Mosebetsi oa ho Batla Tokoloho Senegal
HO TLOHA lebōpong la Dakar, motse-moholo oa kajeno oa Senegal, ho na le Sehleke-hleke se senyenyane sa Gorée. Ho sona ho eme khopotso e sisimosang ea karolo e bohloko ea histori—ntlo ea makhoba e ahiloeng ka 1776.
Ke e ’ngoe ea matlo a mangata a joalo ao makhoba a tlohang ho 150 ho isa ho 200 a neng a koalloa ho ’ona maemong a mabe ka nako e isang ho likhoeli tse tharo pele a ka isoa libakeng tse hōle haholo ka sekepe. Malapa a ne a arohanngoa, le ka mohla litho li ne li ke ke tsa boela tsa kopana hape; ntate o ne a ka romeloa Louisiana e Amerika Leboea, ’mè a romeloe Brazil kapa Cuba, ’me bana ba romeloe Haiti, Guyana, kapa Martinique. Ke ho se tsotelle tokoloho ea botho ho hokaakang! Ena e boetse ke khopotso e matla ea hore tokoloho ke tokelo ea bohlokoa eo hangata e sa kang ea fumanoa ke batho bohle.
Ke ithutile sena bukaneng eo ke ileng ka e bala ha ke le sefofaneng se eang Senegal, naha e ka thōko-thōko ka bophirimela qhooeng ea Afrika Bophirimela. Naha ea Senegal e se nang lifate e pakeng tsa mahoatata a ka leboea le bochabela le mefero e teteaneng e ka boroa. Mona u ka fumana lifate tse khōlō, tse phetseng nako e telele tsa baobab, ka litholoana tsa tsona tse makatsang tse bitsoang bohobe ba litšoene, tseo ho etsoang phofshoana ea tartar ka tsona. Ena e boetse ke naha ea litšoene le linonyana tse mebala-bala le ea metse e sa tloaelehang e lutseng ka har’a meru e menyenyane ea lifate tsa mengo.
Ke ile ka lula ke khutsitse ’me ka nahana ka leeto la ka leo e leng khale ke le emetse la ho kena Afrika Bophirimela. Kajeno, Senegal, ka baahi ba eona ba limillione tse supileng ba tsoang merabeng e mengata, e thabela tokoloho e felletseng. Empa na ebe ho ka etsahala hore motho a lokolohe nameng, empa e be lekhoba la litloaelo le litumela-khoela tse mo amohang tokoloho ea ’nete? Ke ile ka lebella ka tjantjello e khōlō ho kopana le baena ba ka ba moea le ho utloa ho bona ka ho toba ka tsoelo-pele ea ’nete e lokollang batho, karolong eo ea lefatše.—Johanne 8:32.
‘Jehova o Batla Hore le Fumane Moaho Ona’
Ntho ea pele lenaneong la lintho tseo ke neng ke batla ho li etsa e ne e le ho etela ofisi ea lekala ea Watch Tower le lehae la baromuoa Dakar. Ha re fihla moahong oo oa sejoale-joale motsaneng o khutsitseng, ke ile ka hlokomela J e khōlō ka pele ho oona. Potso ea ka ea pele ha re ntse re bontšoa ofisi ea lekala e bile hore na tlhaku J e emetse eng.
Motsamaisi oa ka o ile a hlalosa: “Hoo ho thahasellisa haholo. Ha re ntse re batla meaho ea lekala e mehōloanyane ka 1985, re ile ra etela moahong ona, o neng o ntse o ahuoa. Empa re ile ra ikutloa hore o moholo haholo bakeng sa litlhoko tsa rōna. Ha mong’a ’ona a utloa hore re Lipaki tsa Jehova, o ile a lakatsa haholo ho re hirisetsa moaho ona, kaha o ne a tseba botšepehi ba rōna. O ile a re: ‘Kea tšepa hore Molimo oa lōna, Jehova, o batla hore le fumane moaho ona. Bona! Ebile ho na le J e khōlō ka pele! Ha ke ne ke e beha moo, ke ne ke nahana hore e tla emela lebitso la ka John, empa joale ke tiisehile hore e emela lebitso la Molimo, Jehova!’ Re thabetse ho lula moahong ona o motle ka lilemo tse hlano tse fetileng.”
Joale ke ile ka batla ho tseba hore na mosebetsi oa boboleli o qalile joang Senegal.
“Metsi a lokollang a ’nete a ile a tlisoa Senegal mathoasong a lilemo tsa bo-1950 ke e mong oa Lipaki tsa Jehova ea neng a hlaha Fora a tlile ka konteraka ea mosebetsi. Ka 1965 ofisi ea lekala e ile ea buloa Dakar ho hlokomela mosebetsi oa linaha tse buang Sefora tsa Senegal, Mali, le Mauritania, hammoho le naha e buang Senyesemane ea Gambia. Ho tloha ka 1986 re ’nile ra hlokomela mosebetsi Guinea-Bissau ka ho tšoanang, moo ho buuoang Sepotoketsi.”
Ha ke hlokomela hore karolo ea 90 lekholong ea baahi mona ke batho bao eseng Bakreste, ke ile ka botsa ka tsoelo-pele e entsoeng. Motsamaisi oa ka o ile a re: “Ke ’nete hore batho ba bangata linaheng tsena ha baa tloaelana le Bibele, empa mosebetsi o tsoela pele hantle. Ka April 1991 re ile ra thabela ho ba le bahoeletsi ba ’Muso ba 596. Hoo ho bontša hore baena ba sebaka sena le baromuoa ba ’nile ba sebetsa ka thata.”
Ke ile ka re: “Ke lumela hore ho na le baromuoa ba bangata ba sebeletsang mona.”
“E, re na le ba ka bang 60 ba abetsoeng masimo a fapaneng ao re a hlokomelang, ’me ba tsoa linaheng tse 13. Ba sebetsa ka thata ’me ba tlatselitse haholo ho qaliseng mosebetsi motheong o tiileng. Moea ona o bontšoa ke baena ba sebaka sena ka lerato la bona le cheseho bakeng sa ’nete. Ho sa tsotellehe ho tobana le mathata a kang ho hloka mosebetsi le ho ba le lintho tse bonahalang tse fokolang, baena ba bangata ba qeta lihora tse 15 le ho feta khoeli e ’ngoe le e ’ngoe tšebeletsong ea tšimo. Re tšepa hore u tla kopana le ba bang ba basebetsi bana ba chesehang leetong la hao.”
Ke ne ke talimile pele ho etseng joalo.
Ho ea Tšimong le Baromuoa
Margaret (ea bileng tšebeletsong ea boromuoa ka lilemo tse fetang 20 pele a hlokahala haufinyane tjena) o ile a ithaopela ho tsamaea le ’na tšimong ea hae e leng bohareng ba motse-moholo. Re ile ra palama car rapide (koloi e lebelo) ho latsoa bophelo ba sebaka seo. Ha e le hantle, e ne e le bese e nyenyane e neng e emisa khafetsa. E ne e nka bapalami ba 25, ’me ke ile ka bona kamoo leeto le neng le ka ba monate ka teng haeba kaofela ha bona ba ne ba le basesaane. Basali ba babeli ba neng ba lutse le ’na ba ne ba hlile ba le ’mele, empa ke ile ka amohela boemo boo ka pososelo.
Ha re fihla moo re neng re e-ea teng, Margaret o ile a hlalosa: “U ka bona lintho tse ngata tse hohelang, tšimong ea ka e sebakeng seo ho rekisetsoang ho sona. Na u bona meqathatso eo e mebala-bala?” A botsa, a supa e ’ngoe ea matloana a pel’a tselana ea maoto a bontšang lintho tse rekisoang. “E entsoe ka matlalo a dailoeng a linku le lipoli.” Re ile ra atamela baetsi ba meqathatso, ’me Margaret a qalisa nehelano ho bona ka puo ea bona, Sewolof. Ba ile ba mamela ka hloko ’me ba hoheloa ke litšoantšo tsa Adama le Eva tse bukaneng e boholo ba makasine e mebala-bala.
Hang-hang re ile ra atameloa ke barekisi, bao mona ba tsejoang e le banna ba bana-bana, ba rekisang lintho tse ngata tse fapa-fapaneng. Ba bang ba ne ba tšoere mafielo; ba bang ba rekisa liaparo, liloko, meriana, lipache, lilamunu, haesita le linonyana tse phelang. E mong o ne a batla ho nthekisetsa kora, seletsa se kentsoeng maratsoana se entsoeng ka halofo ea mohope, kapa seho, se nang le thutsoana bakeng sa karolo ea sona e kang molala; se letsoa ka matsoho a mabeli. Ke ile ka hlokomela hore ka morao ho sona ho ne ho e-na le setšoantšo se senyenyane sa mask o entsoeng ka letlalo, lenaka la poli, le likhaketlana tse nyenyane tsa “lehlohonolo.” Re ile ra hlalosa hore re ke ke ra reka eng kapa eng e khabisitsoeng ka matšoao ao e ka ’nang eaba a amana le boloi kapa litšebeletso tseo eseng tsa Bokreste. Ho ileng ha re makatsa ke hore monna eo oa bana-bana o ile a lumela, a bontša hore eena ka boeena ke Momosleme. O ile a pata kora ka mor’a seaparo sa hae se selelele, kapa boubou, ’me a mamela ka hloko ha Margaret a nehelana ka bukana e boholo ba makasine, eo e neng e le ea Searabia. O ne a cheseha haholo hoo a ileng a nka bukana e boholo ba makasine ’me a qala ho e bala hona moo. Ka mor’a hore a re lebohe haholo, o ile a tsamaea ka bukana e boholo ba makasine le kora e sa rekoang. Re ile ra ikutloa re kholisehile hore o tla ithuta buka eo e boholo ba makasine lapeng.
Hamorao, ke ile ka bua le John, eo le eena e bileng moromuoa ka lilemo tse fetang 20.
John o ile a mpolella: “Batho ba mona ba na le botsoalle haholo, ’me u ka bua le hoo e ka bang mang le mang eo u kopanang le eena. Tumeliso ea mona e tloaelehileng ‘assalam alaikum’ e bolela ‘khotso e be le uena,’ ’me batho ba bangata ba na le khotso. Ena ke naha ea teranga, kapa moea oa ho amohela baeti, ’me hoo ho bontšoa ka mosa, botho bo mofuthu, le thabo.” Ke ile ka khona ho bona hore na ke hobane’ng ha Lipaki tse ngata tse ncha lilemong tsa linaha lisele li siile malapa a tsona le metsoalle ho tla sebeletsa tšimong ena ea boromuoa.
Ho Lokolleloa ho Phehella Tšebeletso ea Nako e Tletseng
Moea oa boromuoa o na le tšusumetso e tebileng ho Lipaki tsa sebaka sena. Hona ho bonahala haholo hobane ho hloka mosebetsi ho atileng ho etsa hore ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ba nako e tletseng ebe phephetso ea sebele. Marcel le Lucien, ba ileng ba lokoloha litloaelong tse ngata tse kotsi ka ho ithuta linnete tsa Bibele, ba ile ba hlalosa:
“Re ne re batla ho bontša kananelo ea rōna ka ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. Empa ho ne ho le thata ho fumana mosebetsi oa nakoana. Re ile ra leka mosebetsi oa temo, empa hoo ha hoa ka ha atleha. Ho hlatsoetsa batho liaparo ho ne ho re jella nako e ngata haholo. Hona joale re khoebong ea ho baka, re na le mabenkele a mang ao re a rekisetsang ka mehla, ’me hona ho sebetsa hantle haholo.” Ho hlakile hore hoo ho ile ha hlokahala hore ba be le tumelo e matla le bohlale, hammoho le boiteko bo tiileng, empa sena se paka hore hoa khoneha ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng esita leha maemo a moruo a le thata.
Ha Lipaki tsa Jehova li qala ho ithuta Bibele le Michel, o ne a ntse a ithuta univesithing e ’ngoe Dakar. Oa hlalosa: “Ke ne ke tepellelitsoe ke moea oa boitšoaro bo bobe ba liithuti tse ngata, ’me lipotso tse tsietsang li ne li ntšoenya khafetsa. Ke hobane’ng ha motho e le lekhoba la maemo le litloaelo tse kotsi hakaale? Bibele e ile ea mpha likarabo. E ne eka mojaro o boima o tlositsoe mahetleng a ka. Le hoja batsoali ba ka ba ile ba phehella hore ke tsoele pele ka lithuto tsa ka, ke ile ka kenela tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang ’me ka sebeletsa joaloka pula-maliboho oa ka mehla bakeng sa nako e setseng eo ke neng ke tla e qeta ke ntse ke le univesithing. Ke fumana ho abelana litaba tse molemo le ba bang joaloka pula-maliboho, ho ntlisetsa thabo e khōlō, ho fapana le ho batla mosebetsi tsamaisong e tla tloha e felisoa.” Joale Michel o sebeletsa joaloka pula-maliboho ea khethehileng Mbour.
Sethepu ha se Bapisoa le Lenyalo la Bokreste la Mosali a le Mong
Hase ka mehla meetlo ea sebaka e lumellanang le melao ea Bokreste, ’me hona ho ka hlahisa liphephetso tse ikhethang. Alioune, molebeli ea okamelang ho e ’ngoe ea liphutheho tse tšeletseng tsa Lipaki tsa Jehova tse motseng oa Dakar le libakeng tse mathōkong a eona, o hlalositse: “Ha ke qala ho utloa ’nete e lokollang, ke ne ke e-na le basali ba babeli. Joaloka Momosleme ea mafolo-folo, bolumeli ba ka bo ne bo ntumella ho ba le ba fetang moo. Ntate oa ka o ne a e-na le basali ba bane, ’me bongata ba metsoalle ea ka bo ne bo e-na le ba ’maloa. Ke mokhoa o amohelehang mona Afrika.” Empa phello ea mokhoa ona oa bophelo e ile ea e-ba efe?
Alioune o hlalositse: “Ho ba le basali ba fetang a le mong ho ka baka mathata a mangata, haholo-holo mabapi le bana. Ke na le bana ba leshome ka mosali oa ka oa pele le ba babeli ka mosali oa ka oa bobeli. Malapeng a joalo, ntate o atisa ho tšoana le motho eo bana ba sa mo tsebeng, kahoo ha ba rue molemo thusong le taeong ea hae. Ebile sethepu ha sea ka sa ntšireletsa esita le bofebeng. Ho e-na le hoo, ke boitšoaro, tholoana ea moea oa Molimo, bo entseng hoo.” Kahoo, ke eng seo Alioune a ileng a se etsa?
O tsoela pele: “Ke ile ka khutlisetsa mosali oa ka oa bobeli habo, ’me ka bohlale ka hlalosa hore hase hore ke fumane ho hong ho eena ho sa khahliseng, empa morero oa ka e ne e le ho ikokobelletsa ho batloang ke Molimo. Ke ile ka etsa litokisetso tse khethehileng tsa ho hlokomela bana ba ka kaofela ka lintho tse bonahalang le ka lintho tsa moea, ’me ke leboha haholo hore ebe le bona kajeno ba sebeletsa Jehova. Ho ba robong bao e leng bahoeletsi, ba bahlano ba kolobelitsoe, ba babeli ba sebeletsa joaloka bo-pula-maliboho ba khethehileng, ’me ba bang ba bararo ke bo-pula-maliboho ba ka mehla le ba thusang. Ka sebele ’nete e ntokollotse mathateng a mangata a amanang le ho hōlisa bana.”
Borapeli ba Lithatho ha bo Bapisoa le Borapeli ba ’Nete
Ho latelang leetong la ka e ne e le ho etela Casamance karolong e ka boroa. Ke ile ka khahloa ke kamoo lintho tsohle li neng li bonahala li tlokoma li bile li le tala ka teng. Sebaka sena seo karolo ea sona e boholo ba lik’hilomithara tse 300 e nosetsoang ke Nōka e khōlō ea Casamance, se hlahisa reise, poone, le makotomane. Mekhoro e mekato e ’meli, e nang le marulelo a joang a kang linkho a khakeletsang metsi a pula bakeng sa nako ea selemo ea ha pula e sa ne, e ne e tletse-tletse ho pholletsa le naha. Motse-moholo, Ziguinchor, o ahiloe ka har’a lifate tse ngata tsa lipalema. Ke ile ka thabela ho kopana le phutheho e chesehang ea batho ba Jehova mona.
Dominic, moromuoa ea sebetsang Ziguinchor le libaka tse e potolohileng, o ile a mpolella hore mosebetsi oa boboleli sebakeng sena o tsoela pele hantle. O itse: “Lilemong tse leshome feela tse fetileng, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 18 Phuthehong ea Ziguinchor. Hona joale ho na le bahoeletsi ba 80. Ho hlokomela keketseho ena e khōlō, re ahile Holo ea ’Muso e ncha e ntle, re sebelisa letsopa le lefubelu le fumanoang hona mona setšeng sa holo. Moaho ona o ipakile e le bopaki bo boholo sechabeng. Lipolelo tse ntle li ile tsa buuoa ke ba neng ba bona batho ba merabe e fapaneng ba sebetsa ba kopane ka khotso. Kopanong ea potoloho ea morao-rao, tlhōrō ea ba bileng teng e bile 206, ’me ha kolobetsoa ba bane.”
Batho ba bangata karolong ena ea Senegal ba sa ntsane ba latela litumelo tsa baholo-holo ba bona ba shoeleng tsa hore moea ha o shoe, ba rapela lithatho esita le hoja ba ipolela hore ke Bakreste kapa Mamosleme. Ke ile ka mamela ka hloko pale e neng e phetoa ke Victor, eo e leng moholo phuthehong ea Ziguinchor.
“Ke tsoaletsoe lelapeng le leholo le rapelang lithatho Guinea. Ha ke tsoaloa, ntate oa ka o ile a nehelana ka ’na ho moea o mong, kapa modemona. Ho fumana mohau oa ’ona, ke ne ke tlameha ho nka mokotla o motšo oa liaparo o ka tlas’a bethe ka mehla, ke etse aletare e nyenyane, ’me ke nyehele sehlabelo sa mali lenakeng la phoofolo le neng le emela mosireletsi oa ka oa modemona. Esita le ka mor’a hore ke be Mok’hatholike, ke ’nile ka ikutloa ke le lekhoba la bademona. Ka mor’a hore ke fallele Senegal, Lipaki tsa Jehova li ile tsa qala ho ithuta Bibele le ’na. ’Na le mosali oa ka re ile ra ithuta hore re ke ke ra tsoela pele ho ‘jela tafoleng ea Jehova le tafoleng ea bademona.’ (1 Ba-Korinthe 10:21) Empa ha ke khaotsa ho nyehela mahlabelo, bademona ba ile ba qala ho re hlasela. Ke ne ke tšaba ho lahla mokotla o motšo oa liaparo le lintho tsa oona kaofela tsa bodemona hobane ke ne ke tseba monna ea ileng a hlanya ka mor’a hore a etse joalo.” Ke boemo bo tepelletsang hakaakang boo Victor a neng a le ho bona!
“Qetellong mantsoe a Ba-Roma 8:31, 38, 39 a ile a re fa matla a hlokahalang bakeng sa ho lahla lintho tsohle tse amanang le borapeli ba lithatho. Kaha joale re se re tšepile Jehova, kannete re lokollotsoe. Lelapa la ka kaofela le na le tšepo e babatsehang ea bophelo bo sa feleng paradeiseng ea lefatšeng, moo moloko oa motho kaofela o tla lokoloha tšusumetsong ea bademona ba khopo.”
Qetellong, e ne e le nako ea hore ke tsamaee. Ha ke ntse ke paka mekotla ea ka, ke ile ka nahana ka leeto la ka le ke keng la lebaleha la ho tla Senegal. E bile ho matlafatsang tumelo hakaakang bakeng sa ka ho kopana le ho buisana le batho ba bangata hakana ba lokollotsoeng botlamuoeng ba ho sebelisa lithethefatsi hampe, boitšoaro bo bobe, le tumela-khoela ’me joale ba thabela tokoloho ea ’nete. Ho sa tsotellehe maemo a moruo a thata, ba fumana thabo le khotsofalo ho sebeletseng Jehova, ea ba tliselitseng tšepo ea sebele ea bophelo bo sa feleng paradeiseng lefatšeng. Re mo leboha hakaakang ea entseng hore ho khonehe hore litaba tse molemo hakana li se ke tsa tsebahatsoa Senegal feela empa hape li tsebahatsoe lefatšeng ka bophara nakong ea “ngoaha oa mehauhelo ea Jehova”! (Esaia 61:1, 2) Se nehetsoe.
[Limmapa tse leqepheng la 8]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
SENEGAL
St. Louis
Louga
Thiès
Dakar
Kaolack
GAMBIA
Banjul
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Metsi a lokollang a ’nete a abelanoa ka bolokolohi metseng
Lehae la baromuoa le ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Dakar, Senegal
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Esita le lebōpong la leoatle, batho ba Senegal ba utloa molaetsa oa Bokreste