Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 10/1 maq. 24-25
  • Ho Khanya Joaloka Maseli Lefatšeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Khanya Joaloka Maseli Lefatšeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Sekolo sa Bopula-maliboho Rephaboliking ea Afrika Bohareng
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 10/1 maq. 24-25

Ho Khanya Joaloka Maseli Lefatšeng

LEFATŠENG le silafalitsoeng ke ho se tšepahale le ho hlepha boitšoarong, Bakreste ba ’nete lefatšeng ka bophara e lokela ho ba mehloli ea leseli. E lokela ho ba maseli lefatšeng le lefifi. (Ba-Filippi 2:15) Ba likete ba ikemiselitse ho etsa sena e le bo-pula-maliboho, kapa baboleli ba nako e tletseng. Boholo ba bona bo qetile lilemo tse ngata bo le tšebeletsong ena ’me bo putsitsoe ka ho bona batho ba mefuta eohle ba etsa liphetoho bophelong ba bona hore e be balateli ba ’nete ba Jesu Kreste.—Mattheu 28:19.

E le ho khothatsa bo-pula-maliboho bana ho tsoela pele tšebeletsong ena e halalelang le ho ntlafatsa mekhoa ea bona ea ho ruta, Lipaki tsa Jehova li hlophisitse Sekolo sa Tšebeletso ea Bopula-maliboho. Ke thupelo ea matsatsi a leshome e thehiloeng Bibeleng e reretsoeng ho thusa bo-pula-maliboho likarolong tse tharo: ho tsamaea le Jehova e le balateli ba Jesu Kreste; ho tōtisa lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa baena; ho khanya joaloka maseli lefatšeng.

Sekolo sa Bopula-maliboho Rephaboliking ea Afrika Bohareng

Bangui, motse-moholo oa Rephaboliki ea Afrika Bohareng, liithuti tse 48 le barupeli ba babeli ba ile ba kopana ka August 1991. Liithuti li ne li tla amohela taeo le litlhahiso tse sebetsang bakeng sa mosebetsi oa tsona. Ke eng e neng e thahasellisa hakaale ka sehlopha sa Bangui?

Tabeng ea pele, ba 21 ho liithuti tseo ba ne ba ntse ba kena sekolo. Ba ntse ba le sekolong, ba ile ba khona ho bula monyetla bakeng sa tšebeletso ea bopula-maliboho ba ka mehla. Ba ne ba sebelisa likhoeli tsa bona tsa phomolo, mafelo beke ao ba lokolohileng ka ’ona, le linako tsa motšehare oa mantsiboea bakeng sa ho bolela le ho ruta.

Bacha bana ba bone bohlokoa ba ho sebeletsa ’Mōpi oa bona hona joale. (Moeklesia 12:1; bapisa le 1 Ba-Korinthe 7:29.) Se hlollang ke hore ba 12 ba bona ba ne ba e-na le batsoali ba sa lumelang. Lapeng e ne e le bona feela ba linneteng. Bashanyana ba babeli ba bacha, bana ba motho, ba ile ba lelekoa habo bona ke ntate oa bona ka baka la tumelo ea bona. Banyalani ba bang ba bacha ba leng phuthehong ba ile ba lumella bashanyana bao ho lula le bona.

Boemo e ne e le bo fapaneng bakeng sa Michée le Sulamithe Kaleb. Ke bo-pula-maliboho ’me ebile ba kena sekolo, empa batsoali ba bona ke Lipaki tsa Jehova. Ha e le hantle, ntate oa bona e ne e le seithuti hona sehlopheng sena!

Liphutheho tsa Bangui le tsona li ile tsa nka karolo sekolong seo, feela e le ka tsela e fapaneng. Li ne li hlokomela litlhoko tsa nama, tse kang lijo. Ho ile ha etsoa monehelo oa chelete, haesita le likhoho, tsoekere, reise, le manioc bakeng sa ho fepa sehlopha sena.

Lihlopha tsa baapehi li ile tsa hlophisoa ke liphutheho tse haufi bakeng sa ho lokisetsa lijo tse bobebe empa e le tse lutlisang mathe. Rephaboliki ea Afrika Bohareng e tumme ka ngunza, e leng lijo tse ratoang ke bohle. Resepe ke efe? Makhasi a manioc, oli ea palema, eie, konofolo e ngata, peanut butter e ngata, le mamello ea ho e lumella hore e sutse. Sehlopha se seng le se seng se ne se e-na le mokhoa oa sona o khethehileng oa ho li apeha. E bile tokisetso e atlehileng haholo ea lijo; ho ne ho se na motho ea sa itatsoeng molomo.

Ho ne ho boetse ho tšoeroe lihlopha tse ling tse peli ka ntle ho Bangui, se seng se le Bouar ’me se seng se le Bambari, tse ileng tsa etsa kakaretso ea liithuti tse 68. Lilemong tse peli tse fetileng, Rephaboliki ea Afrika Bohareng e bile le keketseho lenaneng la bo-pula-maliboho. Ka January 1992 ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba ka mehla ba 149 le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba 17 hammoho le bo-pula-maliboho ba thusang ba 78. Sena se ile sa ba le phello ea tšebetso e eketsehileng naheng eohle ho e-na le litlhōrō tse ncha tsa bahoeletsi, lihora, maeto a ho boela, le lithuto tsa Bibele. Ha ho e-na le basebetsi ba eketsehileng, kotulo ea eketseha.—Esaia 60:21, 22; Mattheu 9:37, 38.

Re leboha Jehova Molimo bakeng sa litokisetso tsena le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o lefatšeng ka baka la ho lokisetsa lihlopha tsena. Li thusa liithuti le barupeli ka ho tšoanang ho khanya joaloka maseli lefatšeng lena le lefifi.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Liithuti tse 21 tsa sekolo sa bopula-maliboho tse ntseng li kena sekolo se phahameng

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Bashanyana bana ba babeli ba ileng ba tlameha ho tloha hae ka baka la ’nete

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela