Phephetso ea ho Paka ho e ’Ngoe ea Likou tse Khōlō ka ho Fetisisa Lefatšeng
ROTTERDAM, e leng sebakeng seo Rhine, nōka ea Europe e phetheselang ka ho fetisisa, e kenang North Sea teng, e khetholloa joaloka e ’ngoe ea likou tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. Ke likepe tsa lik’hamphani tse 500 tse tlang sebakeng sena, likepe tse tlohang Rotterdam li tsamaela libakeng tse fetang 800 lefatšeng lohle. Ruri ke kou ea machaba.
Leha ho le joalo, kou ena ea Madutch e nang le lilemo tse 650 e le teng, e feta hoo ho ka thoe’ng ke mateanong a litsela tsa likepe. E boetse ke sebaka seo batho ba kopanang ho sona. Basebetsi ba bangata ba likepeng ba fihla lenyele-nyele letsatsi le letsatsi le bosiu bo bong le bo bong ba tsoa likarolong tsohle tsa lefatše. Lipaki tsa Jehova tse Netherlands li ne li sa hlokomoloha basebetsi bana ba likepeng. Ho tšoana le Lipaki tse libakeng tse ling, li batla menyetla ea ho bolela litaba tse molemo ka ho fetisisa lefatšeng—tsa hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla fetola lefatše Paradeise—ea batho ba mefuta eohle, ho akarelletsa le ba sebetsang likepeng.—Daniele 2:44; Luka 23:43; 1 Timothea 4:10.
“Kabelo ea Boromuoa e Fetotsoeng”
Lilemong tse seng kae tse fetileng, Mokhatlo oa Watch Tower o Netherlands o ile oa kōpa baboleli ba nako e tletseng kapa bo-pula-maliboho, hore ba etse mosebetsi oa ho bolela ho tloha sekepeng se seng ho ea ho se seng ho pholletsa le kou ea Rotterdam. Bo-pula-maliboho bana ba ile ba amohela tokelo ena ka cheseho e khōlō. Ba ile ba bokella boitsebiso bo tsoang ho molaoli oa kou ena, ba etsa liphuputso likoung, ’me kapele ba hlokomela hore kabelo ea bona ke e phephetsang.
Meinard ea hlophisang mosebetsi oa ho paka koung ena o re: “Ke kabelo ea boromuoa e fetotsoeng.” O bolela’ng? “Hangata moromuoa ke eena ea tsamaeang leeto le lelelele ho ea ho batho, empa ho rōna ke batho ba nkang leeto le lelelele ho tla ho rōna.” Oa phaella: “Mohlomong tšimo ea rōna ke ea lichaba tsohle joalokaha u ka utloisisa.” Buka ea selemo ea 1985 Rotterdam Europoort e ile ea bolela hore ka 1983, e leng selemo seo bo-pula-maliboho ba ileng ba qala mosebetsi ona o khethehileng ka sona, kou ea Rotterdam e ne e amohela likepe tse 30 820 tse tsoang linaheng tse fapaneng tse 71. Mosebetsi ona o etsoa lichabeng tsohle.
Hoa tšoaneleha hore ebe polelo “baromuoa ba koung”— eleng tsela eo kapele basebetsi ba likepeng ba ileng ba qala ho bitsa bo-pula-maliboho bana ka eona—le eona e bontša moelelo oa lichaba tsohle. Geert, Peter le mosali oa hae, Karin, ke Madutch; Daniël le Meinard ba ne ba tsoa Indonesia; ’me Solomon ke Moethiopia. Limelo tsa bona tsa Europe, Asia, le Afrika li ile tsa tšela mekoallo e robeli ea puo, empa hore ba atlehe mosebetsing ona, ba ne lokela ho sebetsana le mekoallo e meng.
“Kereke ea Libaesekele”
Peter ea lilemo li 32, eo e kileng ea ba mosebetsi oa sekepeng o re: “U ke ke oa tsamaea feela sebakeng seo ho theoloang thepa ho sona, oa hloella holim’a borokho, ’me oa kena ka sekepeng. Ho hlokahala hore u fumane tumello ea ho sebetsa sebakeng se itseng.” Ke hore lengolo la tumello ea ho kena sebakeng seo ho theoloang thepa ho sona le mangolo a tumello ea ho kena ka sekepeng. Peter oa hopola: “E ne e le tsamaiso e rarahaneng le e nkang nako e telele, empa ka mor’a hore re fumane mangolo a robeli a tumello, a felletseng a nang le lifoto tsa rōna le litempe tsa molao tsa tumello, re ne re le boemong ba ho sebetsa ka boikitlaetso.” Ba ile ba arola lik’hilomithara tse 37 tsa libaka tsa kou tseo ho theoloang thepa ho tsona ka likarolo tse tharo, e ’ngoe le e ’ngoe e hlokomeloa ke bo-pula-maliboho ba babeli.
Leha ho le joalo, u ka sebetsana joang le lipuo tse ngata tse buuoang ke basebetsi ba likepeng ba tsoang linaheng tse ngata hakaalo? Le hoja bo-pula-maliboho bana ba ne ba nka lingoliloeng tsa Bibele tsa lipuo tse 30, ba bile ba nka tse ngata kamoo ba neng ba ka khona ka libaesekele tsa bona, le ka mohla ha lia ka tsa bonahala li lekane. Solomon ea lilemo li 30 o re bolella a bososela: “Le ka mohla u ke ke ua tiiseha hore na ke lipuo life tseo u tla li hloka. Hangata ho etsahala hore basebetsi ba likepeng ba batle libuka tsa puo eona eo u sa tlang le eona, ebe ba u bolella hore sekepe sa bona se tsamaea ka mor’a lihora tse tharo kapa ka mor’a moo.” Ka baka la ho se rate ho nyahamisa basebetsi ba likepeng, e mong oa bo-pula-maliboho o tloha ka potlako ho ea lata libuka tse loketseng ’me a khutle ka ho panya ha leihlo, ebe o li neha basebetsi ba likepeng ba thahasellang. Peter o re: “Ha bothata bo tšoanang le boo bo hlaha hape nakong eo re pakang likarolong tsa kou tseo ho tloha ho tsona re ka nkang lihora tse tharo ho khutlela hae ka baesekele, ho ne ho totobetse hore re hloka tsela e ’ngoe ea ho sebetsana le bothata bona.”
Ka letsatsi le leng bo-pula-maliboho bana, ba sa lebella, ba ile ba fuoa litereilara tse peli tse lekanang le bate ka boholo tse ka huloang ke baesekele ke Lipaki tse lulang haufi le kou eo. Bo-pula-maliboho ba ile ba tlatsa litereilara tsena lingoliloeng tsa lipuo tsohle tse leng teng, ba li haka libaesekeleng tsa bona, ’me ba ea koung. Kapele litereilara tsena li ile tsa tloaeleha. E mong oa bo-pula-maliboho o re: “Li fetohile letšoao le bontšang boteng ba rōna. Ha molebeli oa hekè a re bona re tla, o bula hèke, ebe o etsa pontšo ea hore re fete, ebe oa hoeletsa: ‘Kereke ea libaesekele ke eo!’” Ka linako tse ling, ha molebeli oa hèke a hlokomela “kereke ea libaesekele” e tla ka nģa ho eena, o bula hèke ebe oa hoeletsa: “Ho na le likepe tse peli tsa Poland le se le seng sa Chaena!” Litemoso tse joalo tse thusang li etsa hore bo-pula-maliboho ba kene likepeng ba na le lingoliloeng tsa lipuo tse loketseng. Empa hape ba tlameha ho ea ka linako tse loketseng. Hobane’ng?
Liketelo tse Nakong ka Molaetsa o Nakong
Bo-pula-maliboho ba ka buisana le basebetsi ba likepeng feela nakong ea khefu e khutšoanyane ea hoseng le ea motšehare oa mantsiboea kapa nakong ea lijo tsa motšehare. Leha ho le joalo, moapehi o na le linako tse sa tšoaneng tsa mosebetsi, ’me molaoli le liofisiri tse ling ba ka fumaneha letsatsi lohle. Ho feta moo, bo-pula-maliboho ba ile ba ithuta hore likepe tsa Brithane tse emisitseng Rotterdam li khomarela nako ea Brithane (e fapanang le nako ea Madutch ka hora e le ’ngoe), e le hore basebetsi ba tsona ba ka ea ntlong ea ho jela ha basebetsi bao e seng ba likepe tsa Brithane ba khutlela mosebetsing. Ho totobetse hore ho hlokahala tšupa-nako e tšepahalang bakeng sa pula-maliboho oa koung.
Leha ho le joalo, na basebetsi ba likepeng ba ikemiselitse ho sebelisa nako ea bona ea khefu bakeng sa lipuisano tsa Bibele? Geert ea lilemo li 31 o re: “Ka kakaretso ke fumana hore ke batho ba amohelang likhopolo tse ncha tse mabapi le molaetsa oa ’Muso. Mohlomong ke hobane ba bona ka mahlo ho hlōleha ha mebuso ea batho.” Ka mohlala, basebetsi ba bang ba likepeng ba ile ba bolella Geert hore liqubu tsa lijo-thollo tseo ba neng ba li laollotse bakeng sa Maethiopia a bolaoang ke tlala li ne li ntse li le koung moo ka mor’a likhoeli tse ngata ha ba fihla koung eo hape, ka nako eo, lijo-thollo tseo li ne li se li bolile li bile li jeoa ke litoeba. Geert oa hlokomela: “Ha ho makatse hore ebe basebetsi ba bangata ba likepeng ha ba tšepe lipolotiki. Kahoo tšepiso ea Bibele ea ’muso o le mong bakeng sa moloko ’ohle oa batho ea ipiletsa ho bona.”
Peter oa lumela. “Molaoli e mong oa Lejeremane o ile a bolela hore lilemong tse leshome tse fetileng basebetsi ba neng ba le tlas’a taolo ea hae ba ka be ba ile ba ntebela sekepeng, empa maemo a lefatše a kajeno a ntseng a fetoha a tsositse thahasello ea bona molaetseng oa Bibele o leng nakong.” Moapehi e mong ea sebetsang sekepeng sa Korea o ile a bolela hore nakong ea ntoa e pakeng tsa Iran le Iraq, sekepe se seholo seo a neng a sebetsa ho sona se ile sa otloa ke seqhomane Koung ea Persia sa ba sa tuka. O ile a ikana hore haeba a ka phela, o tla batla Molimo. O ile a fela a pholoha. Hamorao ha bo-pula-maliboho ba kopana le eena Rotterdam, o ile a kōpa hore ba mo tlisetse lingoliloeng tsohle tsa puo ea Sekorea tseo ba neng ba ka khona ho mo tlisetsa tsona.
Likepe tse ngata li emisa koung ena matsatsi a mangata. Sena se bulela bo-pula-maliboho monyetla oa ho khutlela ka makhetlo a mabeli, a mararo kapa a eketsehileng e le hore ba ka tsoela pele ka lipuisano tsa bona tsa Bibele ka mor’a nako ea mosebetsi. Leha ho le joalo, ha sekepe se na le bothata ba enjine, se ka ’na sa emisa koung libeke tse ling tse tharo. Pula-maliboho ea bososelang oa bolela: “Ke ntho e bohloko ho k’hamphani, empa e molemo mosebetsing oa rōna.” Joale, ka ntle le ho tsoela pele ka lipuisano tsa Bibele, hape bo-pula-maliboho ba lokisetsa ho bontša le leng la mananeo a Mokhatlo a li-slide, “Bibele—Buka ea Moloko Ona,” ka ntlong ea ho jela. Basebetsi ba bang ba likepeng le bona ba tla libokeng tsena tsa Lipaki tsa Jehova tsa lihlopha tse buang lipuo tse ngata tsa melata tse tšoareloang Rotterdam. Ba tsoela pele ho etsa joalo ho fihlela ha enjine e lokisitsoe. Joale Bibele e tlameha ho koaloa. Liropo tse tlamang sekepe koung lia tlamolloa hore sekepe se ka tsamaea, ’me sekepe sena se tloha koung—empa ha se tlohe likelellong tsa bo-pula-maliboho.
Lipale tse Khothatsang tsa Basebetsi ba Likepeng
Ka thuso ea boitsebiso ba likoranta kapa computer ea tsamaiso ea likepe e ka bonoang ke batho bohle, bo-pula-maliboho ba koung ba khona ho tseba linako tsa ho fihla le ho tsamaea ha likepe tseo ba ileng ba li etela. Hang-hang ha se seng sa tsona se fihla hape, bo-pula-maliboho ba chesehela ho boela ho basebetsi ba likepeng ho fumana hore na ke’ng se ileng sa etsahala ka mor’a leeto le fetileng. Basebetsi bana ba likepeng ba pheta litaba tse monate hakaakang!
Mosebetsi e mong oa likepeng o ile a neha basebetsi-’moho le eena ba bahlano likopi tsa buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka mor’a hore sekepe seo a sebetsang ho sona se qale leeto la sona ’me ka botšelela ba bona ba ile ba tšoara thuto ea Bibele. Hape o ile a theipa khaolo e buang ka bophelo ba lelapa k’haseteng e hlahisang molumo feela ’me a e bapala ka ntlong ea ho jela molemong oa basebetsi bohle ba sekepe. Ha a palame sekepe se seng, mosebetsi oa sekepeng ea kileng a etela Holo ea ’Muso e leng koung e haufinyane ea Antwerp o ile a fanyeha lesela le nang le mantsoe ana “Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova” a ngotsoeng ka litlhaku tse khōlō leboteng la holo ea ho jela. Eaba o mema basebetsi-’moho le eena hore ba tle moo ha a tsamaisa seboka sa Bibele. Pele a tlosa lesela lena, o ile a memela basebetsi ba sekepeng sebokeng se latelang. Bekeng e latelang, lesela lena hammoho le basebetsi ba likepeng ba ne ba le sebakeng se loketseng hape.
Bo-pula-maliboho bana hape ba ile ba fumana hore basebetsi ba bang ha ba bee libuka tsa bona rakeng ea libuka. Meinard oa bolela: “Ha re kena ka phaposing ea Isaac, molaoli oa sea-le-moea sa Afrika Bophirimela, ho ne ho le thata ho fumana sebaka sa ho lula. Limakasine, libuka, le li-concordance tsa Mokhatlo li ne li tletse hohle—li bile li butsoe.” Isaac o ne a bile a na le lethathamo la lipotso tsa Bibele tse lokiselitsoeng ha a ntse a emetse leeto la ho boela la bo-pula-maliboho.
Leha ho le joalo, basebetsi ba bang ba likepeng ha ba emele hore bo-pula-maliboho ba khutlele ho bona. Bosiung bo bong thelefono ea Geert e ile ea lla hoba a robale.
Ha a ntse a phopholetsa thelefono Geert o ile a korotla: “Ekaba ke mang eo?”
Lentsoe la motho ea thabileng le ile la re: “Lumela, ke ’na motsoalle oa hao!”
Geert o ile a leka ho nahana hore na ekaba ke mang.
Lentsoe la bua hape: “Motsoalle oa hao oa sekepeng.”
Geert a re: “Ke hora ea boraro hoseng!”
“E, empa u ile ua mpolella hore ke u letsetse hang ha sekepe sa ka se fihla Rotterdam hape. Joale, ke teng!” Kapele ka mor’a moo, Geert o ne a le tseleng ho ea kopana le motsoalle enoa ea thahasellang Lentsoe la Molimo.
“Akhela Bohobe ba Hao Holim’a Metsi”
Kananelo bakeng sa lingoliloeng tsa Bibele e bontšoa hape le ka mangolo a tsoang ho basebetsi ba likepeng a eang ho bo-pula-maliboho. Mantsoe a latelang ke a mang ao ho qotsitsoeng ho ’ona:
‘Ke qalile ho bala buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng . . . Hona joale ke utloisisa lintho tse ngata tseo ke neng ke sa li utloisise pele. Ke tšepa hore sekepe sa rōna se tla khutlela Rotterdam.’—Angelo.
‘Ke balile buka ena, ’me ke romela lipotso ho lōna e le hore le ka li arabela ha le ’ngolla.’—Alberta.
‘Hona joale ke bala Bibele ka mehla. Ke thabela ho ba motsoalle oa lōna. Hore ebe ke fumane metsoalle e ntataisetsang ho Molimo ke ntho e molemohali e kileng ea etsahala bophelong ba ka.’—Nickey.
Mangolo a futhumatsang pelo joalo a hopotsa bo-pula-maliboho seo Bibele e se buang ho Moeklesia 11:1: “Akhela bohobe ba hao holim’a metsi, hobane ka mora’ matsatsi a mangata, u tla boela u bo bone.” Ba thaba ka ho khethehileng ha ba hlokomela hore basebetsi ba bang ba likepeng ba emela Jehova.
Ka mohlala, mosebetsi e mong oa likepeng oa Lepolish Stanislav, o ne a thabisitsoe haholo ke seo a ileng a ithuta sona libukeng tsa Mokhatlo. O ile a potlakela ho etsa laebrari e nyenyane ea lingoliloeng tsa Bibele ’me, ha a le leoatleng, o ile a ithuta tsona kaofela. Meinard o re: “Nakong eo re neng re fumana lengolo la hae hape, o re bolelletse hore o se a kolobelitsoe.”
Folkert, molaoli oa sekepe se sa tsoeleng linaheng tse ka ntle, o kile a utloa molaetsa oa ’Muso ka lekhetlo la pele ha a ne a le Rotterdam. Likhoeli tse ling le tse ling tse peli o ne a khutlela koung a lula teng beke e le ’ngoe ’me a ithuta Bibele ka matsatsi a supileng a latellanang. Joale, pele a nka leeto le leng la likhoeli tse peli, bo-pula-maliboho ba ile ba mo neha lethathamo la liaterese tsa Liholo tsa ’Muso tse leng tseleng ea leeto la hae. Folkert o ne a emisa haufi le liholo tsena ’me a khothatsoa ke kamohelo e mofuthu eo a neng a e fumana. Kapele, molaoli enoa oa sekepe o ile a kolobetsoa ’me hona joale o sebeletsa Jehova ka cheseho.
Mike, molaoli oa Likepe tsa Ntoa tsa Brithane, o ne a kile a kopana le Lipaki pele ’me o ne a ithuta Bibele ha a le leetong. Hang-hang ha sekepe se senyenyane sa ntoa seo a neng a sebetsa ho sona se emisa Rotterdam, o ne a sebelisa baesekele ea hae e menoang ho ea Holong ea ’Muso. O ile a khahloa ke lerato le bonngoe boo a ileng a bo bona ’me a bolella metsoalle ea hae hore o batla ho tlohela mosebetsi. Le hoja a ne a saletsoe ke lilemo tse ’ne feela pele a fumana chelete e ngata ea penshene o ile a khomarela qeto ea hae ’me hamorao o ile a kolobetsoa.
Meinard o re: “Thahasello ea ho sebeletsa Jehova eo Mike, Stanislav, Folkert, le ba bang ba neng ba na le eona e re susumelletsa ho tsoela pele re batla basebetsi ba likepeng ba tšoanang le bona koung ena.”
Na u ka Kopanela?
