Ho Etela Tšimo ea ha Habo Rōna ea Boromuoa
SEHLOPHA sa liphutheho tsa Bokreste tseo ke li etelang se ntsamaisa ho tloha Portugal ho ea Chaena—kapa ke kamoo ho bonahalang ho le kateng. Leha ho le joalo, ha ho mohla ’na le mosali oa ka Olive re tlohang Brithani.
Re etela liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse ntseng li hōla tsa batho ba buang lipuo lisele tse hasaneng ho pholletsa le naha. Re sebetsa tšimo e hōlang, e atlehang moeeng ea batho ba buang lipuo tse ngata, ho tloha sehlekehlekeng sa Jersey, se haufi le lebōpo la leoatle la Normandy, Fora, ka lik’hilomithara tse 20, moo re nang le sehlopha sa Sepotoketsi teng, ho ea fihla motseng oa Sunderland, ka leboea ho Engelane, moo re etelang batho ba thahasellang ba buang Sechaena. Ho tlile joang hore re be le kabelo ee e sa tloaelehang? ’Me ho etsahala eng tšimong ea ha habo rōna ea boromuoa? A nke ke hlalose.
’Na le Olive re bile mosebetsing oa ho tsamaea ka lilemo tse 20, re etela phutheho ka ’ngoe beke e ’ngoe le e ’ngoe. Re ’nile ra tsamaea ho tloha leboea ho ea boroa, bochabela ho isa bophirimela, ho pholletsa le Brithani, ’me morao tjena ra ea ho barab’abo rōna ba Bakreste ba sehlekehlekeng sa Mediterranean sa Malta, moo re ileng ra fumana kamohelo e mofuthu ka ho ikhethileng ea Bokreste. (Bapisa le Liketso 28:1, 2.) Ka mor’a ho ba Malta lilemo tse tharo, re ile ra qala ho ipotsa hore na kabelo ea rōna e hlahlamang e tla ba hokae. Re ile ra nahana hore mohlomong re tla etela libaka tsa batho ba buang Senyesemane tsa mahaeng, ’me re ile ra qala ho lokisa mehopolo ea rōna bakeng sa monyetla ona. Re ile ra makala hakaakang ha re fumana kabelo ea rōna ea ho sebeletsa potoloho ee e ncha e entsoeng ka lihlopha le liphutheho tsa batho ba buang lipuo tse fapaneng tse 23!
Re ne re ipotsa hore na re tla tsoella joang. Ntle le phihlelo eo re neng re bile le eona Malta, ho ne ho se mohla re kileng ra hla ra sebelisana le batho ba semelo le mekhoa ea bophelo tse fapaneng le tsa rōna. Na ka sebele re ne re tla tseba ho khothatsa ba neng ba sa utloisise Senyesemane? Re ne re tla buisana le batho joang re sa tsebe lipuo tse ling? Ho thoe’ng ka lijo le ka ho se tšoane ha mekhoa ea bophelo ea batho ba bang? Na re ne re tla tenyetseha ka ho lekaneng? Re ile ra ipotsa lipotso tse kang tsena ha ka thapelo re ne re nahana ho arabela pitso ena ea Macedonia.—Liketso 16:9, 10; 1 Bakorinthe 9:19-22.
Ho Hlōla Bothata ba ho se Tsebe Puo
Olive oa hlalosa: “Qalong ke ne ke ikutloa ke sa tšoanelehe kaha ke ne ke sa tsebe lipuo tse ling. Ke ne ke sa bone hore na ke tla thusa baralib’abo rōna joang. Joale ke ile ka hopola kamoo banyalani ba ileng ba qala ho re ruta Bibele ba neng ba re khothalitse kateng hore le ka mohla re se hane kabelo. Ba ne ba re rutile hore ha ho mohla Jehova a batlang hore re etse ntho eo re ke keng ra khona ho e etsa.” Kahoo, bobeli ba rōna re ile ra amohela kabelo eo ka matsoho a mabeli.
Ha re se re hlahlobisisa litaba, re hlokomela hore ho se tsebe ha rōna lipuo tse ling ho re thusitse hore re tšoare motho e mong le e mong ka tsela e tšoanang. Ka mohlala, ho kopanela libokeng tse tsamaisoang ka puo esele beke le beke ho entse hore re utloisise ka ho feletseng hore na barab’abo rōna ba ne ba ikutloa joang ha ba ne ba lokela ho lula libokeng tsohle tsa Senyesemane le hoja ba ne ba utloisisa ho fokolang feela ho se buuoang. Ka sebele re lokela ho lokisetsa liboka hantle e le hore re ka utloisisa se buuoang. Kamehla Olive o arabela potso e ’ngoe ka libokeng. O lokisetsa karabo ka Senyesemane ’me a kōpe morali’abo rōna e mong hore a mo fetolelle eona, a ngola ka molumo oa Senyesemane. Oa lumela hore oa tsilatsila ha a batla ho phahamisa letsoho hore a fane ka tlhaloso. Ka linako tse ling boiteko ba hae boa tšehisa. Empa sena ha se mo nyahamise. O re: “Kea tseba hore barab’eso ba ananela boiteko ba ka. Ha e le hantle, ho arabela ha ka ho khothatsa ba tsebang puo hantle hore ba arabele ka libokeng.”
Ho ’na, ho fana ka lipuo ho boetse ho fapane kaha ke lokela ho fa toloko nako ka mor’a polelo e ’ngoe le e ’ngoe. Ho bonolo haholo ho lahleheloa ke mohopolo oa seo ke buang ka sona. Ke hlokomela hore ke lokela ho tsepamisa maikutlo haholoanyane le ho fokotsa boitsebiso ba ka haholo. Empa kea ho thabela.
Tšebeletso ea Rōna e Fapaneng
Metseng e mengata ea litoropo Brithani, batho ba buang lipuo lisele ba qalikane, mohlomong ba ba babeli seterateng se le seng, ’me u lokela ho tsamaea sebakanyana ho fumana ba bang. Empa, ha u ba lumelisa ka puo ea bona ’me u bona kamoo ba arabelang kateng, ua utloa hore hoa tšoaneleha. Haeba mor’eso eo ke tsamaeang le eena a nehelana ka molaetsa oa ’Muso ka puo ea mong’a ntlo, hangata karabelo e ba thabo e khaphatsehang.
Ka sebele, tšebeletso ea rōna tšimong ea batho ba buang lipuo lisele ke phihlelo e thabisang ho feta tsohle tseo re kileng ra ba le tsona lilemong tse 40 re le tšebeletsong ea ’Muso. Ho na le menyetla e meholo haholo ea keketseho. Ha ho pelaelo hore batho ba bangata ba ithuta ka potlako e khōlō le ka kananelo e matla haeba ba rutoa ka puo ea habo bona. (Liketso 2:8, 14, 41) Ho ama maikutlo haholo ho bona bara le barali babo rōna ba tletse meokho ea thabo qetellong ea seboka, maemong a mang e le ka lekhetlo la pele ba mametse le ho utloisisa lenaneo lohle.
Ha re bolela ka ntlo le ntlo, re leka hore bonyane re itsebise mong’a ntlo ka puo ea hae, le hoja ka linako tse ling re ikenya mathateng. Ka mohlala, tumeliso e tloaelehileng lelapeng la batho ba buang Segujarati ke Kemcho, e bolelang feela “Lumela.” Ka nako e ’ngoe ho bonahala ke ile ka lumelisa ka tsela eo e kang ke bapatsa mofuta o itseng oa kofi. Leha ho le joalo, lelapeng le leng monna le mosali ba ile ba bososela ha ke ba lumelisa ka Segujarati. Ka potlako ba ile ba re re kene ka tlung ’me ka mosa ba re etsetsa kofi—e se ka lebaka la hobane ho e-na le lentsoe leo ke le bitsitseng hampe. Re ile ra fumana hore ke kahobane ba ne ba amana le tse ling tsa Lipaki tsa Jehova sehlopheng seo re neng re se etetse, ’me ba ile ba bontša thahasello ea sebele ’neteng.
Ka lilemo, morali e mong oabo rōna ea buang Senyesemane o ne a hlola a sietse mofumahali e mong ea buang Sechaena limakasine. Nako le nako o ne a ithaopela ho ba le thuto ea Bibele ea lehae e sa lefelloeng le mofumahali enoa, empa o ne a e hana. Ka letsatsi le leng morali’abo rōna o ile a tsamaea le morali e mong oabo rōna ea neng a ntse a ithuta Sechaena ’me a nehelana ka buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka puo eo, ’me mong’a ntlo ea thahasellang a e nka hang-hang.a Joale kaha o ne a e-na le buka ka puo ea habo, o ile a lumela ho ba le thuto ea Bibele. Mantsoe ao a seng makae a ileng a buuoa ka puo ea habo mofumahali enoa a ile a etsa phapang.
Mekhoa e Fapaneng ea Bophelo
Re ne re e-s’o ka re hlokomela hore meetlong e meng banna ha ba rate ha basali ba bona ba tsamaea ba le bang bosiu. Sena se thatafaletsa baralib’abo rōna ba bangata ho ba teng libokeng tse tšoaroang mantsiboea. Lichaba tse ling tsa Asia li lumela hore baroetsana ba khethang ho se nyaloe ’me ba lula habo bona ba tlotlolla lelapa. Ntate oa morali’abo rōna e mong e mocha o ile a batla ho itjesa chefo ha morali oa hae a hana ho nyaloa ke mohlankana eo a neng a mo khethetsoe ke lelapa. Ka sebele, se mamelloang ke baralib’abo rōna ba kang eo, se babatseha haholo! Leha ho le joalo, ha u bona phello ea seo ’nete e se etsang bophelong ba malapa ao le kamoo botšepehi ba baralib’abo rōna ho Jehova bo khahlang batsoali ba bona kateng, e ba ho tsotehang e le kannete.
Ho amohela ha rōna kabelo ena ho ile ha re tlama hore re etse liphetoho tse itseng. Pele re qala mosebetsi oa ho tsamaea, lijo tsa ka e ne e lokela ho ba tse phehiloeng ka mokhoa oa Manyesemane feela, empa hona joale, li monate haholoanyane ha li tšetsoe linoko. Re llela lilemo tse ngata tseo re ileng ra li tlohela tsa feta mohoalotso pele re qala ho lokisa lijo ka mekhoa e fapaneng hakana—ho tloha ho tlhapi e tala ho isa ho lijo tse tšetsoeng k’heri.
Litebello Tse Khanyang
Ho hlakile hore ena ke nako ea hore tšimo ea batho ba buang lipuo lisele e hōle libakeng tse ngata. Likhatiso tse ngata lia fumaneha hona joale ka lipuo tse fapaneng. U ka lemoha tlhohonolofatso ea Jehova ha ho hlophisoa liphutheho tse ncha. Barab’abo rōna ba tsebang lipuo tse ling ba tloha libakeng tse hōle ho tla thusa.
Mohlala o ikhethileng e bile oa karabelo e bileng teng ho boleleng litaba tse molemo tsa ’Muso ka Sefora. Lilemong tsa morao tjena, baphaphathehi ba bangata ba buang Sefora ba tsoang Zaire le linaheng tse ling tsa Afrika ba tlile Brithani. Ha ho ne ho thehoa phutheho ea pele ea batho ba buang Sefora London, ho ne ho kopanela bahoeletsi ba ’Muso ba 65. Selemo hamorao, palo e ne e nyolohetse ho 117, ’me ba 48 ba bana ba ne ba sebeletsa ka nako e tletseng e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Kapelenyana ho ile ha thehoa phutheho ea bobeli bakeng sa ho hlokomela thahasello e hōlang. Hona joale ho ka lebisoa tlhokomelo e khōlō ho ba thahasellang, bao ba 345 ba bona ba ileng ba kopanela moketeng oa Sehopotso oa 1995. Ba ileng ba fumana mangolo a Gileade ba neng ba sebeletsa Benin, Côte d’Ivoire, Morocco le Zaire hona joale ba sebelisa phihlelo ea bona ho hlokomela tšimo ena e hōlang, ’me ba nkang khato ba bangata ka ho hlollang.
Ha ke ne ke etetse phutheho e ’ngoe ea batho ba buang Sefora, ke ile ka ea le e mong thutong ea hae ea Bibele le mosali e mocha oa Moafrika. Ha re lokela ho tsamaea, mosali eo o ile a kōpa: “Ke kōpa hore le se ke la tsamaea. Lulang ho se hokae.” O ne a batla feela ho tseba haholoanyane. O ile a nkhopotsa Lydia oa lekholong la pele la lilemo.—Liketso 16:14, 15.
Mosebetsi oa rōna oa mathomo e ’nile ea e-ba ho thusa lihlopha tse nyenyane tsa batho ba buang lipuo lisele hore e be liphutheho. Moo barab’abo rōna ba neng ba e-ba le Thuto ea Buka ea Phutheho ea beke le beke, molemong oa bona, re ile ra kenyelletsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se khutsufalitsoeng hang ka khoeli. Sena se ba thusa hore ba itlhalose hantle tšebeletsong ea tšimo. Joale butle-butle ba sebeletsa ho tšoara liboka tsohle tse hlano tsa beke le beke. Hona joale re na le liphutheho tse ncha tsa batho ba buang Sechaena (Secantonese), Sefora, Segujarati, Sejapane, Sepotoketsi, Sepunjabi, Setamile le Sewelshe.
Re boetse re thabetse tokelo ea ho ba libokeng le barab’abo rōna ba lithōlō. Ke ho hlollang haholo ho bona ha barab’abo rōna ba bina ka matsoho. Ke ananela boiteko ba bona bo babatsehang ba ho kopanela ho boleleng ka ’Muso kaha kea elelloa hore ba bua ka boitšisinyo ba ’mele tšebeletsong ea bona. Ho boetse ho na le ba tolokang bakeng sa lithōlō le lifofu. Ho bonahala hore Jehova o tiisa hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea siuoang.
Haeba re ne re lokela ho etsa kōpo e khethehileng, e ne e tla tšoana le ea Jesu: “Le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Matheu 9:38) Barab’abo rōna ba bangata ba amohela phephetso ea ho ithuta lipuo tsa merabe e tšimong ea bona. Le hoja re sa fuoa matla a mohlolo a ho bua lipuo tse fapaneng, ka sebele Jehova o qalisa mosebetsi tšimong ena ea ha habo rōna ea boromuoa—tšimo e butsoelitseng kotulo. (Johanne 4:35, 36)—Joalokaha ho boletse Colin Seymour.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.