Ho Bolela ka Tiisetso Naheng ea Leqhoa le Mollo
ICELAND e ka Leboea ho Atlantic hoo e ka bang bohareng ba Amerika Leboea le Europe. Le hoja e le ka tlaasana feela ho Arctic Circle, boemo ba eona ba leholimo ke bo itekanetseng ho feta kamoo ho neng ho ka lebelloa, re leboha moea o futhumetseng oa leoatle o bitsoang Gulf Stream. Iceland e ’nile ea bitsoa naha ea leqhoa le mollo hobane e na le qhoqhoane e khōlō ka ho fetisisa ea Europe ’me hape ke se seng sa libaka tse ka sehloohong tse lulang li na le ho foqoha ha seretse se chesang lefatšeng. E tsebahala haholo ka liliba tsa eona tse chesang tse ngata le libaka tse foqohang seretse se chesang, tse ntšang mouoane o chesang le ligase tse nang le sebabole.
Baahi ba 260 000 ba sehleke-hlekeng sena sa bobeli se seholo sa Europe ke litloholo tsa Maviking, a ileng a lula mona lilemo tse 1 100 tse fetileng. Moralo oa puo ea Iceland o ntse o tšoana le oa Senorse sa Khale, puo ea Scandinavia ea mehleng ea Maviking. E lutse e ntse e batla e sa fetoha hobane batho ba Iceland ba ne ba thabela ho bala litlaleho tsa puo ea khale, tse ileng tsa ngoloa haholo-holo lekholong la bo13 la lilemo.
Lekholong la bo16 la lilemo, Bibele e ile ea qala ho fetoleloa puong ea Iceland. “Testamente e Ncha” e ile ea hlaha ka 1540 ’me Bibele e feletseng ka 1584. Batho ba fetang karolo ea 90 lekholong ke ba Kereke ea Evangeli ea Luthere, e leng bolumeli ba Naha ba molao. Le hoja Bibele e fumaneha hoo e ka bang lelapeng le leng le le leng, ke ba ’maloa ba lumelang hore ke Lentsoe la Molimo. Boholo ba batho ba Iceland ba na le maikutlo a bulehileng ka bolumeli ’me, ka kakaretso, ke batho ba ikemetseng tabeng ea ho nahana.
Litaba tse Molemo li Fihla Iceland
Batho ba Iceland ba pele ba ileng ba utloa litaba tse molemo tsa ’Muso ba ne ba lula Canada nakong eo. E mong oa bona e ne e le Georg Fjölnir Lindal. Batsoali ba hae ba ne ba tsoa Iceland, ’me o ne a bua Seiceland. Hang ka mor’a ho nehela bophelo ba hae ho Jehova Molimo, o ile a fetoha ’moleli oa nako e tletseng oa litaba tse molemo. Ka 1929, ha a ne a le lilemo li 40, o ile a isa litaba tse molemo ho batho ba naheng eo ea leqhoa le mollo.
E ne e le mosebetsi o moholo hakaakang bakeng sa motho a le mong! Iceland e ka ba boholo ba lik’hilomithara tse 320 ho tloha ka leboea ho isa ka boroa le lik’hilomithara tse ka bang 500 ho tloha ka bochabela ho ea ka bophirima. Bolelele ba mosiko oa lebōpo la leoatle, ho akareletsa le likou tsa leoatle, e ka ba lik’hilomithara tse 6 400. Nakong eo, ho ne ho se na mebila ea sebele ’me likoloi li ne li batla li le sieo kapa leha e le mokhoa o mong feela oa sejoale-joale oa ho tsamaea. Leha ho le joalo, Moena Lindal o ile a koahela sehleke-hleke sena kaofela ka lilemo tse leshome ’me a aba libuka tse likete. O ne a tsamaea a sikile le lebōpo la leoatle ka liketsoana, ’me ha a ne a etela mapolasing a ka hare ho naha, o ne a sebelisa lipere tse peli, a palama e ’ngoe ’me a bofa e ’ngoe lingoliloeng tsa hae le lithoto.
Hoo e ka bang ka lilemo tse 18, Moena Lindal e ne e le eena feela Paki Iceland. Ho sa tsotellehe mosebetsi oa hae o boima, ha aa ka a bona leha e le mang feela a emela ’Muso nakong eo. Ho lula ha hae a le mong, ka nako e telele ho ile ha fela ka March 25, 1947, ha liithuti tsa pele tse fumaneng mangolo Sekolong sa Bibele sa Watchtower sa Gileade li ne li fihla. U ka inahanela thabo ea hae ha qetellong Jehova a ne a arabetse lithapelo tsa hae bakeng sa basebetsi ba eketsehileng bakeng sa kotulo. (Mattheu 9:37, 38) Moena Lindal o ile a ntšetsa pele tšebeletso ea hae Iceland ho fihlela a khutlela Canada ka 1953.
Basebetsi ba Eketsehileng Bakeng sa Kotulo
Baromuoa ba ileng ba tla ka 1947 e ne e le baena ba babeli ba Madanishe. Lilemo tse peli hamorao baromuoa ba eketsehileng ba ile ba fihla. Ha ba ntse ba ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli hammoho le metsoalle e ’maloa e neng e falletse Iceland, ho ile ha abjoa lingoliloeng tse likete. Boholo ba Maiceland ke babali ba chesehang, empa hase ba bangata ba ileng ba arabela litabeng tse molemo. Ka mor’a lilemo tse 27 tsa ho lema le ho nosetsa, baena ba nang le mamello ba ile ba qala ho bona litholoana tsa mosebetsi oa bona. Ka 1956 ba bacha ba supileng ba ile ba emela ’Muso ’me ba nehela bophelo ba bona ho Jehova.
Nakong ea lilemo tse leshome tsa ho qetela, palo ea bahoeletsi ba ’Muso e ile ea feta e imenneng habeli. Hona joale, ho na le liphutheho tse supileng le sehlopha se ka thōko se le seng, kakaretso ea baboleli ba litaba tse molemo ba 280. A re nkeng leeto ho potoloha le sehleke-hleke sena re etela liphutheho tsena.
Ho Potoloha Motse-moholo
Baena le bo-khaitseli ba ileng ba tiisetsa lilemo tseo tsohle ba hlohonolofalitsoe haholo. Hona joale ho na le liphutheho tse peli tse hōlang Reykjavík, motse-moholo. Ba kopanela Holong ea ’Muso e ntle e leng mohahong o le mong le oa ofisi ea lekala, e nehetsoeng ka 1975.
Friðrik le Ada ba ne ba le har’a ba supileng ba ileng ba kolobetsoa ka 1956. Friðrik o re: “Ke hopola hore re ne re atisa ho ba le liboka ka kamoreng e nyenyane e mokatong o ka holimo-limo moo baromuoa ba neng ba lula teng. Ho ne ho na le sebaka se lekanang litulo tse 12, empa ka linako tse ling, ha palo e fetang e tloaelehileng e ne e e-ba teng, re ne re bula monyako o kenang ka kamoreng e nyenyane e latelang. Ke phapang e kaakang kajeno ha liphutheho tse peli li tlala Holo ea ’Muso!”
Friðrik o ne a ikarabella Lefapheng la Tšebeletso ea Lijo ha likopano tsa pele li ne li tšoaroa. “Ke ne ke etsa boholo ba mosebetsi ka bonna, ’me ka nako e tšoanang, ho ne ho tloaelehile hore letsatsi ka leng ke be le lipuo tse tharo kapa tse ’nè lenaneong. Ha ke ntse ke sebetsa ka kichineng, ke ne ke apara feresekoto. Ha e ne e le nako ea ho ea fana ka puo, ke ne ke apara baki ea ka ’me ke potlakele ka holong. Ka makhetlo a mangata baena ba ile ba tlameha ho nkhopotsa ho hlobola feresekoto. Hona joale re na le ba tlohang ho 400 ho isa ho 500 ba bang teng likopanong, ho akareletsa le baholo ba batle ba kopanelang ho hlokomeleng likarolo tsa lenaneo. Ho boetse ho na le matsoho a mangata a thusang ka boithatelo Lefapheng la Tšebeletso ea Lijo.”
Phutheho e haufi-ufi le Reykjavík ke Keflavík, e ka bang lik’hilomithara tse 50 ho ea ka bophirima. Leeto le re fetisa le har’a masimo a hlahisitsoeng ke ho hoama ha seretse se majoe se chesang. Karolo ea leshome lekholong ea Iceland e koahetsoe ke seretse se majoe sa mofuta ona. Limela tse hlahang pele masimong ana li kopanyeletsa mefuta ea boriba, empa masimong a khale a hlahisitsoeng ke ho hoama ha seretse se majoe se chesang, u tla fumana monōkōtšoai oa naheng le lihlahla tse melelang tlaase.
Phutheho ea Keflavík e na le bahoeletsi ba 19 ’me e ile ea thehoa ka 1965. Haufinyane le teng ke boema-fofane ba machaba, ’me setsi sa tšebeletso ea sesole sa U.S. le sona se fumaneha hona mona. Le hoja le ka mohla Lipaki li e-s’o khone ho sebetsa ka ntlo le ntlo setsing sena ka bosona, lithuto tsa Bibele tse ngata li ’nile tsa qhojoa moo, ’me batho ka bomong ba ’maloa ba ithutile ’nete.
Phutheho e ’ngoe e Selfoss lik’hilomithara tse 55 ka bochabela ho Reykjavík. Mona re bona naha e tala ea temo e nang le likhomo le linku, ho akareletsa le polasi ea lebese e khōlōhali Iceland. Ha re le tseleng, re feta Hveragerði, toropo e nyenyane e phuleng e bohehang hantle. Ha re le sebakanyana re hlokomela topallo ea mouoane oa metsi o tsoang lilibeng tse chesang ho pharalla le phula eo eohle. Sena ke se seng sa libaka tse chesang ka ho fetisisa ka har’a naha, ’me ho ahiloe likhurumetsi tsa likhalase e le ho sebelisa mehloli ena ea tlhaho le ho fana ka sebaka se mofuthu bakeng sa tamati, likomkomere, le mefuta e fapaneng ea lipalesa.
Sebakeng sena ho na le phutheho e nyenyane empa e mafolo-folo e nang le bahoeletsi ba ’Muso ba 19. Sigurður le Guðrún Svava ba ile ba falla Reykjavík ho tla tšehetsa sehlopha sena se senyenyane hoo e ka bang nakong eo phutheho e neng e thehoa ka 1988. Sigurður ke eena feela moholo mona. Pele e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova hoo e ka bang lilemo tse leshome tse fetileng, e ne e le sebini se tsebahalang haholo, a letsa meropa lihlopheng tse sa tšoaneng. Kajeno, o iphelisa ka ho hloekisa lifensetere, ’me hape o ruta ’mino. Mokhoa oa hae oa bophelo joaloka ea thabisang batho o ile oa mo tlisetsa mathata a mangata, a joaloka tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, ho noa haholo, le ho senyeheloa ke lenyalo. O khotsofetse hakaakang hona joale, kaha o na le morero bophelong ’me o sebeletsa Jehova!
Ho ea Qetellong ka Bochabela
Ha re tloha Selfoss, re nka leeto la lik’hilomithara tse 680, boholo e le litseleng tse tšesaane le tse mpe tsa karabole. Re leba phuthehong e latelang, toropong ea Reyðarfjörður, lebōpong le ka bochabela. Ka halofo ea hora, re bona Hekla, sebaka se tummeng haholo se foqohang seretse se chesang Iceland. Lekholong lena la lilemo ho foqohile seretse se chesang ka makhetlo a mane.
Ka 1973 ho ile ha ba le ho foqoha ho tšabehang ha seretse se chesang Vestmannaeyjar (Lihleke-hlekeng tsa Westmann). Baahi bohle ba teng ba ka bang 5 300 ba ile ba fallisetsoa karolong e khōlō ea naha ka ho panya ha leihlo feela bakeng sa polokeho. Ka mor’a ho tsosolosoa ha toropo eo, boholo ba baahi bo ile ba khutla butle-butle. Hona joale Lipaki tse peli li lula moo ’me li bolela litaba tse molemo ho batho ba sebakeng sena se senyenyane. Ha re khanna lihora tse ling tse peli, re leba Vatnajökull e hlollang ka botle, eo ka boholo e fetang libaka tsohle tsa Iceland tse qhoqhoane, e boholo ba li-square k’hilomithara tse 8 300. Pel’a tsela, re boetse re feta linōka le liphororo tse ngata tse ntle.
Hoba re qete lihora tse ka bang leshome re le tseleng, re fihla moo re eang teng. Reyðarfjörður re kopana le bahoeletsi ba 12 ba phutheho e nyenyane ka ho fetisisa Iceland. Ho ne ho se na Lipaki tse lulang sebakeng sena ho fihlela ha lehae la baromuoa le ne le hlongoa ho ella bofelong ba 1988. Kjell le Iiris, banyalani ba baromuoa ba Sweden ba sebelelitseng Iceland ho tloha ka 1963, ba abetsoe ho ea sebetsa har’a batho ba 15 000 sebakeng sena sa mahaeng. Ba bangata ba lula metseng e menyenyane ea ho tšoasa litlhapi e sikileng le leoatle, e pharaletseng ka lik’hilomithara tse ka bang 500.
Kjell oa pheta: “Ha ho na pelaelo ea hore Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi oa ’Muso haholo karolong ena ea Iceland. Ka January 1, 1993, phutheho e ile ea thehoa, ’me re qhoba lithuto tsa Bibele le batho ba etsang tsoelo-pele e ntle. Le hoja mokhoa oa lipalangoang o fetohile ho tloha ha Moena Lindal a ne a tsamaea ka lipere, ha ho bonolo ho khanna makhalong a lithaba litseleng tse leqhoa nakong ea likhoeli tsa mariha tse lefifi, esita le ka koloi e hulang ka matla a mabili a mane. Ka nako e ’ngoe, e kile ea pheuloa tseleng e leqhoa ’me ea phethoha motheong ka makhetlo a mabeli kapa a mararo. Re ile ra thaba hakaakang hore re phonyohe re sa tsoa kotsi!”
Ka mor’a lilemo tse 30 a le Iceland, Iiris o re: “Ho theosa le lilemo ba bangata ba tsoang linaheng tse ling ba tlile ho tla thusa. Le hoja boholo ba ile ba tlameha ho tloha tlas’a mabaka a sa tšoaneng, ka sebele ba bile le karolo e khōlō mosebetsing oa ho lema le ho nosetsa. Re thabile hore ebe re khona ho lula, kaha hona joale re na le tokelo ea ho bona kotulo e tsoela pele. Jehova o akofisa mosebetsi oa hae le mona.”
Boholo ba keketseho e bileng teng ke ka hobane ba bacha ’neteng ba pakela bao ba sebetsang le bona. Atli o ile a ithuta ’nete ho baromuoa ’me a qala ho bua le ba bang k’hamphaning ea mehaho moo a neng a sebetsa teng. Ba babeli ba bao a sebetsang le bona hona joale ba kopanela mosebetsing oa boboleli, ’me e mong o kolobelitsoe hammoho le mosali oa hae ka November 1992. E mong oa boraro eo a sebetsang le eena o ’nile a ithuta Bibele le Lipaki.
Ho Nka Tsela ea Leboea
Ha re tloha Reyðarfjörður, re leba ka bophirima. Phutheho e latelang e bohōle ba lik’hilomithara tse 300, toropong ea Akureyri. Baboleli ba khethehileng ba nako e tletseng ba ile ba abeloa ho ea sebetsa moo mathoasong a bo-1950. Li sa tloha feela, mosebetsi o ile oa kopana le khanyetso e khōlō ea baruti ba bang. Ho ile hoa phatlalatsoa lihlooho likoranteng tsa moo ho lemosa batho ka Lipaki tsa Jehova. Hape batho ba bangata ba toropong eo ba ne ba ameha tšebelisanong le meea. Empa re leboha tiisetso le mamello ea bo-pula-maliboho ba fapaneng le baromuoa, kajeno ho na le phutheho e mafolo-folo le e lerato ea bahoeletsi ba ’Muso ba 35.
Friðrik, e mong oa baholo mona, e ne e le motšoasi oa litlhapi. Ka mor’a ho ba teng kopanong ea setereke ka 1982, o ile a kholiseha hore seo a neng a ithuta sona e ne e le ’nete. O ile a khutlela Akureyri, a ikemiselitse ho ea pakela lelapa labo, metsoalle, le basebetsi-’moho. Friðrik o ile a etsa litokisetso tsa ho tlohela mosebetsi oa hae oa ho tšoasa litlhapi e le hore a ka ba le nako e eketsehileng le phutheho. O ile a bolella kharebe ea hae, Helga, hore ha ba sa tla hlola ba lula ’moho ho fihlela ba nyalane, kaha joale e ne e tl’o ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Friðrik o ne a batla hore le eena a ithute Bibele hobane o ne a ke ke a ‘nyala ea sa lumelang.’ (1 Ba-Korinthe 7:39) Ho makaleng ha hae Helga o ile a qala ho ithuta. Ba ile ba nyalana ka February 1983 ’me ba ile ba kolobetsoa hang ka mor’a moo. Ha nako e ntse e feta ’mè oa Friðrik le ’mangoan’ae le bona ba ile ba amohela ’nete.
Moo re emisang teng ke Akranes, lik’hilomithara tse 350 ho tloha Akureyri, ka ’nģane ho mekoloko e meraro ea lithaba le moo re fetang liphula tse ngata tse ntle. Mona tsela e betliloe hantle, e leng ho etsang hore leeto lena e be le monate ha le bapisoa le mane litseleng tse mpe le tse tšesaane tsa karabole tseo re tsamaileng ho tsona boholo ba leeto lena. Akranes re na le phutheho e nyenyane ka ho fetisisa Iceland—bahoeletsi ba bahlano, ba babeli ba bona ba sebeletsa e le baholo. E entsoe ka malapa a mabeli a ileng a arabela pitsong ea Macedonia, ba tloha ho e ’ngoe ea liphutheho tse khōlō Reykjavík, ’me ba tla lula mona toropong e nyenyane ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane. (Liketso 16:9, 10) Ka nako e fetang lilemo tse peli joale, ka mamello ba boletse litaba tse molemo tšimong ena, ba tšepile hore Jehova o tla melisa lintho.—1 Ba-Korinthe 3:6.
Litebello tse Khanyang Bakeng sa Keketseho
Ka likhurumetsi tsa likhalase tse futhumatsoang ka matla a mocheso o tsoang ka mpeng ea lefatše le khanya e iketsetsoang, bo-rapolasi ba Iceland ba ’nile ba khona ho lema mefuta e sa tšoaneng ea litholoana, meroho, le lijalo tse ling. Ka ho tšoanang, Lipaki li hlomelletsoe ka ’nete ea moea, mofuthu oa ho phehella ka bonolo, le tlhohonolofatso ea moea o halalelang oa Jehova, li ’nile tsa ba le liphello tse hlollang tšimong ea Iceland.
Selemong sena batho ba 542 ba ne ba le teng Sehopotsong sa lefu la Kreste, ’me hona joale ho khannoa lithuto tsa lehae tsa Bibele tse ka bang 200. Ho phaella moo, karabelo e ntle khothaletsong ea ho sebeletsa masimong a sa abuoang e re fa tšepo ea hore batho bohle ba kang linku sehleke-hlekeng sena se seholo ba tla utloa lentsoe la Molisa ea Molemo, Jesu Kreste. (Johanne 10:14-16) Ke liphello tse thabisang hakaakang ho baboleli bao ba ’Muso ba tšepahalang ba bontšitseng mamello le tiisetso tse kaale-kaale ho boleleng litaba tse molemo naheng ea leqhoa le mollo nakong ea lilemo tse 64 tse fetileng!
[Limmapa tse leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Akureyri
Akranes
Keflavík
Selfoss
Vestmannaeyjar
Reyðarfjörður
Hekla
Geysir
VATNAJÖKULL
REYKJAVíK
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Based on map by Jean-Pierre Biard