Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 5/1 maq. 31-32
  • “’Muso oa Molimo o Atametse”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “’Muso oa Molimo o Atametse”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • “Muso oa Molimo o se o le ka Hare ho Lōna”
  • “Muso oa Morena oa Rōna le oa Kreste oa Hae”
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 5/1 maq. 31-32

“’Muso oa Molimo o Atametse”

KAHA Messia o ne a lokela hore ebe setloholo sa Abrahama, Isaaka le Jakobo, setho sa leloko la Juda, le “mor’a Davida,” o ne a lokela ho tsoaloa e le motho; o ne a lokela hore e be “mor’a motho” joalokaha boprofeta ba Daniele bo ile ba bontša. “Nako ha li phethehile,” Jehova Molimo o ile a romela Mor’a hae, ea tsoetsoeng ke mosali le ea finyelletseng litlhoko tsohle tsa molao tsa lefa la “terone ea Davida ntat’ae.” (Ba-Galata 4:4; Luka 1:26-33) Tlaleho ea Bibele le bopaki ba lefatše li senola hore ho ile ha ba le boikutlo bo akaretsang har’a Bajode ba hore ho tla ha Messia ho ne ho atametse. (Luka 2:36-38) Leha ho le joalo, thahasello e ka sehloohong ea batho ba bangata e ne e le tabeng ea ho lokoloha bohlankeng ba puso ea bohatelli ea Roma.

Johanne Mokolobetsi o ile a bolella batho bana ka mokhoa o tobileng hore ba ne ba tobane le nako ea kahlolo ea Molimo, le hore ‘’muso oa maholimo o ne o atametse,’ eleng ho etsang hore ho baka ha bona tseleng ea bona ea ho se utloe molao oa Molimo e be ho potlakileng. Sena hape se ile sa hatisa litekanyetso tsa Jehova tsa ho ba le bahlanka ba mo ratang feela, batho ba hlokomelang le ba ananelang ho nepahala ha litsela tsa hae le melao ea hae.—Mattheu 3:1, 2, 7-12.

Messia o ile a tla ha Jesu a itlhahisa ho Johanne bakeng sa ho kolobetsoa ’me o ile a tlotsoa ka moea o halalelang oa Molimo ka nako eo. (Mattheu 3:13-17) Kahoo o ile a fetoha Morena ea Khethiloeng, Ea hlokomeloang ke Lekhotla la Jehova e le eena ea nang le tokelo ea molao ea ho lula teroneng ea Davida, eleng tokelo e sa kang ea ba teng pele makholong a lilemo a tšeletseng a fetileng. Empa Jehova hape o ile a nkela Mora oa hae ea ratoang selekaneng sa ’Muso oa leholimo, oo ho oona Jesu e neng e tla ba Morena le Moprista, ka mokhoa oa Melkisedeke oa Saleme ea boholo-holo. (Pesaleme ea 110:1-4; Luka 22:29; Ba-Heberu 5:4-6; 7:1-3; 8:1) Joaloka ‘peo ea Abrahama’ e tšepisitsoeng, Morena enoa oa Moprista oa leholimo e ne e tla ba Moemeli e Moholo oa Molimo bakeng sa ho hlohonolofatsa batho ba lichaba tsohle.—Genese 22:15-18; Ba-Galata 3:14; Liketso 3:15.

“Muso oa Molimo o se o le ka Hare ho Lōna”

