Ho Bolela ho Tloha Motsaneng o Mong ho ea ho o Mong Spain
JESU KRESTE o ile a tsamaea “metse le metsana, a ntse a ruta, a lebile Jerusalema.” (Luka 13:22) Ho phetha tšebeletso, Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba sa rute ‘metseng’ feela empa le ‘metsaneng.’ Le hoja ho ne ho ka ’na ha e-ba bonolo hore ba lebise tlhokomelo ea bona metseng feela, ha baa ka ba koekoetla metsana e mengata ea mahaeng.a
Lipaki tsa Jehova Spain li ile tsa talimana le phephetso e tšoanang le eo Jesu a ileng a tobana le eona. Morao koana ka 1970, ho ne ho e-na le libaka tse khōlō tse e-s’o kang li sebetsoa tšimong ea mahaeng tse loketseng kotulo. (Mattheu 9:37, 38) Metsana e makholo lithabeng tseo ho tsona ho nang pula e ngata ka leboea, lithōteng tse haelloang ke pula tse bohareng, le ho sika ka lebōpo la leoatle le ka mohla e ne e e-s’o ka e fihleloa ka molaetsa oa ’Muso.
Lipaki tsa Jehova tsa Spain li ne li ikemiselitse ho etsa boiteko bo boholo e le hore li ka isa litaba tse molemo libakeng tsena. Empa ke hobane’ng ha batho ba libakeng tsena ba ile ba lokela ho leta halelele hakaale hore ba utloe molaetsa oa ’Muso? Hona ba ile ba arabela joang?
Tumello ea Molao e Susumeletsa Bopaki ba Mahaeng
Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Spain o ’nile oa e-ba tlas’a thibelo ho tloha qetellong ea ntoa ea lehae ka 1939. Ka bo-1950 le bo-1960, Lipaki tse chesehang li ’nile tsa bolela ka masene metseng, moo boteng ba tsona bo neng bo sa hlokomelehe habonolo. Ha mosebetsi oa tsona o qetella o lumeletsoe ka molao ka 1970, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 10 000 Spain. Hoo e ka bang kaofela ha bona ba ne ba lula metseng le litoropong tse khōlō, empa ho ne ho hlokahala hore metsana ea Spain le eona e utloe molaetsa oa ’Muso. Ke mang ea neng a tla tobana le phephetso eo?
Ka bo-1970 ho ile ha qalisoa phutuho ea ho finyella libaka tsohle hloahloeng eo ka litaba tse molemo. Hoo e ka bang khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ho tloha ka 1973 ho fihlela ka 1979, litsebiso tse khethehileng tse bontšang moo ho nang le tlhokahalo likarolong tse fapa-fapaneng tsa naha li ile tsa hlaha ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, khatiso ea tšebeletso ea khoeli le khoeli ea liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova. Malapa a mangata a nang le boithatelo a arabelang hantle a ile a amohela memo ’me a ithaopela ho sebeletsa moo tlhokahalo e neng e le khōloanyane.
Mohlala o motle ke oa Rosendo le mosali oa hae Luci. Ba ile ba romeloa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng (baboleli ba ’Muso ba nako e tletseng) motsaneng oa batšoasi ba litlhapi ka leboea-bophirimela ho Spain ’me ba etsa qeto ea ho lula sebakeng seo ha ba fetoha batsoali. Rosendo oa lumela: “Ke tlameha ho lumela hore re ile ra feta linakong tse boima. Ho ne ho le thata ho fumana mosebetsi oa boipheliso, empa re ile ra tšepa thuso ea Jehova ’me le ka mohla ha rea ka ra lapa kapa ra hloka moo re lulang. Ka sebele ho ne ho lokela joalo.” Ka lilemo, ba ile ba khona ho thusa ho thehoeng ha liphutheho tse ’nè sebakeng sena sa Spain.
