Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 1/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho na le Lekunutu la Thabo ea Lelapa?
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Thabela Bophelo ba Lelapa
    Thabela Bophelo ba Lelapa
  • Lelapa—Ke Seo Batho ba se Hlokang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Ananela ho ba Setho sa Lelapa la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 1/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ba-Efese 3:14, 15 (NW), e bua ka Molimo “eo lelapa le leng le le leng le maholimong le lefatšeng le nang le lebitso ka lebaka la hae.” Na ho na le malapa leholimong, ’me na lelapa le leng le le leng la motho ka mokhoa o itseng le fumana lebitso la lona ho Jehova?

Ha ho na malapa leholimong a joaloka a teng lefatšeng, a nang le ntate, ’mè le bana—bao kaofela ba amanang nameng. (Luka 24:39; 1 Ba-Korinthe 15:50) Jesu o bontšitse ka ho hlakileng hore mangeloi ha a nyale, ’me ha ho letho le bontšang hore ka tsela leha e le efe a ka etsa bana.—Mattheu 22:30.

Leha ho le joalo, Bibele e bua ka tsela ea tšoantšetso ka Jehova Molimo e le ea nyetseng mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa leholimo; o nyetse ka kutloisiso ea moea. (Esaia 54:5) Mokhatlo oo o hlophisitsoeng oa leholimo o etsa bana, ba mangeloi. (Jobo 1:6; 2:1; 38:4-7) Joale, ka kutloisiso ena, ho teng lelapa le babatsehang la moea leholimong.

Ho feta moo, lelapa le lecha la tšoantšetso lea hlahella leholimong, le bōpiloe ka Jesu Kreste le phutheho ea hae ea monyaluoa ea ba 144 000. (2 Ba-Korinthe 11:2) Boholo ba bana ba tlotsitsoeng bo se bo shoele, bo e-na le tebello ea bophelo leholimong. Ba bang ba ntse ba phela lefatšeng. Bohle ba lebelletse ka cheseho “lenyalo la Konyana” leholimong. Bibele e amahanya lenyalo leo le nako e atamelang ea mahlomola a maholo—timetso ea Babylona e Moholo, ’me hamorao e be pheliso ea tsamaiso eohle ea Satane.—Tšenolo 18:2-5; 19:2, 7, 11-21; Mattheu 24:21.

Mabapi le malapa a lefatšeng, moapostola Pauluse ho Ba-Efese 3:15 ha a bontše hore lelapa ka leng le fumana lebitso la lona ka ho toba ho Jehova. Ho e-na le hoo, ho bonahala Pauluse a ne a hopotse ka masika a bolokang lebitso la lelapa le phela. Joshua 7:16-19 e fana ka mohlala. Moo Jehova o ne a senola sebe sa Akane. Qalong, molato o ile oa lebisoa kapa oa lekanyetsoa lelokong la Juda. Hamorao o ile oa theoleloa lelapeng la Zerah. Qetellong, ho ile ha taloloa ba ntlo ea Akane. Akane hammoho le mosali oa hae le bana ba ile ba talingoa, kapa ha buuoa ka bona e le karolo ea ba ntlo ea (kapa, lelapa la) Zabdi, ntate-moholo oa Akane. Ho feta moo, lelapa leo e ne e le leloko le ileng la boloka lebitso la ntate-moholo oa bona Zerah le phela.

Har’a Baheberu, masika a joalo e ne e le a bohlokoa haholo, boholo ba ’ona a thathamisitsoe ka Bibeleng. Molimo o ile a tšehetsa ho bolokoa ha ’ona ka ho etsa tokisetso, moo ho hlokahalang, hore majalefa a ntšetse pele lebitso la lelapa ka ho Kenela basali ba banab’abo bona.—Genese 38:8, 9; Deuteronoma 25:5, 6.

E le mohlala o mong hape oa maloko a maholo joalo kapa oa masika, nahana ka Jesu e le mor’a Davida. Ho hlakile hore e ne e se ngoana oa Morena Davida ka ho toba, kaha a ile a tsoaloa makholo a lilemo ka mor’a lefu la Davida. Leha ho le joalo, letšoao le neng le khetholla Messia e ne e le la hore e ne e tla ba oa lelapa la Davida, joalokaha Bajode ka kakaretso ba ne ba tseba. (Mattheu 22:42) Jesu o ne a le lesikeng la Davida ka ’mè oa hae le ka ntate oa hae oa mohōlisi.—Mattheu 1:1; Luka 2:4.

Empa ke joang malapa a joalo a fumanang mabitso a ’ona ho Jehova? ’Nete ke hore ho na le liketsahalo tse seng kae feela—joaloka tabeng ea Abrahama le Isaaka—moo Jehova ka sebele a ileng a reha hlooho ea lelapa lebitso. (Genese 17:5, 19) Bao e bile mekhelo. Ke seoelo Jehova a fang lelapa lebitso leo le le fetisetsang baneng.

Leha ho le joalo, Jehova o ile a qala lelapa la motho ha a laela Adama le Eva hore ba ‘ngatafale, ba ate, ba tlale lefatše.’ (Genese 1:28) ’Me Jehova o ile a lumella Adama le Eva ba sa phethahalang ho etsa bana, kahoo a rala motheo bakeng sa malapa ’ohle a motho. (Genese 5:3) Kahoo ka kutloisiso e ’ngoe e eketsehileng, Molimo a ka bitsoa Moqali oa mabitso a malapa.

Meetlo e mengata kajeno ha e sa bona ho hlokahala ho boloka mabitso a lelapa a phela bakeng sa meloko e latelang. Leha ho le joalo, linaheng tsohle Bakreste ba leboha Jehova bakeng sa tokisetso ea lelapa ’me ba mo tlotlisa ka ho sebetsa ka thata ho etsa hore malapa a bona ka bonngoe e be a atlehileng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela