ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 20 li ba thusa ho hlōla maemo a joalo a sa thabiseng. Hape inahanele thabo ea bona ha ba 65 ba e-ba teng Sehopotsong, ’me batho ba pele ba babeli ba motse ba kopanela le bona mosebetsing oa boboleli khoeling e hlahlamang!

Ho Tšela Bío-Bío

Ho fihla ho batho ba kang linku ba haufi le Lithaba tsa Andes, ho hlokahala ho tšela khohlo e nang le metsi a lumang a Nōka ea Bío-Bío limithara tse 50 tlaase. Hona ho etsoa ka kalana e tetemang e entsoeng ka mapolanka e fanyehuoeng mohaleng o fetelang ka ’nģane ho khohlo. U ntse u tšohile se tlang ho etsahala, ua hloella ’me u tsamaisa tšepe e nyenyane e lokollang kalana hore e theose ka mohala. U itšoarella lehlakoreng la kalana ha u tsamaea ka potlako ho ea fihla bohareng ba khohlo, e leng moo u emisang teng. Ka mor’a ho ntša letšoeea, u tsamaisa tšepe e ’ngoe e nyenyane u e isa pele le morao, u tsamaea butle ho tšela karolo e setseng ea khohlo. Ka sebele sena ha sea etsetsoa batho ba boi! Leha ho le joalo, khaitseli e mong o etsa sena beke e ’ngoe le e ’ngoe ho fihla ho motho ea kang nku ea motseng o hōle o thabeng!

Mohlala o motle o behiloeng ke bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba bang ba ’Muso o khothatsa batho ba thahasellang ba nang le lipelo tse ananelang hore ba etse boiteko bo tšoanang ba ho kopanela libokeng tsa Bokreste. (Ba-Heberu 10:24, 25) Lelapa le leng le tsamaea lik’hilomithara tse 40 le palame lipere ho ea Nōkeng ea Bío-Bío ebe le tsamaea lik’hilomithara tse ling tse 12 ho ea Holong ea ’Muso.

Bo-pula-maliboho baa ha ba hetla lilemong tse fetileng ba hopola eng? Lithaba tse entsoeng ke seretse se chesang se foqohang fatše tse koahetsoeng ke lehloa, masimo a matalana, le linōka tse hoasang? Lerōle, seretse, le ho tsamaea sebaka se selelele ka maoto? E, empa ka ho khethehileng ba hopola batho ba botsoalle ba ileng ba arabela hantle litabeng tse molemo. Ka sebele batho bana ba kang linku ba etsa hore boiteko bohle bo bonahale bo loketse. Ke thabo e kaakang ho jala peō ea ’Muso Chile e ka boroa!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela