Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 8/15 maq. 23-25
  • Lekhulo la ba Kang Linku Naheng ea Navajo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lekhulo la ba Kang Linku Naheng ea Navajo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Ho Tlisa Litaba Tse Molemo Naheng ea Navajo
  • Ho Rala “Motebo oa Linku”
  • Karabelo e Hlollang Molaetseng oa ’Muso
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 8/15 maq. 23-25

Lekhulo la ba Kang Linku Naheng ea Navajo

HÓZHÓNÍ, ka puo ea Maindia a Navajo, e bolela “e ntle,” ’me ke ka tsela eo batho ba Navajo ba hlalosang naha ea bona ka eona. Ho tloha ka 1868 ’muso oa United States o sehetse Manavajo sebaka se ka thōko se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 62000 ka leboea-bochabela ho Arizona, pel’a moo ho thoeng ke likhutlong tse ’nè, moo litereke tse ’nè tsa Arizona, Colorado, New Mexico le Utah li kopanang teng. Phula ea Liemahale, eo libaesekopo tsa linaha tsa Bophirimela li entseng hore e tume, hona joale e boloketsoe hore e be Navajo Tribal Park ’me e hohela bahahlauli lefatšeng lohle. Phula ena e na le majoe a hlollang a mafubelu a lesehloa a motsu lintlheng, ao bophahamo ba ’ona e leng limithara tse 300, a hlahellang a qalikane ka botle bo ikhethang lithoteng tse phahameng. Ka ho loketseng lebitso la Senavajo bakeng sa phula ena le bolela “sebaka se pakeng tsa mafika.”

Batho ba Navajo ka kakaretso ba tsebahala ka mekhoa ea bona e bontšang boikokobetso, ho amohela baeti ka mofuthu le malapa a kopaneng a kopanyelletsang beng ka ’ona ba haufi. Baahi ba 170 000 ba sebaka sena se ka thōko ba lula haholo-holo metsaneng e qalikaneng, ba latela lineano. Ba bang ba ntse ba ruile linku ’me ba lula matlong a lehong a litsoeng ka mobu a bitsoang mehlongoa-fatše. Mekhabiso ea Manavajo le mesebetsi ea matsoho e entsoeng ka tsebo e tumme ka ho pharaletseng. Ho nkoang e le ha bohlokoa ka ho khetheha, ke limmete le likobo tsa bona tse nang le mekhabiso ea neano, tse lohiloeng ka boea ba nku. Se tummeng ka ho tšoanang ke mabenyane a Navajo a silevera e nang le lejoe le nang le boputsoa le thepa e ’ngoe e sebelisoang ea tlhaho.

Ho Tlisa Litaba Tse Molemo Naheng ea Navajo

Ka lilemo tse fetang 30, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tla naheng ea Navajo, eseng feela bakeng sa ho bona libaka tse thahasellisang empa hape bakeng sa ho tlisa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho batho ba sebaka sena se ka thōko. (Matheu 24:14) Basebeletsi ba bo-pula-maliboho ba kamehla le ba khethehileng ba Lipaki tsa Jehova ba nkile ketello-pele mosebetsing oa ho bolela. Bongata ba bona bo tlile bakeng sa ho arabela limemong tsa balebeli ba tsamaeang le tsa Lipaki tsa sebaka seo tsa ho thusa moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Ba bang ba ne ba e-tsoa liphuthehong tse haufi, ha ba bang, ho akarelletsa le litho tsa merabe e sa tšoaneng ea Matsoalloa a Amerika, ba ne ba e-tsoa likarolong tse sa tšoaneng tsa United States.

Banna le basali bana ba itetseng ba ’nile ba tšoantša tšebeletso ea bona sebakeng sena le kabelo ea boromuoa. Hobane’ng? Taba ea pele, ho thata haholo ho ithuta lipuo tsa matsoalloa ka lebaka la melumo ea tsona e rarahaneng, sebōpeho sa tsona le mantsoe a tsona. Joale, matsoalloa, ka tekanyo e khōlō, a khomaretse mekhoa ea ’ona ea neano bolumeling, sebōpehong sa malapa le ho ipheliseng ka lintho tse tsoang mobung. Ho ekelletsa moo, matlo le mosebetsi lia fokola bakeng sa batho bao e seng Maindia, e leng ho thatafalletsang ba falletseng sebakeng sena hore ba lule ho sona. Taba ea ho qetela ke ea hore histori ea nako e telele ea ho sotloa ha batho bana ke makhooa ka ho utloahalang e kentse ka hare ho bona tekanyo e itseng ea ho se tšepe batho ba tsoang ka ntle.a

Taba ea pele, ha Lipaki li ne li e-ea ka ntlo le ntlo li apere hantle li fasitse lithae, ho ne ho nkoa hore ke Mamomone, ’me ba bangata ba ne ba sa bule menyako. Ha li tlohela ho fasa lithae, li ile tsa amoheloa, hangata ka nako e etsang hora kapa ho feta. Hona joale batho ba tseba Lipaki tsa Jehova, le hoja li se li boetse li apara hantle tšebeletsong.

Ho fihla feela ho batho ba lulang sebakeng sa Navajo se ka thōko ke phephetso ea sebele. Ho tsamaea ka koloi sebaka sa lik’hilomithara tse ngata litseleng tse se nang matšoao tseo e ka ’nang eaba li majoe, li lehlabathe li bile li seretse ke ntho e tloaelehileng. Hoa utloahala hore sena se senya likoloi haholoanyane le ho etsa hore bapalami ba khathale. Ho ka ’na ha etsahala hore likoloi li qaoe, empa bo-mofeta-ka-tsela hangata ba itokiselitse ho thusa. Ho etela ba thahasellang, ho ea thutong ea lehae ea Bibele kapa ho isa motho sebokeng sa Bokreste hangata ho hloka leeto la lihora tse ngata ho ea le ho khutla. Empa Lipaki li ikitlaetsa ka ho rata, ka tsela eo li bontša lerato la tsona bakeng sa matsoalloa ana.—Bapisa le 1 Bathesalonika 2:8.

Manavajo a thabela ho ba le lipuisano tsa Bibele. Hangata a bokana hammoho e le lelapa kaofela—bana, batsoali le bo-nkhono le bo-ntate-moholo—bakeng sa ho utloa ka tšepo ea lehae la paradeise la nako e tlang bakeng sa moloko oa batho. Ha a botsoa hore na o nahana hore Paradeise e tla ba joang, monna e mong oa Monavajo o ile a araba, “Makhulo a matala, a nang le linku tse ngata,” e leng se bontšang lerato la ’ona la lekhulo le mehlape ea ’ona. Hape a ananela lingoliloeng tsa Bibele, a bontša sena ka hore ka linako tse ling a nehelane ka lifaha, setene sa sesepa, kane ea lebese le lintho tse kang tseo bakeng sa ho tšehetsa tšebeletso ea ’Muso. Pula-maliboho e ’ngoe e khethehileng ka selemo e ile ea fumana lipeeletso tse 200 tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, ho akarelletsa le tse peli tseo e li fumaneng ho monna ea palameng pere.

Ho Rala “Motebo oa Linku”

Ha lehlabula le kena, ke nako ea hore molisa oa Monavajo a ise mohlape oa hae motebong oa linku. Lehae lena la linku la lehlabula, le khethiloeng ka lebaka la ho ba haufi le makhulo a matala le mohloli o motle oa metsi, le thusa mohlape ho atleha. Ka tšoantšetso, Holo ea ’Muso e ka tšoantšoa le motebo o joalo—lekhulo la moea le mohloli oa metsi a ’nete. Batho ba tlang ba ka fumana phepo ea moea e etsang hore ba phele hantle moeeng le ho ba matla.

Ka nako e itseng, liboka li ne li tšoareloa ka phaposing ea ho ithutela Kayenta, Arizona. Joale, ka August 1992, ka thuso ea baithaopi ba Lipaki ba makholo ba tsoang literekeng tse ngata, ho ile ha hahuoa Holo ea ’Muso e ncha Kayenta. Holo ena ea ’Muso le tse ling tse ngata sebakeng seo li fana ka maikutlo a hore mosebetsi oa boboleli o tla etsoa kamehla bathong ba sebaka seo. Liholo tsa ’Muso tse ling tse sebeletsang tšimo ena e khōlō li akarelletsa tse Motseng oa Tuba le Chinle, tseo ka bobeli li leng sebakeng sena se ka thōko, e ’ngoe e Keams Canyon sebakeng sa morabe oa Hopi ka har’a sebaka se ka thōko sa Navajo se ka thōko, le tse ling tse ngata litoropong tse moeling oa sebaka sena se ka thōko. Phello e bile efe?

Karabelo e Hlollang Molaetseng oa ’Muso

Kayenta batho ba fetang 12 ba motseng oo ba kolobelitsoe haesale Holo ea ’Muso e hahuoa, e leng se bontšang tlhohonolofatso ea Jehova sebakeng sena sa borapeli ba ’nete. Holo ena e fana ka bopaki ba hore Lipaki tsa Jehova li tla lula sebakeng sena ’me e etsa hore batho ba be le tšepo litabeng tse molemo tsa ’Muso tseo li li rutang. Haufinyane ho ile ha nehelanoa ka puo ea pele ea phatlalatsa ea Bibele ka puo ea Senavajo sebakeng seo. Litho tsa phutheho tse 40 li ne li thabetse ho amohela ba 245 puong e neng e bua ka boikarabelo ba botsoali. Ka lipelo tse ananelang, lelapa le leng la batho ba robeli le ile la tsamaea lihora tse tšeletseng ho ea le ho khutla, e le hore le ka mamela puo ena—e ne e le ketelo ea lona ea pele Holong ea ’Muso.

Kofuto e ’ngoe e molemo eo Jehova a faneng ka eona ke bukana ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! ka Senavajo. Ho fetolela bukana ena Senavajong, e leng puo e rarahaneng haholo, e ile ea e-ba phephetso e khōlō. Bafetoleli ba kopane ba ile ba nka lihora tse fetang 1000 ho tiisa hore bukana ena e fetisa molaetsa oa ’Muso ka nepo. Ho tloha ha e lokolloa ho ella mafelong a 1995, Lipaki tsa sebaka seo li tsamaisitse likopi tse likete tse ngata tsa eona, e leng ho ileng ha fella ka lithuto tsa Bibele tse ngata tse ileng tsa khanneloa babatli ba ’nete.

Senavajo se ntse se sebelisoa ka ho eketsehileng tšebeletsong ha baboleli ba ’Muso ba ntse ba ithuta sona. Liphutheho tsa sebaka sena li qalile ho sebelisa Senavajo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ’me ho tšoaroa litlelase tsa Senavajo bakeng sa ho koetlisa baboleli. Ho ekelletsa moo, lenaneo la likopano tsa sebaka seo le lona le fetoleloa ka Senavajo. Ka sebele boiteko bona bohle bo tla lebisa karabelong e bileng e leng khōloanyane sebakeng sena se ka thōko.

Ho sa lokelang ho hlokomolohuoa har’a litholoana tsa ’Muso sebakeng sena se ka thōko sa Maindia ke litšoaneleho tsa moea tse phahameng ka ho fetisisa tse bontšoang ke barab’abo rōna ba Manavajo. Ka lilemo tse supileng, Jimmy le Sandra ba ne ba e-tla libokeng tsa beke le beke le bana ba bona ba bahlano ba tsamaea lik’hilomithara tse 240 ho ea le ho khutla. Lelapa lena le hopola ka tlholohelo ha le ne le bina lipina tsa ’Muso le ho ithuta Bibele hammoho maetong a lona a malelele. Lerato la batsoali le ho chesehela ’nete ha bona li ile tsa susumelletsa bana ho latela mohlala oa bona oa ho ba barorisi ba Jehova ba inehetseng. Ba bane ba bona hona joale ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla, ’me Jimmy ke moholo. Ho ekelletsa thabong ea lelapa lena, haufinyane khaitseli ea Jimmy, Elsie, e bile motho oa pele ea buang Senavajo feela ea ileng a kolobetsoa.

Balisa ba sebakeng seo le mehlape ea bona ba eketsa boikutlo ba khutso ea bophelo ba mahaeng majoeng a motsu lintlheng a khabisitseng sebaka se ka thōko sa Navajo. Moprofeta Esaia o boletse khale ka Jehova: “O tla alosa mohlape oa hae ka mokhoa oa molisa, o tla bokella likonyana matsohong a hae, a li jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a li sotetse butle.” (Esaia 40:11) Ka Molisa oa hae ea Molemo, Jesu Kreste, Jehova o bokella ka lekhulong la hae la moea bohle ba sebakeng se ka thōko sa Navajo ba batlang ho utloa litaba tse molemo tsa ’Muso ’me ba be le monyetla oa ho fumana mahlohonolo a hae a ka ho sa feleng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona litokollo tsa Tsoha! tsa May 8, 1948 (ka Senyesemane); February 22, 1952 (ka Senyesemane); June 22, 1954 (ka Senyesemane); le ea September 8, 1996.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Molisa oa mosali oa Monavajo o utloa litaba tse molemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela