Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 1/15 maq. 23-28
  • Ho Matlafatsa Tumelo ea Rōna Lentsoeng la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Matlafatsa Tumelo ea Rōna Lentsoeng la Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lentsoe la Molimo ke ’Nete—Ke Motheo oa Tumelo ea Rōna
  • Etsisa “Mophethi oa Tumelo ea Rōna”
  • Phela ka Lebaka la Tumelo
  • E-ba le Tumelo Litšepisong Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Na ka Sebele U na le Tumelo Litabeng Tse Molemo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Bontša Tumelo e Thehiloeng ’Neteng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • “Re fe Tumelo e Eketsehileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 1/15 maq. 23-28

Ho Matlafatsa Tumelo ea Rōna Lentsoeng la Molimo

BATHO ba bangata ba balile Bibele ho feta buka leha e le efe e ’ngoe. Empa ke ba bakae ba bontšitseng tumelo molaetseng oa eona? Bibele ka boeona e hlalosa hore “tumelo hase batho bohle ba nang le eona.” (2 Bathesalonika 3:2) Ho hlakile hore ha rea tsoaloa re e-na le tumelo. E lokela ho hlaoleloa. Le bona bao ho isa bohōleng bo itseng ba nang le eona, ha baa lokela ho e nka habobebe. Tumelo e ka fokola ’me ea shoa. Kahoo, ho hlokahala boiteko hore re lule re le “ba phelang hantle tumelong.”—Tite 2:2.

Ka hona, ke ka lebaka le utloahalang Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se ileng sa khetha sehlooho se reng “Tumelo Lentsoeng la Molimo” bakeng sa letoto la likopano tsa tsona tsa setereke tsa 1997/98. Ka tsela ena, Lipaki tse limilione le ba bang li bile le tokelo ea ho bokana hammoho bakeng sa ho matlafatsa tumelo ea tsona Lentsoeng la Molimo.

Lentsoe la Molimo ke ’Nete—Ke Motheo oa Tumelo ea Rōna

Sena e ne e le sehlooho sa letsatsi la pele la kopano. Le ile la qala ka mantsoe a pabatso ho bohle ba neng ba le teng. Ho ba teng kopanong e ne e le bopaki ba ho nka Bibele e le ea bohlokoa. Leha ho le joalo, ho ile ha botsoa lipotso tse fatang maikutlo mabapi le boleng ba tumelo ea rōna: ‘Na re khona ho emela seo re se lumelang, re sebelisa Lentsoe la Molimo e le mohloli oa seo re se buang? Na re bontša kananelo bakeng sa lijo tsa moea, ho se mohla re nkang Bibele, liboka tsa phutheho le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng habobebe? Na rea hōla leratong, tsebong e nepahetseng le temohong?’ Sebui se ile sa khothalletsa bohle ho mamela ka hloko, sa hlokomelisa hore “Kopano ena ea Setereke ea ‘Tumelo Lentsoeng la Molimo’ e lokiselitsoe ho re thusa ho itlhahloba le ho lekanya boleng ba tumelo eo motho ka mong a nang le eona.”

Puo ea sehlooho e ne e re, “Ho Tsamaea ka Tumelo, Eseng ka Pono.” (2 Bakorinthe 5:7) Sebui se ile sa re: “Tumelo ea ba fetohang Lipaki tsa Jehova hase e se nang mabaka.” Sena ke ’nete hakaakang! Tumelo ea sebele hase e foufetseng. E thehiloe linthong tsa sebele. Baheberu 11:1 e re: “Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” Sebui se ile sa re: “Haeba kannete re tla tsamaea ka tumelo, re hloka tumelo e nang le motheo o motle.” Kaha re tsamaea ka tumelo eseng ka pono, ha re hloke boitsebiso ba hore na Jehova o tla finyella morero oohle oa hae joang, hona neng. Seo re seng re se tseba ka eena se re fa kholiseho e feletseng ea hore matla a hae a tla phethahatsa litšepiso tsa hae ka lerato le ka ho loka.

Puo e reng “Bacha ba Bakreste—Ke Karolo ea Bohlokoa Haholo ea Phutheho,” e ile ea hopotsa bacha hore na ke ba bohlokoa hakae ho Jehova. Ba ile ba khothalletsoa hore ba hōle moeeng ka ho hahamalla lipakane tse kang ho bala Bibele eohle le ho finyella litlhokahalo tsa ho inehela le ho kolobetsoa. Ho ba le sepheo sa thuto e tlatselletsang ke taba ea botho eo motho a lokelang ho e etsetsa qeto le batsoali hae, empa haeba e hahamalloa, kamehla e lokela ho ba ka morero oa hore motho a hlomele bakeng sa ho sebeletsa Molimo ka katleho. Thuto ea lefatše e ka phetha morero o molemo haeba re “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholoanyane” tse amanang le tumelo ea rōna.—Bafilippi 1:9, 10.

Ho ile ha latela neheletsano ea lipuo tse tharo sehloohong se reng “U Latela Litekanyetso Tsa Mang?” Tumelo Lentsoeng la Molimo e re susumelletsa ho khomarela litekanyetso tsa Bibele. Bakreste ba mamela melao le melao-motheo ea Jehova. Ka mohlala, Mangolo a re lemosa hore re se ke ra sebelisa puo e hlohlontšang litsebe le e nyefolang. (Baefese 4:31, 32) Sebui se ile sa botsa: “Nakong ea ha u tenehile kapa u halefile, na u tleroha ka puo e nyefolang molekane oa hao kapa bana ba hao?” Ho hlakile hore hoo e ke ke ea e-ba Bokreste. Molimo o boetse o na le litekanyetso mabapi le ponahalo ea rōna ea botho. Bakreste ba lokela ho ikapesa “moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho.” (1 Timothea 2:9, 10) Lentsoe “boitlhompho,” le na le moelelo oa ho itlhompha, ho ba le botumo bo botle, ho hlaphoheloa le ho ba ea leka-lekaneng. Re susumetsoa ke ho rata ba bang ’me re tataisoa ke melao-motheo ea Bibele le boikutlo ba se nepahetseng.

Lipuo tse peli tse ileng tsa latela li ne li kopanyelletsa ho hlahloba Baheberu 3:7-15 le 4:1-16 temana ka temana. Litemana tsena tsa Bibele li re hlokomelisa ka kotsi ea ho “thatafatsoa ke matla a thetsang a sebe.” (Baheberu 3:13) Re ka atleha joang ho loantšeng ha rōna sebe? Jehova o re thusa ka Lentsoe la hae. Ka sebele, “lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me . . . le khona ho lemoha menahano le boikemisetso tsa pelo.”—Baheberu 4:12.

Puo ea ho qetela letsatsing la pele la kopano e ne e le e reng, “Buka ea Batho Bohle.” E ile ea totobatsa ho tšepahala, ho nepahala le bohlokoa bo sebetsang tsa Bibele. Ho ile ha thabisa hakaakang ho utloa ha sebui se phatlalatsa ho lokolloa ha bukana e ncha e maqephe a 32 e nang le sehlooho se reng, Buka ea Batho Bohle! Ka ho khetheha, sengoliloeng sena se secha se lokiselitsoe batho bao le hoja ba rutehile, ba tsebang ho fokolang ka Bibele. Puo eo e ile ea lihela likhala ka mantsoe ana: “Ho hlokahala hore batho ba itlhahlobele Lentsoe la Molimo ka bobona. Re kholisehile hore ha ba itlhahlobela lona, ba tla hlokomela hore buka ena e ikhethang, Bibele, ka sebele ke buka ea batho bohle!”

Etsisa “Mophethi oa Tumelo ea Rōna”

Sehlooho sena sa letsatsi la bobeli la kopano se ile sa lebisa tlhokomelo ho Jesu Kreste, ‘Mophethi oa tumelo ea rōna.’ Ho hlokahala hore re “latele mehato ea hae haufi-ufi.” (Baheberu 12:2; 1 Petrose 2:21) Ba bangata Bokreste-’mōtoaneng baa bolelloa: ‘Lumela ho Morena Jesu ’me u tla pholosoa!’ Empa na ke sohle seo tumelo e se bolelang? Bibele e bolela hore “tumelo e se nang mesebetsi e shoele.” (Jakobo 2:26) Ka lebaka leo, ntle le ho lumela ho Jesu, re lokela ho etsa mesebetsi eo a ileng a e etsa, haholo-holo oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.

Lenaneo la hoseng le ne le tsepame mosebetsing oa ho bolela evangeli. Joaloka Pauluse, re lokela ho chesehela ho bolela litaba tse molemo tsa poloko. (Baroma 1:14-16) Jesu o ne a ruta batho kae le kae. Le hoja tšebeletso ea rōna ea ntlo le ntlo ea kamehla e hlahisa litholoana, batho ba eketsehileng ha ba fumanehe ha re etetse malapeng a bona. (Liketso 20:20) Ba bangata ba sekolong, mosebetsing, mabenkeleng kapa leetong. Ka hona, re boetse re lokela ho ruta libakeng tsa batho bohle le kae kapa kae moo batho ba ka fumanoang teng.

Puo e reng “E-ba ea Metseng ka Metso le ea Tsitsitseng ’Neteng,” e ile ea re hopotsa ka palo e khōlō ea barutuoa ba bacha ba kolobetsoang—karolelano ea ba fetang 1000 letsatsi ka leng! Ke habohlokoa hore bana ba bacha ba mele ka metso ’me ba tsitse tumelong. (Bakolose 2:6, 7) Sebui se ile sa hlalosa hore metso ea sebele e monya metsi le lijo ha e boetse e tsitsisa kapa e tšehetsa semela. Ka tsela e tšoanang, barutuoa ba bacha ba ka tsitsa ’neteng ka ho ba le mekhoa e metle ea ho ithuta le ho ba le botsoalle bo hahang.

Keletso ena e ne e tšoaneleha haholo bakeng sa ba neng ba ea kolobetsong. E, letsatsing la bobeli la kopano, ho ile ha kolobetsoa letšoele la barutuoa ba bacha, le latela mohlala oa Jesu. Puo e reng “Tumelo Lentsoeng la Molimo e Lebisa Kolobetsong,” e ile ea hopotsa ba eang kolobetsong hore ho qoela ha bona ka ho feletseng metsing ke pontšo e loketseng ea ho shoa tseleng ea bona ea nako e fetileng ea bophelo ba boikhabi. Ho ntšoa ha bona ka metsing ho emela ho phelela ha bona ho etsa thato ea Molimo.

Puo e reng “U Loanele Tumelo ka Matla,” e ne e thehiloe bukeng ea Bibele ea Jude. Re ile ra khothalletsoa hore re sireletse tumelo ea rōna ka ho hanela litšusumetso tse kotsi tse kang boitšoaro bo hlephileng, borabele le bokoenehi. Ho feta moo, tlhokomelo e ile ea lebisoa ho batsoali—haholo-holo bo-ntate—puong e neng e re “Lokisetsa Lelapa la Hao Lintho Tse Hlokahalang.” Ke tlamo ea Mangolo hore lelapa le lokisetsoe lintho tse hlokahalang moeeng, nameng le maikutlong. (1 Timothea 5:8) Sena se hloka nako, puisano le katamelano. Ka sebele, Jehova Molimo o thabela mosebetsi oohle o boima oo batsoali ba Bakreste ba o etsang ho hōlisetsa bana ba bona ’neteng.

Neheletsano e ileng ea latela e reng, “A re Eeng ka Tlung ea Jehova,” e ile ea haha kananelo bakeng sa liboka tsa Bokreste. Li fana ka khatholoho matšoenyehong a lefatše lena. Libokeng, re ba le monyetla oa ho khothatsana ’me re ka bontša lerato la rōna ho balumeli-’moho le rōna. (Baheberu 10:24, 25) Liboka li boetse li re thusa ho leotsa tsebo ea rōna joaloka mesuoe, ’me li tebisa kutloisiso ea rōna ka morero oa Molimo. (Liproverbia 27:17) E se eka le ka mohla re ka se ikarole phuthehong, ’me a re hopoleng mantsoe a Jesu: “Moo ho nang le ba babeli kapa ba bararo ba bokaneng hammoho ka lebitso la ka, ke teng moo har’a bona.”—Matheu 18:20.

Puo ea ho qetela letsatsing leo e bile e reng “Hona Joale ho Lekoa Boleng ba Tumelo ea Hao.” Tumelo e sa lekoang ha e na bopaki ba hore ke ea bohlokoa, ’me boleng ba eona bo lula bo sa tsejoe. E tšoana le cheke e e-song ho lefshoe. Na e hlile e tla lefa chelete e ngotsoeng ho eona? Ka ho tšoanang, tumelo ea rōna e lokela ho lekoa e le hore e ka ipaka hore ea tšoaneleha ’me ke ea boleng ba sebele. (1 Petrose 1:6, 7) Sebui se ile sa re: “Ka linako tse ling, babusi hammoho le mecha ea litaba, ba thetsoa ke baruti le bakoenehi hore ba re etselletse, ba sothe lithuto tsa rōna tsa Bokreste le tsela ea bophelo. . . . Na re tla lumella ba foufalitsoeng ke Satane hore ba re tšose le ho re nyahamisa le ho re etsa hore re ikutloe re le lihlong ka litaba tse molemo? Na re tla lumella mashano a buuoang khahlanong le ’nete hore a re sitise ho ba teng libokeng kamehla le mosebetsing oa rōna oa ho bolela? Kapa na re tla ema re tiile ’me re be sebete le ho ikemisetsa haholoanyane ho feta leha e le neng pele hore re tsoele pele ho bolela ’nete e buang ka Jehova le ka ’Muso oa hae?”

Phela ka Lebaka la Tumelo

Sehlooho sa letsatsi la boraro la kopano se ne se thehiloe mantsoeng a Pauluse: “Ho feta moo, hore ka molao ha ho le ea mong ea boleloang a lokile ho Molimo ho totobetse, hobane ‘ea lokileng o tla phela ka lebaka la tumelo.’” (Bagalata 3:11) Neheletsano e neng e re, “Mantsoe a Joele a Boprofeta Bakeng sa Mehla ea Rōna,” e bile e ’ngoe ea lintlha tsa sehlooho tsa hoseng hoo. Buka ea Joele e supa mehla ea rōna ’me ka boikutlo bo potlakileng e re: “Jo! letsatsi! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla joalo ka tšenyeho e tsoang ho Ea matla ’ohle.” (Joele 1:15) Ka mokhoa o tšoanang le oa litsie tse sa khathaleng, Bakreste ba tlotsitsoeng ha baa lumella letho ho ba sitisa ho boleleng ka ’Muso nakong ena ea bofelo.

Buka ea Joele e boetse e fana ka tšepo, e re: “Ho tla bolokeha e mong le e mong ea rapelang lebitso la Jehova.” (Joele 2:32) Sena se bolela ho fetang feela ho sebelisa lebitso la Jehova. Ho hlokahala ho baka ho tlohang pelong, ’me sena se akarelletsa ho furalla ho etsa liphoso. (Joele 2:12, 13) Ha ho na nako ea ho hulanya maoto kaha haufinyane Jehova o tla ahlola lichaba, joalokaha a ile a etsa ka Moabe, Ammone le sebaka se lithaba sa Seire mehleng ea Morena Josafate oa Juda.—2 Likronike 20:1-30; Joele 3:2, 12.

Bohle ba ile ba khothatsoa ke puo e neng e re, “Bontša Tumelo ka ho Letela Jehova.” Hona joale, re le hare-hare nakong ea bofelo, re ka hopola phethahatso ea litšepiso tse ngata tsa Jehova, ’me re thahaseletse ka cheseho lintho tseo e leng hona li tla etsahala. Batho ba Jehova ba lokela ho tsoela pele ba e-na le mamello, ba hopola hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo a e tšepisitseng, e tla phethahala.—Tite 2:13; 2 Petrose 3:9, 10.

Lenaneo la hoseng le ile la phethoa ka tšoantšiso e neng e re, “Boloka Leihlo la Hao le Talimile Nģa e le ’Ngoe.” Tšoantšiso ena e neng e thehiloe linthong tsa sebele e ile ea re khothalletsa hore re hlahlobe boikutlo ba rōna mabapi le ho hahamalla lintho tse bonahalang. Ho sa tsotellehe hore na re lula hokae, haeba re batla ho boloka bophelo ba rōna bo se na matšoenyeho, re lokela ho latela keletso ea Jesu ea ho boloka mahlo a rōna a talimile nģa e le ’ngoe, a shebile ’Musong oa Molimo ka ho hlaka.—Matheu 6:22.

Puo ea phatlalatsa e ne e-na le sehlooho se thahasellisang se neng se re, “Tumelo le Bokamoso ba Hao.” E ile ea fana ka bopaki ba ho hlōleha ha baeta-pele ba batho ho rarolla mathata a lefatše. (Jeremia 10:23) Histori ea motho e lula e ipheta—ka tekanyo e khōloanyane le ka tšenyo e khōloanyane. Lipaki tsa Jehova li ikutloa joang ka bokamoso? Re lumela hore batho ba tšepahalang ba na le bokamoso bo khanyang tlas’a ’Muso oa Molimo. (Matheu 5:5) Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae molemong oa bohle ba nang le tumelo Lentsoeng la hae le phehellang: “Batlang Jehova ha a sa fumanoa, le mo rapele ha a sa le haufi.”—Esaia 55:6.

A hopotse mehla ea rōna, Jesu o ile a phahamisa potso ea bohlokoa. O ile a botsa: “Ha Mora oa motho a fihla, na ka sebele o tla fumana tumelo lefatšeng?” (Luka 18:8) Puo e phethang e ile ea hlahloba lenaneo la kopano ’me ea bontša hore na le fane ka bopaki bo utloahalang hakae ba hore tumelo Lentsoeng la Molimo e teng, le hoja re phela lefatšeng le se nang tumelo le le sa rateng bolumeli.

Leha ho le joalo, re ka ipotsa ka bomong, ‘Na ke har’a ba nang le tumelo e sa thekeseleng ho Molimo le Lentsoeng la hae?’ Kopano eo ea Setereke ea “Tumelo Lentsoeng la Molimo” e lokela ho re thusa ho arabela potso eo ka e. ’Me re leboha Jehova hakaakang ka ho matlafatsa tumelo ea rōna ho eena le Lentsoeng la hae le bululetsoeng, Bibele!

[Litšoantšo tse leqepheng la 24]

Baithaopi ba bangata ba ile ba sebetsa ka thabo ho amohela baemeli ba likete

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

L. A. Swingle oa Sehlopha se Busang ha a lokolla bukana e ncha

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ho ile ha sebelisoa mabala a lipapali a maholo joaloka lena lefatšeng ho pota

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho ile ha kolobetsoa ba bangata ho tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova

[Litšoantšo tse leqepheng la 27]

Ba neng ba le teng kopanong ba ile ba bina lipina tsa ’Muso ka thabo. Setšoantšo se ka hare: tšoantšiso e reng “Boloka Leihlo la Hao le Talimile Nģa e le ’Ngoe”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela