Ho Tlosa Lesira Moeling oa ho Qetela oa Alaska
KE MATSATSI a mabeli joale, re petetsane re le bane ka phaposing e nyenyane toropong e tummeng haholo ea Nome, Alaska moo ho neng ho matheloa khauta teng. Ka 1898 batho ba batlang lirafshoa ba fetang 40 000 ba ile ba khobokana mona ho tla batla ntho e le ’ngoe—khauta! Rōna, ka lehlakoreng le leng, re batla letlotlo le fapaneng.
Thahasello ea rōna hajoale, e ho “lintho tse lakatsehang” tseo e ka ’nang eaba li lula metseng e arohileng ho e meng ea Gambell le Savoonga Sehleke-hlekeng sa St. Lawrence, lik’hilomithara tse 300 ho ea ka bophirimela ho Bering Strait. (Haggai 2:7, NW) Mono Mainuit a tiisetsa metsi a leqhoa a Arctic ’me a tsoma marua-rua lik’hilomithara tse ’maloa feela ho tloha ho moo pele e neng e le Soviet Union. Empa lehloa le khethehang le moholi o matla o teteaneng li re sitisa ho tsamaea. Sefofane sa rōna se qobelletsoe fatše.
Ha re ntse re letile, ke hopola liketsahalo tsa lilemong tse ’maloa tse fetileng ’me ke leboha Jehova Molimo bakeng sa tlhohonolofatso ea hae mosebetsing oa ho paka libakeng tse qalikaneng. Alaska—eo ba bang ba e bitsang moeli oa ho qetela oa lefatše—ho na le batho ba fetang 60 000 bao e leng matsoalloa a teng ba phelang metseng e fetang 150 e thōko, ea lefeella, e qalikaneng sebakeng se batlang se etsa li-square k’hilomithara tse 1 600 000 e sa hokahanngoang ka mebila leha e le efe. Ka sefofane sa Mokhatlo oa Watch Tower, re se re finyelletse ka ’nģane ho karolo ea boraro ea metse ena e thōko, re e tlisetsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—Mattheu 24:14.
E le ho finyella metse ena e thōko, hangata sefofane se tlameha ho lula fatše se phunyeletsa marung le moholing o ka ’nang oa koahela naha ka matsatsi a mangata. Hang ha se se se le fatše, ho boetse ho na le moholi o mong o lokelang ho fohloa. Joaloka lesira, o koahela likelello le lipelo tsa batho bana ba mosa le ba nang le khotso.—Bapisa le 2 Ba-Korinthe 3:15, 16.
Phetoho e Utloisang Bohloko
Libakeng tse qalikaneng tsa Alaska ho ahile Mainuit, Maaleut, le Maindia. Sehlopha ka seng ho tsena se na le meetlo ea sona le mekhoa e fapaneng ho latela lefutso la sona. E le hore ba tsoele pele ba phela mariheng a Arctic, ba ithutile ho phela le ho iphelisa ka lihlahisoa tsa naha ka ho tsoma, ho tšoasa litlhapi le marua-rua.
Tšusumetso ea linaha lisele e ile ea fihla ho bona bohareng ba bo-1700. Barekisi ba boea ba Russia ba ile ba fumana batho ba apereng matlalo a liphoofolo ’me ba nkha oli ea qibi, ba neng ba lula matlong a mehlongoa-fatše a ruletsoeng ka joang le a nang le menyako e cheketsoeng fatše, e seng matlong a li-igloo a entsoeng ka leqhoa. Barekisi ba ile ba tlisetsa batho bana ba buang ka mosa, ba bonolo, empa ba le matla mathata a tebileng, ho akareletsa le mekhoa e mecha ea bophelo le maloetse a macha, a ileng a fokotsa merabe e meng ka halofo. Kapele-pele lino tse tahang li ile tsa fetoha thohako bathong. Moruo o mocha o ile oa qobella phetoho ho tloha mokhoeng oa bophelo oa ho hlahisa se lekaneng ho phelisa lelapa ho ea mokhoeng oa tšebeliso ea chelete. Ho fihlela kajeno, ba bang ba utloa hore e bile phetoho e utloisang bohloko.
Ha baromuoa ba Bokreste-mōtoana ba fihla, ho ile ha qobelloa phetoho ea mofuta o mong ho matsoalloa a Alaska. Le hoja ba bang ka lesisitheho ba ile ba lahla mekhoa ea bolumeli ba bona ba moetlo—borapeli ba meea ea sefefo, leqhoa, bere, ntsu, joalo-joalo—ba bang ba ile ba hōlisa ho kopanya likhopolo, e leng ho ileng ha hlahisa bolumeli bo kopanetsoeng bo feletseng ka pherekano. Hangata sena sohle se ile sa hlahisa pelaelo le ho se tšepe melata. Metseng e meng hase ka mehla moeti a amoheloang.
Ka hona, phephetso e ka pel’a rōna ke hore, Re tla finyella baahi bohle ba phatlaletseng ho pholletsa le moeli ona o moholo joang? Re ka ba bontša joang hore ha ho na lebaka la hore ba belaele? Ke eng seo re ka se etsang ho tlosa lesira leo?
Boiteko ba Pele ba ho Paka
Mathoasong a bo-1960, Lipaki tse ngatanyana tse matla tsa Alaska ka sebete li ile tsa mamella maemo a leholimo a hlobaetsang—meea e kenellang masapong, mohatsela o ka tlaase ho ntlha ea khoamo, lehloa le lengata—’me tsa khanna lifofane tsa tsona, tse nang le enjine e le ’ngoe maetong a boboleli har’a metse e qalikaneng ho ea ka leboea. Ha ho hetloa morao ketsahalong ena, ruri baena bana ba sebete ba ile ba ipepesetsa kotsi e khōlō. Ka sebele ho robeha ha enjine ea sefofane ho ne ho ka ’na ha lebisa koluoeng. Esita le haeba sefofane se ne se ka khona ho lula fatše ka polokeho, ba ne ba tla be ba le lik’hilomithara hōle haholo le ho fumana thuso lirameng tse matla le moo ho se nang mokhoa oa ho tsamaea. Ho phonyoha ho ne ho tla itšetleha ka ho fumana lijo le bolulo, tse neng li tla haella. Ka lehlohonolo, ha ho na liketsahalo tse tebileng tse ileng tsa e-ba teng, empa likotsi tse joalo li ne li ke ke tsa hlokomolohuoa. Kahoo ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower Alaska ha e-ea ka ea khothaletsa baena ho etsa sena.
E le ho tsoela pele ka mosebetsi, baena ba tšepahalang Liphuthehong tsa Fairbanks le North Pole ba ile ba tsepamisa tlhokomelo ea bona metseng e meholoanyane, joaloka Nome, Barrow, le Kotzebue, e fuoang litšebeletso ke lik’hamphani tse tsamaisang thepa le baeti ka sefofane. Ba ile ba sebelisa lichelete tsa bona ho etela libakeng tsena, lik’hilomithara tse fetang 720 ho ea ka leboea le bophirimela. Ba bang ba ile ba sala Nome ka likhoeli tse ’maloa ho khanna lithuto tsa Bibele le batho ba thahasellang. Barrow ho ile ha hiroa folete bakeng sa ho itšireletsa mohatseleng oa likhato tse 45 tsa Celsius ka tlaase ho ntlha ea khoamo. Ha lilemo tse ’maloa li ntse li feta batho ba nkang ka ho teba taelo ea Jesu ea ho bolela litaba tse molemo ho isa lipheletsong tsa lefatše ba ile ba sebelisa chelete e fetang R50 000.—Mareka 13:10.
Thuso e sa Lebelloang ea Fihla
Ho batla tsela ea ho finyella metse e thōko haholo ho ile ha tsoela pele, ’me Jehova o ile a bula tsela. Sefofane se nang le lienjine tse peli se ile sa fumaneha—e leng ntho eo ka ho toba e neng e hlokahala bakeng sa ho tlōla matsaranka a Lithaba tsa Alaska ka polokeho. Ho na le lithaba tse ngata tse fetang limithara tse 4 200 Alaska, ’me tlhōrō ea Thaba ea McKinley (Denali) e tummeng haholo ke limithara tse 6 193 ka holim’a bophahamo ba leoatle.
