Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 1/15 leq. 32
  • Rapela Jehova ka Matsoho a Hloekileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Rapela Jehova ka Matsoho a Hloekileng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 1/15 leq. 32

Rapela Jehova ka Matsoho a Hloekileng

TLAS’A pululelo, mopesaleme Davida o ile a bina: “Ke hatlela matsoho a ka ho lokeng, ke pota aletare ea hao, Jehova.”—Pesaleme ea 26:6.

Ha a ngola mantsoe ana, mohlomong Davida o ne a shebile tloaelo ea baprista ba Balevi ba Iseraele ha ba ne ba nyolosa mothipoloheng oa aletare ho ea chesa mahlabelo a bona mollong. Empa pele ba etsa ketso ena ea borapeli, baprista ba ne ba hlokoa hore ba hlape matsoho le maoto a bona. Ena e ne e se tabanyana feela. Ho hlōleha ho nka bohato bona ba ho qala ho ne ho ka bolela ho lahleheloa ke bophelo ho moprista!—Exoda 30:18-21.

Ho hlapa ha tšoantšetso ho fella ka bohloeki moeeng le boitšoarong. (Esaia 1:16; Ba-Efese 5:26) Jehova o batla hore re ‘pote aletare ea hae’ kajeno ka ho mo sebeletsa. Empa o hloka hore re etse joalo ka matsoho a hloekileng—joalokaha Davida a bolela, matsoho a hatletsoeng “ho lokeng.” Ena hase tlhoko feela e se nang taba, hoba ba etsang litšila ba ke ke ba rua lefa la ’Muso oa Molimo. (Ba-Galata 5:19-21) Ho etsa mesebetsi ea bomolimo ha ho fe motho tumello ea ho kopanela boitšoarong bo bobe. Ke kahoo moapostola Pauluse a ileng a ngola: “Ke laea ’mele oa ka, ke ithapisetsa oona; e se re mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, ’na ka fumanoa ke sa lokeloa ke ho amoheloa.”—1 Ba-Korinthe 9:27.

Ba batlang kamohelo ea bomolimo le thabo ea ’nete ba tlameha ho sebeletsa Jehova ka matsoho a hloekileng. Joaloka Davida, ba tsamaea “ka pelo e lokileng, ea ’nete.”—1 Marena 9:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela