Ho Boloka Botšepehi ba Bokreste Liberia e Harasantsoeng ke Ntoa
Joalokaha ho boletse paki e boneng ka mahlo
“HA LITLOU li loana, le joang bo tla ameha.” Maele ao a Afrika Bophirimela a akaretsa hantle hakaakang se ileng sa etsahala nakong ea ntoa Liberia haufinyane tjee! Batho ba ka bang 20 000 ba ile ba shoa, ’me batho ba etsang halofo ea baahi ba naha ba limillione tse 2,6 ba ile ba tlosoa mahaeng a bona. Ba bangata ho ba ileng ba utloa bohloko e ne e se masole; e ne e le “joang”—banna, basali, le bana ba se nang kotsi.
Ha ntoa e qhoma ka December 1989, Lipaki tsa Jehova tse ka bang 2 000 tse Liberia li ne li thabela keketseho e tsitsitseng palong ea tsona ’me li ne li lebelletse bokamoso ka kholiseho. Ka masoabi, li ile tsa fetoha karolo ea ‘joang bo ileng ba ameha.’
Ho Kekela ha Ntoa
Ntoa e ile ea qala pel’a leliboho le pakeng tsa Liberia le Côte d’Ivoire, ’me ka potlako batšabeli ba ile ba qala ho balehela motse-moholo, Monrovia, motse o nang le baahi ba fetang halofo ea millione. Ho tloha ka March ho fihlela ka May 1990, ha ntoa e leba boroa, baromuoa ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba tlosoa mahaeng a bona Ganta pele eaba hamorao ba tlosoa Gbarnga. E bile ba bang ba baahi ba ho qetela ba ho tloha litoropong tseo. Ntoa e ile ea fihla sehlohlolong sa eona ha mabotho a hlometseng a kena Monrovia ka July 2, 1990.
Ha ho ea neng a itokiselitse masisa-pelo a ileng a latela. Mabotho a mararo a arohaneng a ile a tsoela pele ho loantšana literateng ka libetsa tse kotsi, lirokete, le likharenate. Ba sa kang ba bolaoa ka lebaka la hore e ne e le ba morabe o hloiloeng ba ne ba hlekefetsoa nako le nako ’me ba phenya-phenngoa. Bosiung bo bong ba August banna, basali, le bana ba fetang 600 ba neng ba tšabetse Kerekeng ea Lutere ea St. Peter’s ba ile ba bolaoa ke babolai ba inahanelang feela ka ntoa.
Batho ba makholo ba ile ba baleha libakeng tseo ho loanoang ho tsona ka liaparo tse ’meleng feela. Malapa a ile a aroloa ’me ka likhoeli a ne a sa khone ho kopana. Ho ne ho bonahala eka baahi bohle ba Monrovia ba falletse, ho e-na le matlo a se nang letho ao ho ’ona ho lulang masole le batšabeli ba neng ba balehile likarolong tse ling tsa motse. Batho ba fetang halofo ea baahi ba Monrovia ba ile ba tlosoa mahaeng a bona. Ba bangata ba ile ba lahleheloa ke sohle seo ba neng ba e-na le sona haesitana le ho shoeloa bonyane ke motho a le mong eo ba amanang le eena. Ba bang ba ile ba lahleheloa ke ho hongata ho eketsehileng.
Boemo bo ile ba fihla boemong bo kotsi hoo linaha tse ling tse hlano tsa Afrika Bophirimela li ileng tsa romela masole ho leka ho tlisa khotso. Ho ea bofelong ba October 1990, ntoa boholo e ne e se e letse. Empa joale tlala e ile ea aparela motse o senyehileng joaloka seaparo sa bafu. Ba mafapha a liphallelo ba tlaleha hore boemong bo bong hoo e ka bang bana ba etsang karolo ea boraro ea bana ba Monrovia ba ka tlaase ho lilemo tse hlano ba ne ba sa fumane phepo e ntle ’me batho ba ka holimo ho lekholo ba ne ba bolaoa ke tlala letsatsi le leng le le leng. Maemo ha a ka ba a ntlafatsoa ke bo-ramenyetla; ba bangata ba ile ba utsoa reise ea liphallelo eaba joale ba e rekisa liranta tse 55 kopi. Mafu a ne a lula a le teng ka linako tsohle haholo-holo k’holera, kaha metsi a motse oo, ho qhaloa ha likhoere-khoere, le litšebeletso tsa motlakase li ne li sentsoe ka ho felletseng.
Lipaki tsa Jehova tse ka bang sekete tse neng li lula Monrovia le tsona li ile tsa hlokofatsoa haholo. Bongata ba tsona li ile tsa baleha motseng ’me tsa ea libakeng tsa mahae, ha tse ling li ile tsa tsamaea ka sekepe ho ea Ghana le Nigeria kapa tsa tsamaea ka likoloi ho ea Côte d’Ivoire kapa Sierra Leone. Ho tloha ka July ho fihlela ka December 1990, Lipaki tse ka holimo ho 30 li ile tsa shoa. Tse ling li ile tsa bolaoa ka ho thunngoa, ha tse ling li ile tsa bolaoa ke ho kula le tlala. Alan Battey le Arthur Lawson, bao e neng e le baromuoa ba Maamerika ba tsoang Sekolong sa Koetliso ea Bosebeletsi, kamoo ho bonahalang ka teng e ne e le ba bang ba ba bolailoeng. Tšepo ea tsoho e thehiloeng Bibeleng ke matšeliso a makaakang ho rōna ba ileng ba lahleheloa ke beng ka rōna kapa ke metsoalle nakong eo e mahlonoko!—Liketso 24:15.
Boena ba Bokreste Ketsong
Ha ntoa e ntse e kupa, Lipaki tse ngata tse neng li tlositsoe mahaeng a tsona li ile tsa tšabela ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova le lehaeng la baromuoa ka lehlakoreng le leng la toropo. Ba bang ba ne ba batla tšireletso kahobane e ne e le litho tsa morabe oo masole a sebaka seo a neng a o bolaea. Ba bangata ba ile ba fuoa likabelo tsa mosebetsi lekaleng ’me ba ile ba thusa haholo ka ho pheha le ho hloekisa, ha ba bang ba ne ba abetsoe ho kha meroho ea naha mekhoabong e haufi ha maemo a ka ntle a ne a lumella hoo.
Batho ba ne ba robala hohle, ka likamoreng tsa ho robala tsa baromuoa, liphacheseng, Lefapheng la Thomello, le ka liofising. Re ile ra epa mekoti ea matloana a boithuso. Basali ba ile ba abeloa ho sebeletsa joaloka baoki, ’me ba ile ba sebetsana le mafu a malaria le feberu ka katleho. Hangata letšollo e ne e e-ba bothata.
Re ile ra etsa tokisetso ea mekhoa e khethehileng ea ntlo, ho kopanyelletsa le moo ho ka ipatoang teng ha bomo e phatloha. Ka hona, ha mabotho a lireng a betsa libomo tse matla, re ne re koetliselitsoe ho ea libakeng tse sireletsehileng tse lekaleng ka potlako. Le hoja lerako la rōna le bophahamo ba limithara tse tharo e ne e le tširelo, le ne le sa lekana ho thibela likulo. Ka potlako marulelo a rōna a ile a shebahala joalokaha eka ke botlolo e tšelang pepere ka lebaka la masoba a mangata-ngata ao a neng a e-na le ’ona!
Ba bangata ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing ho sireletsa Lipaki ’moho le bona ho ba neng ba batla ho li bolaea kahobane e ne e le tsa morabe o hloiloeng. Ka letsatsi le leng khaitseli oa Mokreste o ile a fihla lekaleng le bana ba hae ba ntseng ba phela a sekisitse meokho, ngoana e mong e le lesea le libeke li peli. Monna oa hae le mora ea lilemong tsa bocha ba ne ba sa tsoa thunngoa a ba shebile. Khaitseli le bana ba bang ba hae ba ile ba patoa ka katleho ke Paki e ’ngoe ha babolai ba khutla ho tla ba batla.
Lelapa le leng le ile la fihla lekaleng le mohoeletsi ea sa kolobetsoang ea neng a ile a le thusa hore le se bolaoe ke batho ba morabe oa mohoeletsi eo ea sa kolobetsoang. Joale, ha boemo bo fetoha ’me mohoeletsi eo ea sa kolobetsoang a ba kotsing, lelapa leo le ile la mo pholosa ho batho ba morabe oa habo lona.
Ka makhetlo-khetlo, baromuoa ba ne ba bua le banna ba hlometseng ba leng hekeng ea ofisi ea lekala ba leka ho ba thibela hore ba se ke ba phenyekolla kapa ba utsoa ka har’a mehaho. Ka lekhetlo le leng sehlopha se halefileng se ile sa itahlela ka har’a jarete, sa re supa ka lithunya ’me sa tsitlallela ho re re patile litho tsa morabe o itseng. Se ile sa makala ho bona kamoo Lipaki tsa moo li neng li itšoere ka teng, li lutse li khutsitse ’me li mametse liboka tsa Bokreste tseo re neng re e-na le tsona. Ba ile ba phenyekolla ntlo empa ha baa ka ba fumana seo ba neng ba se batla. Ka mehla re ne re atleha ho kholisa batho bao hore re ne re sa pata masole kapa sera leha e le sefe sa bona. Joaloka Bakreste re ne re sa nke lehlakore.
Ka lekhetlo le leng ha ho ntse ho loanoa ka matla, sehlopha sa Lipaki se ile sa fihla lekaleng se nkile moena ea tšoeroeng ke kankere e bolaeang. Ka masoabi, o ile a shoa nakoana ka mor’a moo. Ho ile ha chekoa lebitla ka jareteng, ’me re ile ra ba le tšebeletso e amang maikutlo hakaakang ea lepato! Moena enoa e ne e bile e mong oa baholo ba hona moo ea molemohali, ea qetileng lilemo tse ngata tšebeletsong e tšepahalang. Batho ba ka bang 100 ba tlositsoeng mahaeng a bona ba ile ba bokana ka kamoreng eo baeti ba fihlelang ho eona bakeng sa ho mamela puo ea sehopotso, e ileng ea fanoa ho e-na le lerata la lithunya.
Ho Fumana Lijo le Metsi
Lijo li ne li fokola haholo. Esita le pele ntoa e qaleha, bahoebi ba ne ba se ba khaolitse ho kenya thepa ka har’a naha. Ka hona, ho ne ho setse lijo tse fokolang haholo motseng. Lijo tsa rōna lekaleng li ka be li ile tsa lekana lelapa la rōna la litho tse 12 ka likhoeli tse ngata, empa hangata re ne re ee re be le batho ba ka bang 200 ba lulang le rōna, ho kopanyelletsa le baahisani bao e seng Lipaki bao ka sebele ba neng ba hloka thuso. E mong le e mong o ne a beetsoe moeli oa ho ja lijo tse nyenyane hanngoe ka letsatsi; re ile ra pholoha ka likabo tse joalo tsa lijo ka likhoeli tse ngata. Motho e mong le e mong o ne a lapile. Bana ba ne ba otile, ba lepelletse feela matsohong a batsoali ba bona.
Haufinyane lijo tsa rōna li ne li tla fela. Tse eketsehileng re ne re tla li fumana hokae? Ho ne ho se mabenkele a butsoeng Monrovia. Hohle moo motho a neng a sheba teng, o ne a bona batho ba bolaoang ke tlala ba tletse-tletse literata ba batla lijo. Batho ba ne ba e-ja ntho e ’ngoe le e ’ngoe—ho kopanyelletsa lintja, likatse, le litoeba. Baromuoa ba babeli ba tsoang lekaleng ba ile ba etsa qeto ea ho leka ho ea Kakata, toropo e ka bang lik’hilomithara tse 60 ho tloha moo, e leng moo ntoa e neng e se e letse.
Ba ile ba beha limakasine tsa Molula-Qhooa le matšoao lifensetereng tsa koloi ho bontša hore ke Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a ho feta libaka tse ’maloa tseo ho hlahlobjoang batho ho tsona, ba ile ba emisoa ’me ba botsoa lipotso ke monna oa sehanyata eo likharenate li neng li lepelletse sefubeng sa hae ’me rabolloro e leketlile lehlakoreng la hae. Ba ile ba ipolela hore ke Lipaki tsa Jehova ’me ba bolella monna eo hore ba ne ba batla ho ea Kakata ho fumana lijo.
Monna eo o ile a re: “Ntateleng, ke ’na molaoli oa ntoa mona.” O ile a ba isa ntlo-khōlō ea hae. Ka mor’a ho ithuta hore ba fane ka bolulo ho batho ba neng ba tlositsoe mahaeng a bona, o ile a laela banna ba hae ho isa mekotla e 20 ea reise lekaleng la rōna, mokotla ka mong o le boima ba lik’hilogramo tse 45! Hape, ba ile ba fuoa tumello ea ho ea Kakata, ’me molebeli ea hlometseng o ile a abeloa ho ba tsamaisa ba sireletsehile hore ba fete libakeng tseo ho neng ho hlahlobjoa batho ho tsona.
Ha ba le Kakata ba ile ba fumana moena oa rōna oa Mokreste Abraham ea neng a e-na le lebenkele. O ne a re boloketse mabokose a lijo, ho kopanyelletsa le lebese le phofo, tsoekere, meroho e ka makoti-koting, le thepa e ’ngoe e hlokahalang. Ka sebele ho ne ho hlolla ho bona kamoo baena ba rōna ba ileng ba hlokomeloa ka teng leetong la bona. E tlameha e be Jehova o ile a thabisoa ke hore re ne re ile ra abelana lijo tsa rōna le metsoalle ea rōna le baahisani ba rōna, hobane joale lijo tsa rōna li ile tsa eketsoa.—Liproverbia 11:25.
Lehlakoreng le leng la Monrovia, baromuoa ba leng lehaeng la baromuoa le bona ba ile ba hlokomela batho ba tlositsoeng mahaeng a bona ’me le bona ba ile ba amohela thuso e tsoang mehloling e sa lebelloang. Ka mohlala, moromuoa e mong o ile a fumana mekotla e meraro ea reise ho lesole le ileng la mo hopola ha moromuoa eo a ne a sebeletsa sebakeng sa habo lesole leo lilemo tse ka bang 16 tse fetileng. Moromuoa e mong o ile a fumana mekotla e mene ea reise ka mor’a ho buisana ka seqo le moeta-pele oa se seng sa lihlopha tse loantšanang.
Lekhetlong le leng ho ile ha bonahala eka re ne re tla tlameha ho tloha lekaleng ka lebaka la ho haelloa ke metsi. Ka nakoana seliba sa rōna e ne e le sona feela mohloli oa metsi a nooang ho ba bangata motseng. Leha ho le joalo, phepelo ea mafura bakeng sa jenereithara ea motlakase e pompong ea rōna e ile ea fela. Ha monna ea neng a ile a sireletsoa lekaleng nakong ea matsatsi a qalang a ntoa a utloa ka bothata ba rōna, o ile a re fumanela mafura ka lebaka la kananelo bakeng sa seo re neng re mo etselitse sona, kahoo ha ho mohla phepelo ea rōna ea metsi e kileng ea fela.
Ho Boloka Matla a Moea
Ha ba ho qetela ba rōna baromuoa re ne re qobelloa ho tloha Liberia ka October 1990, ntho ea bohlokoa likelellong tsa rōna e ne e le hore, baena le bo-khaitseli ba rōna ba tla tsoella joang? Ho tsoa litlalehong tseo re li amohetseng ho tloha ka nako eo, ho totobetse hore ba ’nile ba ipoloka ba tšoarehile tšebeletsong.
Pele ho ntoa karolelano ea lihora tseo Paki ka ’ngoe e neng e li qeta tšebeletsong e ne e ka ba tse 17 khoeli ka ’ngoe. Leha ho le joalo, nakong ea ntoa, ho sa tsotellehe tlhokahalo ea hore nako le nako ho ’ne ho batloe meroho ea naha bakeng sa lijo, Lipaki tse liphuthehong tse ling li ne li e-ba le karolelano ea lihora tse 20 mohoeletsi ka mong! Ho feta moo, ka lebaka la khaello ea limakasine tsa Molula-Qhooa, bo-khaitseli ba rōna ba bangata ba ile ba kopitsa lihlooho tse ithutoang ka letsoho e le hore ho ka ba le likopi tse eketsehileng bakeng sa motho e mong le e mong thutong ka Sontaha.
Liphutheho tse ’nè tse haufi le Monrovia li ile tsa tlala Lipaki tse neng li balehile ntoa e neng e le motse-moholo. Metsoalle ena e ile ea lahleheloa ke tsohle tseo e neng e e-na le tsona kaha e ne e sitoa ho khutlela mahaeng a eona ho nka ntho leha e le efe. Ha e le hantle, ka likhoeli tse ngata ba bangata ba ne ba bile ba le ka mahlakoreng a sa tšoaneng a ntoa ba le hōle le bana ba bona le batsoali ba bona! Sehopotsong sa lefu la Jesu ka March 30, kakaretso ea ba neng ba le teng liphuthehong tsena tse ’nè e ile ea ba 1 473.
Lipaki tse ka bang 300 tse setseng Monrovia li ile tsa etsa boiteko bo khethehileng ba ho nka bopula-maliboho bo thusang khoeling ea Sehopotso, esita le hoja libekeng tse ’maloa feela pele ho moo, li ne li fokola haholo ’meleng ka baka la tlala hoo li neng li sitoa le ho tsamaea. Li ile tsa sebetsa ka thata haholo ho mema batho hore ba tle Sehopotsong, ’me ba 1 116 ba ile ba ba teng.
Moholo e mong oa Mokreste Monrovia oa hlalosa: “Re ile ra etsa qeto ea ho qalisa liboka hape Holong ea rōna ea ’Muso ho tloha ka December 1990. Ba bileng teng ka lekhetlo la pele e bile ba 17. Hamorao palo e ile ea nyolohela ho 40, ’me e ile ea lula e le 40 ka nakoana. Joale ka February 24, palo ea rōna e ile ea hōla ho ba 65 ’me beke hamorao ea e-ba 85. Hape, hoo e ka bang e mong le e mong ka phuthehong o ile a arabela pitsong ea ho nka bopula-maliboho bo thusang ka March.”
Ho Hlokomela ba Bang
Motho e mong eo e leng mong ka Paki empa eena e se Paki o ile a hlokomela: “Baena ba rōna ba likereke ba ne ba tšoarehile ka ho bolaeana nakong ea ntoa, ho se na mohla ba nang le nako ea balumeli-’moho le bona.” Empa boemo bo ne bo fapane hakaakang ho batho ba Jehova!
Ka mohlala, molula-setulo oa sehlopha se haufi le moo se neng se phalletse, o ile a ngolla baena ba neng ba hlokomela lekala ka February 1991: “Lengolo lena ke pontšo ea liteboho le kananelo ho lōna le mokhatlo oa lōna bakeng sa setsi sa polokelo seo le ntseng le tsoela pele ho re fa sona nakong ea ho abjoa ha lijo bathong ba rōna. Pontšo ea lōna ea mosa oa botho e bontša ho ikemisetsa ha lōna le le Mokhatlo ho tlisa khotso le katleho naheng ena. Ka kōpo tsoelang pele ka litšebeletso tsa lōna tse molemo.”
Lipaki tsa Jehova linaheng tse ling li ile tsa arabela ka potlako litlhokong tsa baena ba tsona ba Liberia. Ho ’nile ha abjoa liphallelo tse hlahang linaheng tse kang Sierra Leone le Côte d’Ivoire tse Afrika Bophirimela, Netherlands le Italy tse Europe, le United States.
Ngoanana e monyenyane, eo ’mè oa hae a ileng a bolaoa hobane e le oa morabe o hloiloeng, o ile a hlalosa teboho ea hae bakeng sa thuso eo a e amohetseng. O ile a ngola: “Ke le leboha haholo ka lintho tsohle tseo le nthomelletseng tsona. Le nketsa hore ke ikutloe joalokaha eka ’mè o ntse a le haufi le ’na. Eena le ngoan’eso e monyenyane oa moshanyana ba ile ba bolaoa nakong ea ntoa. Ke kōpa Jehova hore a le hlohonolofatse kaofela. Ke lilemo li 11.”
Moena e mong ea nang le lelapa la litho tse tšeletseng eo mosali oa hae a ileng a tlameha ho ipata ka likhoeli ka lebaka la morabe oa hae le eena o boetse a leboha thuso eo a e amohetseng, o ngotse: “Ha rea ka ra thuha matlo a batho ho utsoa le ho rekisa thepa ea bona leha ho le joalo, ho fapana le baahisani ba rōna, re na le seo re se jang letsatsi le leng le le leng hobane re tseba kamoo re ka sebelisang bonyane boo re nang le bona ka bohlale. Sena re ithutile sona ho Jehova.”
Ho hong ho khahlang ke moea oa moena ea ileng a balehela Côte d’Ivoire le mosali oa hae le bana ba babeli. O ile a siea ntlo e ntle eo hamorao e ileng ea chesoa lore! Leha ho le joalo o boletse hore ho mo utloisitseng bohloko haholo hase ho lahleheloa ke ntlo ea hae, empa ke ho lahleheloa ke polokelo ea hae ea libuka tsa puso ea Molimo!
Re Ile ra Ithuta Lithuto Tsa Bohlokoa
Ha ke hetla, ke ananela hore e be Jehova o re rutile lithuto tse ngata tsa bohlokoa. Kaha ’na ka bonna ke tseba batho ba bangata ba ileng ba boloka botšepehi ba bona ’me ba pholoha, esita le ba ileng ba boloka botšepehi ba bona ’me ba shoa, ke ithutile ho ananela bohlokoa ba ho ba le boikutlo ba kelello ba moapostola Pauluse, ea ngotseng: “Leha re phela, re phelela Morena, ’me leha re e-shoa, re shoela Morena. Ka baka leo, leha re phela, leha re e-shoa, re ba Morena.”—Ba-Roma 14:8.
Moromuoa e mong oa nako e telele o hlokometse: “Ho sena sohle, re ithutile hore Jehova ke Mothusi eo ho seng ea lekanang le eena. Joalokaha Pauluse a boletse: ‘Empa kahlolo ea ho shoa e ile ea hla ea e-ba ka ho rōna, hore re tle re se ke ra itšepa, re mpe re tšepe Molimo o tsosang bafu.’” (2 Ba-Korinthe 1:9; Pesaleme ea 30:10) O ile a eketsa: “Ntoa e ile ea hlakisa hore batho ba Jehova ka sebele ke mokhatlo oa baena, o apereng lerato le intšang sehlabelo leo Jesu a ileng a le phahamisa.”—Johanne 13:35.
Lengolo le tsoang ho khaitseli e mong oa Liberia le neng le tla ho rōna baromuoa ba ileng ba tlameha ho tloha naheng eo nakong ea ntoa ka October 1990 le hlakisa hantle matla a boena ba rōna ba Bokreste. O ngotse: “Thapelo ea ka ke hore haufinyane kaofela ha lōna le khutlele Liberia e le hore re ka ba le kopano. Oho! ke sitoa ho letela letsatsi leo. Khopolo ea lona feela ea nthabisa.”
E, e tla ba ho hlollang ho bona kemiso e tloaelehileng ea mosebetsi oa Bokreste e tsosolosoa ka ho felletseng Liberia. Khaitseli oa rōna o nepile; kopano ea pele e tla tšoaroa Monrovia ka mor’a ho khutla ha baromuoa le batšabeli ba bang e tla ba e thabisang. Ha ho pelaelo ka hoo!
[’Mapa o leqepheng la 27]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LIBERIA
Monrovia
Kakata
Gbarnga
Ganta
SIERRA LEONE
GUINEA
CÔTE D’IVOIRE
Leoatle la Atlantic
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Bana ba Lipaki tse tlositsoeng mahaeng a tsona ofising ea lekala nakong ea ntoa
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Batšabeli ba Liberia ba phahlolla liphahlo tse fanoeng ke Lipaki Côte d’Ivoire