Ha ba sheba morao lilemong tse ka bang leshome tse fetileng tsa ho paka ho e ’ngoe ea likou tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng, “baromuoa ba koung” ba tšeletseng ba lumela ho tloha botebong ba pelo—kabelo ena e ne e le e phephetsang empa e le e putsang. Meinard oa akaretsa: “Ka mor’a letsatsi ka leng la ho paka, re palama libaesekele ho ea hae ka boikutlo ba hore basebetsi ba bang ba likepeng ba ne ba emetse hore re ba etele.”
Na ho ka ba le basebetsi ba likepeng ba emetseng ho eteloa koung e leng sebakeng sa heno? Mohlomong baholo ba phutheho ea heno ba ka etsa litokisetso e le hore u ka kopanela mosebetsing ona o phephetsang empa e le o putsang.
[Lebokose le leqepheng la 20]
HO FINYELLA MASIMO A THIBETSOENG
Selemong se seng sa morao tjena, likepe tse fetang 2 500 tse tsoang linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o thibetsoeng li ile tsa fihla koung ea Rotterdam. ’Me bo-pula-maliboho ba kou ba ile ba sebelisa sena e le monyetla oa hore ba finyelle masimo ao ka molaetsa oa Bibele.
Ho se seng sa likepe tsa pele tsa Asia tseo ba ileng ba li etela, bo-pula-maliboho bana ba ile ba tsamaisa libuka tsohle tse 23 tseo ba neng ba li nkile, ba siea basebetsi ba bang ba nyahame ka baka la ho se fumane kopi. Moshemane ea neng a sebetsa ka kichineng sekepeng se seng sa Asia o ne a le hlokolosi haholo. Ka mor’a hore a amohele buka ho pula-maliboho e mong, o ile a e khutlisa e phuthetsoe ka pampiri e na le aterese holim’a eona. Pula-maliboho enoa o ile a utloisisa lebaka la sena. Ho ne ho le kotsi haholo hore moshemane enoa a ka nka buka a tsamaea le eona. Pula-maliboho o ile a e posetsa Bochabela bo Hōle letsatsing lona leo.
Mosebetsi e mong oa sekepe se tsoang Afrika o ile a tsoa a tšoere lethathamo la libuka tseo Lipaki tse leng ha habo li neng li li batla. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, lekhetlo ka leng leo mosebetsi enoa oa sekepeng a khutlelang hae ka lona, mokotlana oa hae oa liaparo o tlatsoa ka lingoliloeng. Mosebetsi e mong oa sekepeng ea tsoang naheng e ’ngoe ea Afrika o ile a nyahama haholo ha pula-maliboho ea ithutang le eena a ne a khona ho mo fa likopi tse tharo feela tsa buka Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng. Mosebetsi enoa oa sekepeng o ile a qhala matsoho a bontša ho nyahama ’me a makala: “Hoo hase letho! Hae koana baena ba hloka libuka tse 1 000!” Molemong oa tšireletseho ea hae, bo-pula-maliboho ba ile ba mo khothalletsa ho nka likopi tse 20 feela lekhetlo ka leng.
Mohlomong se amang maikutlo ka ho fetisisa e ne e le nako eo ka eona bo-pula-maliboho bana ba hlokomelang hore sekepe se itseng se tsoa naheng eo ho eona Lipaki li hlorisoang ka baka la tumelo ea tsona, ’me ba bangata ba se ba lahlehetsoe ke mesebetsi le thepa. Ha ba fumana hore motho ea sebetsanang le kabo ea lijo sekepeng ke Paki, ba ile ba ea ho molaoli oa sekepe ’me ba kōpa tumello ea ho romela liphallelo ka sekepe sa hae. Molaoli o ile a lumela, ’me matsatsi a seng makae hamorao, mekotla e lekholo e meholo ea liaparo, lieta, le lintho tse ling e ne e le tseleng e eang ho Lipaki naheng eo.
[Lebokose le leqepheng la 21]
HO PAKA HO TLOHA SEKEPENG SE SENG HO EA HO SE SENG—PONO EA MOSALI
Karin, eo e neng e le eena feela mosali har’a bo-pula-maliboho bana oa hopola: “Qalong, ke ile ka ba lesisitheho ho tsamaea le Peter, hobane ke ne ke utloile litaba tse bontšang hore hangata basebetsi ba likepeng ba mekhoa e mebe ebile baa tahoa. Leha ho le joalo, ke ile ka fumana hore ba bangata ho bona ba na le mekhoa e metle. Hangata, ka mor’a hore mosebetsi oa sekepeng a hlokomele hore re banyalani, o ntša foto ea mosali oa hae le bana ba hae ebe o qala ho bua ka lelapa la hae. Ka tsela ena, re ile ra aba likopi tse ngata tsa buka Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng.”
Ho etela likepe re le banyalani ho re nolofalletsa ho etela basali ba basebetsi ba likepeng le basali ba bang bao ka linako tse ling ba sebetsang joaloka baoki. Karin o re: “Hangata ha ba phutholohe ho basele, empa ha ba ntemoha, ba ikutloa ba susumelletseha hore re buisane le bona.”
Ke eng seo e bileng phephetso e khōlo ka ho fetisisa kabelong ea hae? Karin oa arabela “Lilere tsa liropo, ke ne ke hloile lintho tse bobebe tseno.” Na o ile a hlōla tšabo eo ea hae? A ntse a tšeha Karin o re: “E. Ka lekhetlo le leng ha ke ntse ke le lesisitheho ho hloa e ’ngoe, sehlopha sa basebetsi ba likepeng ba tsoang Paraguay se ile sa nchebella ’me sa hoeletsa: ‘U tla khona. Tšepa Molimo.’ Ho hlakile hore, ka mor’a polelo eo, ke ne ke se na boikhethelo empa ka tlameha ho nyoloha.” Monna oa hae ea mo babatsang o re: “Lilemo tse ’nè hamorao ka baka la ho nyoloha ka lilere tsa liropo hangata, hona joale o nyoloha ka tsona joaloka mosebetsi oa sekepeng.”
Karin le monna oa hae, Peter, ba ile ba kena sehlopheng sa bo89 sa Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade se United States. Ka September 28, 1990, ba ile ba tloha teng ba ea kabelong ea bona e ncha, Ecuador, e leng naha e nang le kou. E tlameha ebe ba ikutloa ba lokolohile.
[Lebokose le leqepheng la 22]
NA U SEBETSA SEKEPENG?
Na u ka rata ho ea libokeng tsa Senyesemane tsa Lipaki tsa Jehova ha sekepe sa hao se ntse se emisitse ho e ’ngoe ea likou tse khōlō tsa lefatše? Joale boloka lethathamo lena la liaterese tsa hona joale tsa Liholo tsa ’Muso haufi:
Hamburg, Schellingstr. 7-9; Moqebelo, 4:00 p.m.; nomoro ea thelefono: 040-4 208 413
Hong Kong, 26 Leighton Road; Sontaha, 9:00 a.m.; nomoro ea thelefono: 5 774 159
Marseilles, 5 Bis, rue Antoine Maille; Sontaha, 10:00 a.m.; nomoro ea thelefono: 91 79 27 89
Naples, Castel Volturno (lik’hilomithara tse 40 ka leboea ho Naples), Via Napoli, hukung ea Via Salerno, Parco Campania; Sontaha, 2:45 p.m.; nomoro ea thelefono: 081/5 097 292
New York, 512 W. 20 Street; Sontaha, 10:00 a.m.; nomoro ea thelefono: 212-627-2873
Rotterdam, Putsestraat 20; Sontaha, 10:00 a.m.; nomoro ea thelefono: 010-41 65 653
Tokyo, 5-5-8 Mita, Minato-ku; Sontaha, 4:00 p.m.; nomoro ea thelefono: 03-3453-0404
Vancouver, 1526 Robson Street; Sontaha, 10:00 a.m.; nomoro ea thelefono: 604-689-9796