Qetellong, sefofane se ile sa fihla. Nahana kamoo re ileng ra soetseha kateng ha sefofane se thochehileng, se khehlemaneng, se mebala e mangata ke ho lapelloa se lula fatše. Na e be mohlomong se ne se le maemong a matle a ho fofa? Na re ne re ka tšepela bophelo ba baena ba rōna ho sona? Hape, letsoho la Jehova ha lea ka la khutsufala. Ba tataisoa ke litei tsa litsebi, baena ba fetang 200 ba ile ba ithaopela ho fana ka litšebeletso tsa bona, ba qeta lihora tse likete bakeng sa ho nchafatsa sefofane.
E bile pono e thabisang hakaakang! Ha se tloha fatše Alaska, e ne e le sefofane se benyang, seo e kang se secha se nang le nomoro ea ngoliso ea 710WT e ngotsoeng mohatleng! Kaha supa le leshome ka bobeli li sebelisitsoe ka Bibeleng ho tšoantšetsa phetheho, 710 e ne e ka ’na ea nkoa e le ho hatisa tšehetso eo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o faneng ka eona ho tlosa lesira lipelong tse koahetsoeng ke lefifi.
Tlaase Lihleke-hlekeng tsa Aleutian
Ho tloha ha re fumana sefofane, re se re tsamaile lik’hilomithara tse 80 000 lefeelleng, re tlisa litaba tse molemo tsa ’Muso le lingoliloeng tsa Bibele metseng e fetang 54. Sena se lekana le ho haola k’honthinente ea United States ka makhetlo a 19!
Ka makhetlo a mararo re ile ra fihla tlaase Lihleke-hlekeng tsa Aleutian tse bolelele ba lik’hilomithara tse 1 600 tse arolang Leoatle la Pacific ho Leoatle la Bering. Lihleke-hleke tse ka bang 200 tse se nang lifate tse etsang letoto lena ha se lehae la matsoalloa a Maaleut feela empa li boetse ke lehae la linonyana tsa leoatle tse likete-kete, lintsu, likhantši, tse lihlooho li tšoeu le masiba a ikhethang a entseng mela e metšo le e mesoeu.
Leha ho le joalo, botle bo hohelang ba tikoloho ena, bo tsamaea le likotsi tsa teng. Ha re fofa holim’a leoatle, re ne re bona maqhubu a ipōpileng a etsang limithara tse tharo ho isa ho tse hlano holim’a metsi a lekoeba a leqhoa, a batang hoo esita le hlabula motho a ka phelang mono metsotso e 10 ho isa ho e 15 feela. Haeba sefofane se qobelleha ho lula, moqhobi oa sona o na le khetho ea ho se isa sehleke-hlekeng se matsaranka se tletseng mafika kapa leoatleng le batang haholo, le bolaeang. Re leboha hakaakang baena ba rōna ba hloahloa, ba nang le mangolo a A & E (Aircraft and Engines) a litei tsa litsebi, ba ithaopelang ho lokisa sefofane hore se be maemong a matle ka ho fetisisa a ho fofa!
Leetong le leng, re ne re leba Dutch Harbor le motseng oa ho tšoasa litlhapi oa Unalaska. Tikoloho ena e tsejoa ka meea ea teng e mathang ka lebelo la lik’hilomithara tse 130 ho ea ho 190 ka hora. Ho thabisang ke hore ho ne ho khutsitse haholoanyane letsatsing leo empa ho ntse ho e-na le lifefonyana tse etsang hore re se phutholohe ka makhetlo a ’maloa. Re ile ra makala hakaakang ha re bona sebaka se senyenyane moo sefofane se ka lulang—se ne se betliloe sebakeng se lehlakoreng la thaba se majoe haholo! Ka lehlakoreng le leng la tselana eo e ne e le selomo se tebileng sa majoe, ka ho le leng, e le metsi a letseng qhoqhoane a Leoatle la Bering! Ha re fihla fatše, ho ne ho le metsi tselaneng. Mono pula e na ka matsatsi a fetang 200 a selemo.
E bile thabo e kaakang ho buisana le batho ba sebakeng see ka Lentsoe la Molimo le merero ea hae! Batho ba ’maloa ba tsofetseng ba ile ba bontša kananelo ka tšepo ea lefatše le se nang ntoa. Ba ne ba ntse ba hopola ka ho hlakileng ho phatloloa ha Dutch Harbor ke Majapane nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Maeto a joalo a ho paka ha a lebalehe ka ho tšoanang ho rōna.
Mofuthu o Ntseng o Phahama Butle
Ha re hlahloba maemo a leholimo hape, re hlokomela ho phahama ha mocheso butle-butle. Hoo ho nketsa hore ke nahane ka mosebetsi oa ho paka libakeng tse arohileng ho tse ling. Butlebutle re bone mofuthu o ntseng o phahama lipelong tsa batho.
Ho nkile nako ho tlosa pelaelo e khōlō le ho hloka tšepo tseo batho ba nang le tsona ho melata. Boitekong ba rōna ba pele, ho ne ho tloaelehile hore baeta-pele ba kereke ba motse ba tle sefofaneng, ba botse ka sepheo sa ketelo ea rōna, e be hang-hang ba re kōpa hore re tsamaee. Ho hlakile hore ho amoheloa joalo ho ne ho soabisa. Empa re ile ra hopola keletso ea Jesu e fumanoang ho Mattheu 10:16: “Le be bohlale joalo ka linoha, ’me le be ba se nang mano joalo ka maebana-khoroana.” Kahoo re ile ra khutlela re laetse sefofaneng moroho, litamati, mahapu a manyenyane, le lintho tse ling tse sa fumaneheng habobebe sebakeng seo. Baahi bao pele ba neng ba e-na le bora joale ba thabetse ho bona thepa ea rōna.
Ha moena a le mong a shebane le “setoro,” a amohela menehelo bakeng sa lihlahisoa tsa temo, baena ba ’maloa ba ne ba ea ka ntlo le ntlo, ba tsebisa batho hore lihlahisoa tsa temo li teng. Ha ba le malapeng ba ne ba boetse ba botsa: “Be, hana u ’mali oa Bibele? Kea tseba hore u tla thabela thuso ena ea ho ithuta Bibele e bontšang hore Molimo o re tšepisitse paradeise.” Ke mang ea neng a ka hana mpho e ipiletsang joalo? E mong le e mong o ile a ananela lijo tsa nama hammoho le tsa moea. Kamohelo e ne e le e thabisang, ha tsamaisoa lingoliloeng tse ngata, ’me lipelo tse ’maloa li ile tsa futhumatsoa.
Ho Tšelela ka ’Nģane ho Leliboho
Ka mose Naheng ea Yukon, Phutheho ea Whitehorse e ile ea atolosetsa memo ea “Masedonia” ho rōna ho “tšelela” Canada ho etela tse ling tsa libaka tse thōko Linaheng tse Leboea-bophirima. (Liketso 16:9) Re ne re le bahlano sefofaneng ha re leba Tuktoyaktuk, motse o haufi le Kou ea Mackenzie Leoatleng la Beaufort, ka leboea ho Arctic Circle.
‘Lebitso lee le makatsang le bitsoa joang?’ re ne re ipotsa ha re fihla.
“Ke Tuk,” ha arabela mohlankana e mong a bososela haholo.
Re ne re hloletsoe: “Ke hobane’ng ha re sa ka ra nahana ka seo?”
Re ne re maketse ho fumana hore batho ba Tuktoyaktuk ba ne ba tloaelane le Mangolo. Ka lebaka leo, re ile ra ba le lipuisano tse ngata tsa botsoalle, ’me ho ile ha tsamaisoa lingoliloeng tse ngata. E mong oa bo-pula-maliboho ba rōna ba bacha o ile a ba le moqoqo o fanang ka temoho le mong’a ntlo.
Mong’a ntlo a re: “’Na ke Mochache!”
“Na u hlokometse hore Kereke ea Chache e amohela bosodoma?” pula-maliboho ea rōna ea botsa.
Monna eo a qea-qea: “Na ho joalo? Joale, ha ke sa le Mochache.” Re tšepa hore motho e mong o ne a buletse pelo ea hae litaba tse molemo tsa Bibele.—Ba-Efese 1:18.
Motho e mong ea tsofetseng o ne a hloletsoe ke boikemisetso ba rōna ba ho finyella lelapa le leng le le leng sebakeng seo. Hangata re ne re tlameha ho etsa mosebetsi oohle oa rōna ka ho tsamaea ka maoto. Ka tloaelo ho ne ho tsamauoa k’hilomithara e le ’ngoe kapa ho feta ho tloha tselaneng ea lifofane ho ea motseng. Joale, e le ho finyella lelapa ka leng, re ne re tlameha ho tsamaea ka matla litseleng tsa kerabole kapa tse liretse. Monna enoa o ile a re alima teraka ea hae e bulehang ka mahlakoreng, ’me e bile tlhohonolofatso e kaakang! E bile phihlelo e molemo ho tšelela ka mose ho leliboho le ho thusa tšimong ea Canada.
Na Hoa Tšoaneleha?
Ha boemo ba leholimo bo mpefetse ’me re tsietsoe kapa re lieha ka ho feletseng, joaloka hona joale, kapa haeba ho paka ka letsatsi le letelele ho bonahala ho tlisitse ho hloka thahasello kapa esita le lehloeo, joale re qala ho ipotsa hore na ebe nako, matla, le litšenyehelo tsohle lia tšoaneleha. Re ka ’na ra nahana ka batho ba bonahalang eka ba bontša thahasello le ho tšepisa hore ba tla ngola empa ba hlōleha ho etsa joalo. Joale rea hopola hore ho ngola mangolo hase tloaelo ea batho ba bangata ba tsoaletsoeng sebakeng seo, ’me habonolo feela botsoalle bo ka ferekanngoa le ho bontša thahasello molaetseng oa Bibele. Ka linako tse ling ho bonahala ho le thata ho hlokomela katleho.
Kapele-pele likhopolo tsena tse fosahetseng lia fela ha re hopola liphihlelo tse molemo tsa bahoeletsi ba bang ba ’Muso. Ka mohlala, Paki e tsoang Fairbanks e ile ea bolela motseng oa Barrow leboea le hōle. Mono o ile a kopana le mocha ea lilemong tse ka tlaase ho 20 ea neng a le phomolong ea likolo ea tsoang kolecheng California. Khaitseli o ile a boloka thahasello ka ngollano ’me a tsoela pele ho khothatsa ngoanana eo esita le ka mor’a hore a khutlele kolecheng. Kajeno, moroetsana eo ke mohlanka oa Jehova ea thabileng, ea kolobelitsoeng.
Motho ea kokotang monyako o nkhaoletsa ke sa ntse ke nahana ka liphihlelo tsena ’me o boetse o fana ka bopaki bo bong ba hore boiteko bohle boa tšoaneleha. Mono monyako ho eme Elmer, eo ho fihlela joale e leng eena feela Paki ea Moinuit e inehetseng, le e kolobelitsoeng Nome.
O ile a botsa: “Na nka tsamaea le uena ha u e-tsoa?” A phela sebakeng se thōko ho tse ling lik’hilomithara tse 800 ho tloha phuthehong e haufi ka ho fetisisa, o batla ho kopanela tšebeletsong le baena ba hae ha a sa ntse a e-na le monyetla.
Mahlaseli a letsatsi a qala ho phunyelletsa marung, ’me rea tseba hore haufinyane le tla hlaka re tsebe ho tsamaea. Ha Elmer a kena ka sefofaneng, re futhumatsoa ke sefahleho sa hae se thabileng, se khanyang. Lena ke letsatsi le khethehileng ho Elmer. O tla le rōna motseng oo re eang ho oona ho ea bolela ho batho ba habo ba Mainuit, a kopanela le rōna boitekong ba rōna ba ho tlosa lesira lipelong tsa ba phelang moeling oa ho qetela oa lefatše.—Se nehetsoe.
[’Mapa o leqepheng la 23]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
1. Gambell
2. Savoonga
3. Nome
4. Kotzebue
5. Barrow
6. Tuktoyaktuk
7. Fairbanks
8. Anchorage
9. Unalaska
10. Dutch Harbor
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
E le ho finyella metse e arohileng ho e meng, hangata ho hlokahala hore ho tlōloe le leng la matoto a mangata a lithaba tsa Alaska
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Betty Haws, Sophie Mezak, le Carrie Teeples ba na le kakaretso e kopaneng ea lilemo tse fetang 30 tšebeletsong ea nako e tletseng