Keletso e Utloahalang ka Maloetse
HIPPOCRATES o tsejoa e le “moqapi oa bongaka ba kajeno.” Ho hongata hoo Bibele e buang ka hona mabapi le maloetse ho ile ha ngoloa ke Moshe lilemong tse ka bang sekete pejana. Leha ho le joalo, ka ho hlokomelehang, ho ’nile ha thoe: “Bafuputsi ba tsa bongaka ba nang le litsebo tse ikhethang bao hona joale ba etsang mosebetsi o babatsehang ba fihlela qeto ea hore Bibele ke buka ea saense e nepahetseng haholo. . . . Linnete tsa bophelo, lipatlisiso tsa maloetse, phekolo ea ’ona le meriana e a thibelang, tse fanoeng ka Bibeleng li tsoetse pele ’me li tšepahala ho feta likhopolo tsa Hippocrates, tseo boholo ba tsona bo ntseng bo e-s’o tiisoe ’me tse ling li fumanoeng li fosahetse ka ho feletseng.”—Dr. H. O. Philips, lengolong le ngoletsoeng The AMA [American Medical Association] News, khatisong ea eona ea July 10, 1967.
Mabapi le ngaka ea Mokreste Luka, ea ileng a ngola Kosepele le buka ea Liketso, Dr. C. Truman Davis o itse: “Moo tlhaloso ea bongaka e fanoeng teng, e nepahetse ka ho feletseng. Luka o sebelisitse ka kakaretso mantsoe a mashome a mabeli a metso e meraro a thekniki ea Segerike a fumanehang mengolong ea Hippocrates, Galen le lingoliloeng tse ling tsa bongaka ba nakong eo.”
Bophelo bo Botle ba ’Mele le Molao oa Moshe
Melemo ea bophelo bo botle ’meleng hangata e ne e hlahisoa ke ho boloka Molao. Ka mohlala, o ne o hloka hore litenteng tsa masole ho koaheloe mantle a motho, ka tsela ena o ne o fana ka tšireletso e lekaneng mafung a tšoaetsanoang a jaloang ke lintsintsi a kang letšollo le feberu ea mala. (Deuteronoma 23:9-14) Molao o ne o thibela tšilafalo ea lijo le metsi, ka ho hlakisa hore ntho leha e le efe eo sebōpuoa se “litšila” se oelang ho eona ha se e-shoa e fetoha e litšila ’me e hloka hore ho nkoe mehato e itseng, ho akareletsa ho pshatla lipitsa tsa letsopa tse silafetseng ka tsela eo.—Levitike 11:32-38.
Ka ho hlokomelehang, The Interpreter’s Dictionary of the Bible e itse: “Tabeng ea thibelo ea maloetse ho ne ho ipapisoa le molao ona, oo haeba o ne o lateloa o neng o etsa ho hoholo ho thibeleng mafu a kholofalo ea boko a bakoang ke lijo, feberu ea mala, letšollo le lehlatso le bakoang ke lijo tse chefu le ho ba le likokoana tse phelang bathong le liphoofolong. Ho phehella ho sireletsa mehloli ea metsi a hloekileng e ne e le tsela e sebetsang ka ho fetisisa ea ho thibela ho ata le ho jaleha ha maloetse a kang a amoeba, mefuta e meng ea feberu ea mala, k’holera, bilharziasis, le spirochetal jaundice. Litekanyetso tsena tsa mekhoa e thibelang maloetse, tse bōpang karolo ea bohlokoa tsamaisong leha e le efe ea bophelo bo botle sechabeng, li ne li le bohlokoa haholo bakeng sa boiketlo ba sechaba se neng se phela tlas’a maemo a boholo-holo sebakeng se meeling ea linaha tse chesang tse mongobo tsa lefatše.”
Bukeng ea hae The Bible and Modern Medicine, A. Rendle Short, M.D., o bontšitse hore ho ne ho e-na le molao oa tsamaiso ea likhoere-khoere, haeba ho joalo, ka sebōpeho se qalang feela lichabeng tse neng li pota-potile Iseraele ea boholo-holo, ’me a re: “Kahoo ho makatsang le ho feta ke hore ebe ka har’a buka e kang Bibele, eo ho nahanoang hore ha e tsebe saense, ho ka ba le litekanyetso tsa bohloeki, ’me ho makatsang ka ho tšoanang ke hore ebe sechaba se neng se sa tsoa pholoha bokhobeng, se neng se hlōloa ke lira khafetsa le se neng se isoa botlamuoeng nako le nako, se ka ba le melao e loketseng le e bohlale joalo libukeng tsa sona tsa melao ea bophelo bo botle. Sena se hlokometsoe ke balaoli ba molemo, esita le bao ba se nang thahasello karolong ea bolumeli ea Bibele.”
Ho latela Molao, ’mutla le kolobe li ne li le har’a liphoofolo tseo Baiseraele ba neng ba sa lumelloa ho li ja. (Levitike 11:4-8) Mabapi le sena, Dr. Short o re: “Ke ’nete hore re ja kolobe, pela le ’mutla, empa ho bonolo ho tšoaetsoa likokoana ke liphoofolo tsena ’me ha li na kotsi hafeela nama ea tsona e butsoisitsoe. Kolobe e ja lijo tse sa hloekang, ’me e ka tšoaroa ke libōkō tse peli, mabele le manyooa, tse ka ’nang tsa fetela bathong. Kotsi ea fokola tlas’a maemo a teng hona joale naheng ena [ea Engelane], empa ho ka be ho bile ka hosele haholo Palestina ea boholo-holo, ’me lijo tse joalo ho ne ho le molemo ho li qoba.”
Melemo e Meng ea Bophelo bo Botle ’Meleng
Ho khomarela litekanyetsong tse lokileng tsa Jehova mabapi le boitšoaro ba likamano tsa botona le botšehali ho boetse ho bile le liphello tse molemo ho Baiseraele moeeng, kelellong le ’meleng. (Exoda 20:14; Levitike, khaolo ea 18) Ka ho tšoanang melemo ea bophelo bo botle e thabeloa ke Bakreste ba ipolokang ba hloekile boitšoarong. (Mattheu 5:27, 28; 1 Ba-Korinthe 6:9-11) Ho hlokomela litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro tsa Bibele ho sireletsa maloetseng a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali.
Pauluse o ile a khothaletsa Timothea ho sebelisa veinenyana ka lebaka la mala a hae le maemo a hae a ho kula khafetsa. (1 Timothea 5:23) Hore veine e na le metsoako e phekolang ho tiisitsoe ke liphuputso tsa morao tjena. Moprofesa oa Litlhare, Dr. Salvatore P. Lucia, oa University of California School of Medicine, o itse: “Veine e sebelisoa haholo phekolong ea maloetse a amanang le tšilo ea lijo. . . . Metsoako e veineng ea tannin le e bonolo e loantšanang le likokoana-hloko e etsa hore e be bohlokoa phekolong ea likerempe tsa mala, ho ruruha ha mala a maholo, mahlaba a bakoang ke ho sokela, letšollo le mafu a mang a mangata a tšoaetsanoang a amanang le qati le mala.” Ka sebele, Pauluse o ile a eletsa Timothea hore a ‘n’o noe le veinenyane,’ e seng e ngata, ’me Bibele e nyatsa botahoa.—Liproverbia 23:20.
Mangolo aa hlokomela hore ’mele le kelello lia amana, le hoja e bile morao tjena feela moo bafuputsi ba tsa bongaka ka kakaretso ba qalileng ho hlokomela hore ho na le kamano e itseng pakeng tsa maloetse le boemo ba ’mele ba maikutlo a motho. Liproverbia 17:22 e re: “Pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang; athe moea o hlomohileng o omeletsa masapo.” Maikutlo a kang a mohono, tšabo, meharo, lehloeo le takatso ea boithati a kotsi, athe liphello tse molemo ’me ka linako tse ling tse khathollang li hlahisoa ke ho hlaolela le ho bontša lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro, litholoana tsa moea oa Molimo. (Ba-Galata 5:22, 23) Ka sebele, Mangolo ha a behe maloetse ’ohle tlas’a matšoao a lefu la kelello a bonahalang ’meleng, leha e le hore e hanyetsa ho batla keletso le phekolo ea lingaka. Pauluse o ile a bitsa Mokreste ea tšepahalang Luka “ngaka e ratoang.”—Ba-Kolosse 4:14.