Ho Fetisa Kutloisiso Namibia
UKILE ua utloa polelo “Ha ke utloisise” ka lipuo tse kae? “Hi nokuzuva,” ha cho mofumahatsana oa Moherero, a apere mose oa hae o molelele oa bochaba ’me a roetse tuku e sebōpeho se kang sa lenaka. “Nghi udite ko,” ha araba ngoanana oa Mokwanyama, a bososela. “Kandi uvite ko,” ha araba moahi oa motse oa Mondonga, a sisinya mahetla. “Kapi na kuzuvha,” ha cho molisa oa lipoli oa Mokwangali.
Kaofela batho bana ba ne ba re, “Ha ke utloisise.” Sena se bontša ka ho hlakileng hakaakang hore Lipaki tsa Jehova Namibia li ile tsa talimana le mathata a puo a boima ha li leka ho finyella baahi ba 1 370 000 sebakeng sena se pharalletseng se ka etsang li-square k’hilomithara tse 824 000!
’Me ha ho pelaelo! Hase feela batho ba Maherero le Manama empa esita le Maovambo, Makavango, Batswana, Makaprivi, Mahimba, Baroa, le Madamara ba Namibia ba na le lipuo tsa bona. Ho fapana le hoo, Lipaki tseo li ne li nkile libuka tsa Bibele ka Senyesemane le Seafrikaanse feela. Ka ho hlakileng, hore ’nete e utloisisehe ho batho ba eketsehileng, mosebetsi oa ho fetolela e ne e le oa bohlokoa. O ile oa qala ka tsela e fokolang lilemo tse ngata tse fetileng Windhoek, motse-moholo oa naha eo ka nako eo e neng e bitsoa Afrika Boroa-Bophirima.
Dick Waldron oa hopola: “Windhoek, mosebetsi oa rōna oa ho paka o ne o hanyetsoa ka matla ke likereke le mapolesa.” A e-na le mosali oa hae, Coralie, o ile a fihla naheng ena ka 1953 e le seithuti sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. “Re ne re sa lumelloe ho kena libakeng tseo batho ba batšo ba lulang ho tsona, ’me ka linako tse ling re ne re khathatsoa haeba re ne re ka ra bonoa re ntse re bua le batho ba batšo. Qetellong re ile ra fumana sebaka seo re neng re sa khathatsoe ho sona—lebōpo le ommeng la Nōka ea Gammans! Se ne se le ka thōkoana ho toropo. Re siretse ka tlas’a lihlahla tsa leoka, re ne re khannela lithuto tsa Bibele teng.”
Ke hona moo litokollo tsa Watch Tower li ileng tsa qala ho fetoleloa ka lipuo tsa moo. Li ne li akareletsa lipampitšana tse itseng ka Sekwanyama le bukana “Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso” ka Senama. Moena Waldron o hopola phihlelo e thabisang mabapi le bukana ena, eo motho ea thahasellang a neng a thusa ho e fetolela. Ba ne ba sa fumane polelo ea Senama e hlalosang polelo ena, “Adama e ne e le motho ea phethahetseng.” Kahoo monna eo ea thahasellang o ile a re: “Ngola feela hore Adama e ne eka perekisi e butsoitseng. Batho ba Manama ba tla utloisisa hore o ne a phethahetse.” Kahoo, ke kamoo ho ileng ha qaloa ho fetisetsa kutloisiso ea Mangolo ho batho ba bangata ba iphelelang ka moetlo Namibia.—Bapisa le Daniele 11:33.
Ho Finyella Ketsahalo ea Bohlokoa
Ho ile ha finyelloa ketsahalo ea bohlokoa mathoasong a bo-1970 ha buka ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng e ne e qetiloe ho fetoleloa ka Sendonga le Sekwanyama. Tsena ke tsona lipuo tsa sehlooho tse buuoang ke batho ba bangata ba Namibia ba Ovamboland, e ka bang lik’hilomithara tse 700 ka leboea ho Windhoek. Lehae la bo-pula-maliboho le ile la theoa Ondangwa, motse o mong oa Ovamboland. Ho thusa batho ba thahasellang ba sebakeng sena ho fumana molemo puisanong ea beke le beke ea Bibele e theiloeng ho Molula-Qhooa, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba sebeletsang Ovamboland ba ile ba fuoa kabelo ea ho fetolela kakaretso ea lihlooho tse ithutoang tsa Senyesemane ka Sendonga le Sekwanyama.
“Ofisi” ea phetolelo e ne e le sekhutlo se etselitsoeng lerako sa karache eo ho eona ho neng ho hatisoa likopi tsa boitsebiso ba Molula-Qhooa o fetoletsoeng ka mochini oa khale o etsang likopi. Ho ne ho se bonolo ho tsepamisa mohopolo mosebetsing ona o boima, kaha maemo a ne a batla a le fatše ’me hlabula tekanyo ea mocheso e ne e e-ba 38°-44° C. Leha ho le joalo, ke hona mona moo libukana tse ncha le buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng li ileng tsa fetoleloa teng.
Ha liphutheho li ntse li thehoa Ovamboland le libakeng tse ling Namibia, batho ba ne ba arabela ka bongata hoo ho neng ho hlokahala libaka tse khōloanyane le tse molemonyana. Ho phaella moo, ho ne ho hlokahala sebaka se batlang se le bohareng e le hore ho ka hlokomeloa litlhoko tsa likarolo tse ling tsa naha. Khabareng, leeme khahlanong le mosebetsi oa ho ruta ka ’Muso le ne le fokotsehile. Ka hona ho ile ha fumanoa tumello ea ho qala ho aha setšeng se seholo se nehetsoeng ke e mong oa Lipaki tsa Jehova Windhoek. Hamorao, basebetsi ba fetang 40 ba baithaopi ba ile ba fuoa sebaka sa bolulo setšeng, ’me ka December 1990 liofisi tsa phetolelo li ile tsa qetoa.
Hona joale, liofising le likamoreng tse mabotho-botho tsa moaho ona oa morao-rao, mosebetsi oa ho tlisa kutloisiso ho ba bangata o tsoela pele ka potlako. Lingoliloeng tse ncha li tsoela pele ho fetoleloa ka Seherero le Sekwangali. Ha e le ka Sendonga le Sekwanyama, khatiso ea khoeli le khoeli ea lipuo tsena tse peli ea Molula-Qhooa e se e hlaha ka ’mala. E akaretsa lihlooho tsohle tse ithutoang haesita le boitsebiso bo bong. Ka sebele, hona ho fapane haholo le qaleho e nyenyane lebōpong le ommeng la nōka lilemo tse ngata tse fetileng.
“Ha ke utloisise” joale e se e utluoa ka seoelo. Ho fapana le hoo, Lipaki tsa Jehova tse fetang 600 Namibia li leboha ka ho tebileng Ntate oa tsona ea maholimong, ’me hona joale li ka re: “Tšenolo ea mantsoe a hao ea elisa, e nea lithoto kutloisiso.”—Pesaleme ea 119:130.
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Ho bolela litaba tse molemo har’a batho ba Maherero
Ho fetolela litokollo tsa Bokreste molemong oa batho ba Namibia
Liofisi tsa phetolelo tse Namibia