‘Batla ba Tšoanelehang’
Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae ho “batla” ba tšoanelehang motseng kapa motsaneng ka mong. (Mattheu 10:11, NW) Ángel, moena ea tsoang Alcoy (Alicante) o hlokometse hore libakeng tsa mahaeng tsa Spain, ho batla ho hloka mahlaha-hlaha le boikemisetso. O ne a sa tsoa etela mahaeng a mang motsaneng oa Masías ha a utloa mokōkō o lla. O ile a nahana, “Haeba ho na le mokōkō, e tlameha ebe ho na le ntlo kae-kae mona—ntlo eo re sa kang ra e bona.” Ka mor’a ho batlisisa, Ángel o ile a fumana tselana e mo lebisang letsoapong la leralla ’me qetellong a fihla ntlong e arohileng ho a mang.
Polasing ena ho ne ho lula José le Dolores, e le bana ba motho ba neng ba le lilemo tse ka holimo ho 60. Ba ile ba mamela ka hloko ’me hang-hang ba amohela mpho ea thuto ea Bibele. Leha ho le joalo, ho ne ho se bonolo ho ithuta le batho bana ba ikokobelitseng, hobane ba ne ba sa tsebe ho bala kapa ho ngola, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e lokela ho fetoleloa ho tloha puong ea Sepanishe ho ea puong ea Valencia, e leng eona feela puo eo ba neng ba e tseba. Ho feta moo, ba ile ba talimana le khanyetso e khōlō e tsoang ho baahelani ba bona. Ho sa tsotellehe litšitiso tsena, José le Dolores ba ile ba tsoela pele ’neteng, le hoja hore ba be teng libokeng ho ne ho bolela leeto le lelelele la ho hloa lithaba. Qetellong ba ile ba tšoaneleha bakeng sa kolobetso, ’me ka bobeli ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi.
Rosendo le Luci, ba boletsoeng pejana, ba hopola kamoo motho ea shoeleng litho ea lulang ntlong e arohileng ho a mang haufi le Moaña, ka leboea-bophirimela ho Spain, a ileng a amohela ’nete. Lebitso la hae e ne e le María. Ha a ne a buisana le Lipaki ka lekhetlo la pele, o ne a sa tsebe ho bala le ho ngola ’me e ne e le lilemo tse ngata a qhoalile hobane a ile a tšoaroa ke komello ea litho e sa le ngoana. Ntlo ea hae e ne e ka ba lik’hilomithara tse peli ho tloha ’mileng o haufinyane. Leha ho le joalo, o ne a laba-labela ho ithuta Bibele, ’me kapele boikemisetso ba hae ba ho sebeletsa Jehova bo ile ba bonahala. María o ile a ithuta ho bala le ho ngola ’me a qalisa ho ba teng libokeng, ka baka la boiteko bo tiileng ba phutheho. Baena ba ne ba mo nka sebaka sa limithara tse 200 ho tloha ha hae ho mo isa tseleng e patisaneng e sa betloang moo ba neng ba mo theolela ka koloing. Ho sa tsotellehe khanyetso eo lelapa labo le neng le e-na le eona qalong, o ile a tsoela pele ho fihlela a kolobetsoa. Ka lebaka la kholiseho eo tsoelo-pele ea hae moeeng e mo fileng eona, hona joale o se a ithutile ho khanna koloi e entsoeng ka tsela e tšoanelang boemo ba hae ’me o se a phethile thupelo ea thuto ea motheo. Rosendo oa hlalosa: “Ho khona ho thusa batho ba kang María ho etsa hore boitelo leha e le bofe e be bo tšoanelehang.”
Babali ba Bibele ba Arabela ka Boithatelo
Bibele e ile ea fumaneha ho batho ba Spain ka kakaretso ka lekhetlo la pele ka bo-1970. Baahi ba Spain ba bangata ba ile ba reka kopi ea eona, ’me ba bang ba ile ba qala ho bala Mangolo. Pilar, ea tsoang Medina del Campo (Valladolid), o ne a se a ntse a bala Bibele ha Lipaki tsa Jehova li tla toropong ea habo ka lekhetlo la pele ka 1973. Kaha e ne e le Mok’hatholike, o ne a le seli ka ho amohela lingoliloeng tse tsoang ho Lipaki, empa o ne a batla ho utloisisa Bibele. Ka baka leo, o ile a lumela ho ba le lipuisano tsa beke le beke bakeng sa ho araba lipotso tsa hae tsa Bibele.
A sebelisa hamolemo libuka tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower, khaitseli oa pula-maliboho ea neng a etela Pilar o ile a khona ho araba lipotso tsa hae tse ngata. A khahliloe ke seo a neng a ithuta sona, ka mor’a libeke tse ’maloa Pilar o ile a lumela ho ithuta Bibele a sebelisa buka ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Pele a qeta ho ithuta buka ea ’Nete, o ile a qeta ho bala Bibele eohle ’me o ne a kholisehile hore o fumane ’nete. O ile a fetoha Paki ea pele Medina del Campo, eo hona joale e nang le Holo ea ’Muso e ntle le phutheho ea bahoeletsi ba 63.
Lipaki tsa Spain li ntse li fumana batho ba “elang tlhoko ea bona ea moea hloko” le bao ka mehla ba balang Bibele ka boiteko ba ho utloisisa thato ea Molimo. (Mattheu 5:3, NW) Pepi, eo pele e neng e le Mok’hatholike ea neng a ruta katikisima pharisheng ea Zumaia (ka leboea ho Spain), o ne a ntse a bolela motsaneng o haufi ha a tla kopana le moprista oa pharishe.
Moprista o ile a ’molella: “Pepi, u itšenyetsa nako. Motsaneng ona oa Itziar, ho na le batho ba babeli feela—banyalani—ba sekametseng linthong tsa moea. Ba bang kaofela ba ikela kerekeng feela ka tloaelo.”
Pepi o ile a arabela: “Haeba ho na le batho ba babeli ba sekametseng linthong tsa moea, e tla ba Lipaki tsa Jehova.”
Pepi o ile a tsoela pele ka mosebetsi oa hae oa ho bolela ka ntlo le ntlo hammoho le Lipaki tse ling ho fihlela motse oohle o qetiloe. Joalokaha motho a ne a ka ’na a lebella, ntlong e ’ngoe e arohileng ho a mang, baena ba ile ba fumana banyalani bao moprista a neng a ba bolela. Ba ne ba bala Bibele empa ba sa e utloisise. Ba ile ba amohela thuto ea Bibele ka taba-tabelo, ba tsoela pele ka potlako, ’me ba kolobetsoa ka April 1991.
Batho ba bang ba lipelo li tšepahalang ba ithutile ’nete ka hore feela ba ipalle lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower. Ka mohlala, Lipaki tse tsoang Almadén (Ciudad Real) li ne li ntse li bolela toropong e nyenyane ea Ciruelas (Badajoz) ha li fumana mosali ea ileng a mamela molaetsa oa tsona ka hloko. Ka baka la thahasello ea hae e totobetseng, ba ile ba etsa tlhahiso ea hore ba be le thuto ea lehae ea Bibele le eena. Leha ho le joalo, o ile a hana, a re ho se ho ntse ho e-na le monna-moholo e mong ea mo khannelang thuto ea Bibele. Batho ba bang ba ’maloa sebakeng seo le bona ba ile ba bolela ntho e tšoanang. Kaha taba-tabelo ea bona e ne e tsohile, baena ba ile ba botsa ka monna-moholo eo. Ba ile ba fumana aterese ea hae ’me ba mo etela.
Ba ile ba makala ha ba fumana hore monna enoa ea bitsoang Felipe, o ne a ile a fumana buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ha a le Madrid. Ka mor’a ho e bala kaofela, o ile a utloisisa hore ke boikarabelo ba hae ho arolelana litaba tse molemo le baahelani ba hae. Kahoo, o ’nile a sebelisa buka eo ho ba tšoarela lithuto tsa Bibele. Baena ba ile ba etsa litokisetso tsa ho ithuta le eena. Mosali eo a neng a ithuta Bibele le eena, le eena o ile a amohela thuto. Le hoja a le lilemo li 80 ’me a haelloa ke bophelo bo botle ba ’mele, Felipe o tsoela pele hantle ’neteng.
Ho Hlōla Leeme
Masimo a mahaeng a hlahisa mathata a itseng a ikhethang. Hangata litloaelo le litumela-khoela tsa bolumeli li metse ka metso libakeng tse joalo, ’me batho ba bangata ba phelang mahaeng ba na le pelaelo e tebileng ka “bolumeli bo bocha.” Batho ba bang ba metsaneng ka ho khethehileng ba tšaba hore na baahelani le beng ka bona ba tla nahana eng haeba ba fetola bolumeli ba bona. Empa matla a Lentsoe la Molimo a ka hlōla mathata a joalo ’me a fetola bophelo ba motho. Ke sona se etsahetseng motsaneng oa batšoasi ba litlhapi oa Cangas de Morrazo ka leboea-bophirimela ho Spain.
Roberto, ea hlahetseng motsaneng ona, o ile a etsa mosebetsi oa ho thusa basesisi ba likepe ha a le lilemo li 14 hobane a ne a laba-labela boitaolo. Bophelo ba hae e le mosebetsi likepeng tsa khoebo bo ile ba mo teanya le bacha ba bang bao e neng e le basesisi ba likepe ba neng ba tahoa haholo hape ba sebelisa lithethefatsi e le ho fetisa lihora tsa bolutu tseo ba neng ba li qeta leoatleng. Kapele, Roberto le eena o ile a fetoha letahoa le lekhoba la lithethefatsi.
Ka mor’a nako Roberto o ile a khutlela hae empa o ne a sa khone a bile a sa rate ho tela mekhoa ea hae e mebe. E le hore a ka ba le chelete ea ho ntšetsa bokhoba ba hae ba lithethefatsi pele, o ile a fetoha lesholu ’me a qetella a kentsoe teronkong ka makhetlo a tšeletseng. Ha a le lilemo li 18, o ile a noa motsoako o ileng oa batla o ’molaea oa veine le lithethefatsi tse sebelisetsoang ho theola khatello ea kelello. Lingaka li ile tsa pholosa bophelo ba hae, empa ha a ka a hlola a sa khona ho sebelisa matsoho le maoto. O ile a tsoa sepetlele a shoele matsoho le maoto. Esita le ho tlameha ho lula setulong sa liqhoala ka linako tsohle ha hoa ka ha mo etsa hore a khaotse bokhoba ba hae ba lithethefatsi. O ne a tennoe ke ho thetsoa ke bolumeli, ’me ho ne ho bonahala lithethefatsi e le sohle seo a nang le sona ho etsa hore bophelo bo ’ne bo be molemo—ho fihlela lilemo tse tharo hamorao ha a eteloa ke Lipaki tsa Jehova.
Ho ithuta ka boprofeta ba Bibele bo phethahalitsoeng ho ile ha thusa Roberto ho hlōla lipelaelo tsa hae. Kamohelo e mofuthu eo a ileng a e fumana Holong ea ’Muso e ile ea mo kholisa hore bolumeli ba ’nete bo etsa hore bophelo bo be le morero ka ho eketsehileng. Nakong ea likhoeli tse robong, Roberto o ne a se a hlōtse bokhoba ba hae ba lithethefatsi a se a bile a kolobelitsoe. Ho sa tsotellehe kholofalo ea hae e mpe ea ’mele, o ’nile a sebeletsa e le pula-maliboho ea ka mehla ka lilemo tse robeli. Hape e bile moholo oa phutheho ka lilemo tse peli tse fetileng. Francisco, e mong oa metsoalle ea hae ea nakong e fetileng, o ne a hloletsoe ke liphetoho bophelong ba Roberto hoo le eena e ileng ea e-ba Paki ’me hona joale ke mohlanka ea sebeletsang. Phetoho ena e makatsang lekhobeng lena leo ho neng ho lumeloa hore le ke ke la fetoha e thusitse batho sebakeng seo ho utloisisa boleng ba mosebetsi oa rōna hamolemonyana. Mosali e mong o bile a tlisa mor’a hae e monyenyane eo e leng lekhoba la lithethefatsi Holong ea ’Muso hore a bone hore na Lipaki li ka mo phekola.
Ho Batlisisa ’Nete ka Bibeleng
Ka kakaretso, batho ba phelang libakeng tsa mahaeng ba na le kananelo ea ’nete eo hangata e etsang hore bohlale ba lefatše bo hlabisoe lihlong. (1 Ba-Korinthe 1:26, 27) Adelina, mosali ea lihlong ea lilemong tse bohareng, ke e mong oa bana ba nang le kananelo. O ne a nka tumelo ea hae ea K’hatholike ka ho tebileng haholo. Ka ntle le phoso hoseng ho hong le ho hong o ne a khumama ’me a rapela, a pheta Thapelo ea Morena le Ahe Maria ka makhetlo a ’maloa. O ne a lebisa lithapelo tsa hae ho “mohalaleli” ea fapaneng letsatsi ka leng bekeng—e le ho tiisa hore bonyane lithapelo tse ling lia utluoa.
Ha Adelina a qala ho ithuta Bibele, o ile a lebisa cheseho ea bolumeli e tšoanang tumelong ea hae eo a e fumaneng bocha. Esita le lihlong tsa hae ha lia ka tsa mo thibela, le hoja ka lekhetlo la pele ha eena le monna oa hae ba ne ba ile Holong ea ’Muso, ho ile ha ba nka metsotso e leshome hore ba be le sebete sa ho kena ka hare. Leha ho le joalo, ha ba se ba kene o ile a mamela ka hloko. Ka lekhetlo le leng, o ile a ithuta ka Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete. Sehlooho sena se ile sa mo khahla, ha a khutlela hae, o ne a batla ho bala ho eketsehileng ka sona ka Bibeleng ea hae. Empa ho ne ho se ea tsebang ho eena le monna oa hae hore na boitsebiso boo bo ne bo ka fumanoa hokae, le hoja ba ne ba nahana hore bo boletsoe kae-kae bukeng ea Tšenolo. Kahoo Adelina o ile a qalella ho bala Tšenolo bosiung boo ’me a tsoela pele a ntse a e bala ho fihlela qetellong a fihla khaolong ea 20 ka meso.
Lekhetlong le leng hape, Adelina o ile a ithuta hore ke monna ea neng a lokela ho emela mosali oa hae ka thapelo. Le hoja a ne a ikemiselitse ho rapela, monna oa hae o ne a sa tsebe seo a ka se buang thapelong. Bosiung bona boo, Adelina o ile a rera ho batla litaelo ka Bibeleng. Ka hora ea bobeli hoseng, o ile a tsosa monna oa hae ho ’molella hore o fumane Mattheu khaolo ea 6, e tšohlang taba ea thapelo ka botlalo. Ka mor’a ho bala litaelo tsa Jesu, qetellong monna oa hae o ile a etsa thapelo bakeng sa bona ba le babeli. Hona joale Adelina le monna oa hae ke Lipaki tsa Jehova.
Kotulo e Ntle
Ka mor’a lilemo tse ka bang 25 tsa bopaki ba mahaeng bo etsoang ke bahlanka ba chesehang ba Jehova, litaba tse molemo li utloiloe likarolong tsohle tsa Spain. Joalokaha ho etsahetse Asia Minor lekholong la pele la lilemo, ‘lentsoe la Jehova le hasoa ho pholletsa le naha eohle.’ (Liketso 13:49) Ka baka leo, batho ba likete ba metsaneng ba arabetse hamolemo.
Spain le libakeng tse ling, ho bolela ka botlalo libakeng tsa mahaeng ho hloka mamello le boitelo. Empa kaha thato ea Molimo ke hore ‘batho ba mefuta eohle ba bolokehe,’ Lipaki tsa Jehova li thabela ho batla ba nang le kananelo. (1 Timothea 2:4) ’Me joalokaha liphihlelo tse boletsoeng ka holimo li bontša, Jehova o hlohonolofalitse ka ho enneng boiteko bo entsoeng ba ho bolela ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong Spain.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Josephus o hakanyelitse hore ho ne ho e-na le kakaretso ea “metse le metsana” e 204 Galilea, ’me o ile a hlalosa sebaka seo e le se nang le “metsana e mengata haholo.”
[Limmapa tse leqepheng la 23]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
FRANCE
PORTUGAL
SPAIN
LIHLEKE-HLEKE TSA BALEARES
LIHLEKE-HLEKE TSA CANARY
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]
Vilac, Lérida
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]
Puebla de Sanabria, Zamora
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]
Casarabonela, Málaga
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]
Sinués, Huesca
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
Lekeitio, Vizcaya