Ho Lokolloa ha Meqolo ea ho Qetela ea Leoatle le Shoeleng
SELEMONG se fetileng ka September, qetellong mokoallo oa litsebi o nkileng mashome a lilemo o ile oa robeha. Ho ile ha bonahala eka khohlano e mabifi e pakeng tsa liithuti tsa Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e felile, le hoja e ka ’na eaba ho qalehile khohlano e ncha.
Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e ile ea sibolloa mahaheng a haufi le Leoatle le Shoeleng ka 1947 le lilemong tse ileng tsa latela. Meqolo ena e ne e le ea bohlokoa haholo bakeng sa ho bontša ho nepahala ha motheo ha taba e ngotsoeng ea Mangolo a Seheberu le ho fana ka kutloisiso maemong a bolumeli a neng a le teng Palestina ha Jesu a ne a le lefatšeng. (Esaia 40:8) Le hoja tse ling tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho li ile tsa hatisoa kapele, ka 1991, hoo e ka bang libuka tse 400 tse ngotsoeng ka letsoho li ne li ntse li e-s’o hatisoe ’me litsebi tse ngata li se na tsona. Joaloka Moprofesa Ben Zion Wacholder, litsebi tse ngata li ile tsa “tšoenngoa ke ho hlokomela hore ho latela lebelo leo li hatisoang ka lona bohle re tla be re se re shoele ha libuka tse felletseng tsa taba e ngotsoeng ea Leoatle le Shoeleng li qala ho fumaneha ho batho ka kakaretso.”
Empa boemo boo bo ile ba fetoha selemong se fetileng ka September. Tabeng ea pele, Moprofesa Wacholder le motsoalle oa hae, Martin Abegg, ba ile ba phatlalatsa hore ka bohlale ba ile ba sebelisa computer ho hlahisa bocha taba e ngotsoeng e lebetsoeng ka thata-thata. Laeborari ea Huntington e San Marino, California, U.S.A., e ile ea phatlalatsa hore e na le litšoantšo tsa libuka tsa pele-pele tse ngotsoeng ka letsoho ’me e ne e tla etsa hore litsebi tse hlomphehang li fumane litšoantšo tsena ka ntle ho lithibelo. Ka ho hlakileng, ho ne ho entsoe likopi tse ’maloa tsa litšoantšo tsa meqolo ena e le hore e tle e bolokehe. Lihlopha tsa litšoantšo li ne li bolokiloe libakeng tse sa tšoaneng, ’me qetellong ho ile ha etsahala hore sehlopha se seng sa litšoantšo se be Laeboraring ea Huntington.
Setsebi se seng se ile sa bitsa phetoho ena ea lintho ‘taba ea litsebi e tšoanang le ho heleha ha Lerako la Berlin.’ Bahatisi ba molao ba ile ba bitsa khatiso ena ea taba e ngotsoeng ka computer le ho lokolloa ha litšoantšo ‘bosholu.’ Ho ka etsahala hore khang ea hore na seo se nepahetse kapa che e tla tsoela pele ka lilemo-lemo. Khabareng, ho bonahala eka qetellong litsebi tse ling tse eketsehileng li tla khona ho hlahloba pokello eohle ea Meqolo ea Leoatle le Shoeleng.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Setšoantšo sa tlhaloso ea lengolo la Habakuke, e leng o mong oa Meqolo ea Leoatle le Shoeleng