Ka baka la ho tšepa matla a Jehova bakeng sa ho mo sireletsa le ho mo atlehisa, Jesu o ile a qala ho etsa tšebeletso ea hae ea phatlalatsa, a bolella batho ba selekane sa Jehova hore “nako e beiloeng e phethehile, ’me ’muso oa Molimo o atametse.” (Mareka 1:14, 15, NW) E le hore re ka lekanyetsa hore na ke ka kutloisiso efe ’Muso o neng o “atametse,” mantsoe a hae ho Bafarisi a reng: “’muso oa Molimo o se o le ka hare ho lōna” a lokela ho eloa hloko. (Luka 17:21) Ha e bua ka temana ena, The Interpreter’s Dictionary of the Bible ea hlokomela: “Thuto ea hore ’muso oa Molimo ke boemo bo ka hare ba kelello, kapa polokeho ea botho, e khahlanong le taba e potolohileng temana ena, hape e hanana le kamoo T[estamente] eohle e N[cha] e hlalosang khopolo ena ka teng.” (E hlophisitsoe ke G. A. Buttrick, 1962, Buka 2, leqephe 883) Kaha “’muso [ba·si·leiʹa]” o ka bolela “boemo ba borena,” ho totobetse hore Jesu o ne a bolela hore eena, joaloka moemeli oa borena ba Molimo, ea tlotsitsoeng ke Molimo bakeng sa puso, o ne a le har’a bona. Eseng feela hore o ne a le teng har’a bona a le boemong ba borena bona empa hape o ne a e-na le matla a bolaoli a ho etsa mesebetsi e bontšang matla a borena ba Molimo le ho lokisa bakhethoa bakeng sa litulo tsa bona pusong e tlang ea ’Muso. Kahoo ho ‘atamela’ ha ’Muso ona; e ne e le nako ea tokelo e khōlō.

“Muso oa Morena oa Rōna le oa Kreste oa Hae”

Moapostola Johanne, ha a ngola ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E., o ile a bonela pele nako e tlang ka tšenolo ea Molimo ha Jehova Molimo, ka Mora oa hae, a ne a tla hlahisa ponahatso e ncha ea puso ea Molimo. Ka nako eo ho ne ho tla boleloa hore Jehova ‘o nkile matla a hae a maholo, ’me oa rena.’ Ena e ne e tla ba nako ea hore mantsoe a phahameng a tsoang maholimong a phatlalatse: “Mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae, ’me o tla busa ka ho sa feleng.”—Tšenolo 11:15, 17.

Ke “Morena oa rōna,” Morena ea Phahameng Jehova, ea bontšang matla a hae holim’a “mebuso ea lefatše,” a lokisa ponahatso e ncha ea borena ba hae mabapi le lefatše la rōna. O neha Mora oa hae, Jesu Kreste, kabelo ea ho ba mothusi ’Musong oo, e le hore ho ka thoe ke “’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae.” Sena se etsahetse ka 1914 ha “mehla ea lichaba” e fela.—Luka 21:24.

Nakong eo a amohelang karolo ‘’musong oa lefatše,’ Jesu Kreste o ile a nka mehato e hlokahalang ho felisa khanyetso boreneng ba Molimo. Khato ea pele e ile ea nkoa leholimong; Satane le bademona ba hae ba ile ba hlōloa ba ba ba liheloa sebakeng sa lefatšeng. Sena se ile sa fella ka khoeletso ena: “Joale, ho hlahile poloko, le matla, le ’muso oa Molimo oa rōna, le matla a Kreste oa oona.” (Tšenolo 12:1-10) Ka nakoana ena e mo saletseng, Satane o tsoela pele ho phethahatsa boprofeta ba Genese 3:15 ka ho loantša “masala” a “peō” ea mosali. (Tšenolo 12:13-17, NW) Ka nako e tšoanang, “melao e lokileng” ea Jehova ea bonahatsoa ’me lipolelo tsa likahlolo tsa hae li hlokofatsa bahanyetsi ba hae. Sena se tla fella ka timetso ea Babylona e Moholo oa bolumeli. (Tšenolo 18:1-8) Ka mor’a moo “’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae” o tla romela makhotla a oona khahlanong le babusi ba mebuso eohle ea lefatše le makhotla a bona ntoeng ea Harmagedone, o ba felise. (Tšenolo 16:14-16; 19:11-21) Ena ke karabelo kōpong e eang ho Molimo: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:10) Joale Satane o akheloa sekoting ’me nako ea lilemo tse sekete ea qaleha eo ka eona Kreste Jesu le metsoalle ea hae ba busang baahi ba lefatše joaloka marena le baprista.—Tšenolo 20:1, 6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela