Na Molimo o Tla Timetsa Lefatše?
HO EA ka Mopapa John Paul II, batho ba ka lebella bokamoso ka kholiseho. O hlokometse hore ho pholletsa le histori, “batho ba tsoetse pele ho etsa libe, mohlomong tse bileng li fetang tseo ho thoeng li etsahetse pele ho moroallo.” Leha ho le joalo, mopapa o ile a hlalosa hore “ho latela mantsoe a selekane seo Molimo a ileng a se etsa le Noe, rea hlokomela hore hona joale ha ho na sebe se ka etsang hore Molimo a felise lefatše leo a le bōpileng ka boeena.”
Na ke ’nete hore Molimo a ke ke a hlola a felisa lefatše? Bibele e bolela hore ka mor’a Moroallo, Molimo o ile a re ho Noe: “Nama eohle ha e sa tla boela e felisoe ka metsi a moroallo; ’me ho ke ke ha hlola ho e-ba moroallo o senyang lefatše [qitikoe].” (Genese 9:11) Mopapa o bolela hore ka mantsoe ana, Molimo “o ne a itlama hore o tla thibela [lefatše, qitikoe] hore le se ke la timetsoa.”
Bibele ea hlakisa hore ’Mōpi a ke ke a lumella polanete ea rōna hore e timele. Bibele e re “lefatše le hlola ka ho sa feleng.” (Moeklesia 1:4) Empa ho na le ho eketsehileng ho ka ithutoang Moroallong—ntho eo mopapa a sa buang letho ka eona.
Jesu o itse nakong ea ho ba teng ha hae, maemo a lefatše a ne a tla ba “kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng,” ha batho ba ‘sa ka ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle.’ (Matheu 24:37-39) Ka ho tšoanang, moapostola Petrose o ile a ngola hore joalokaha “lefatše la nakong eo le ile la timela ha le koaheloa ke metsi,” le ‘letsatsi la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo’ le okametse joalo lefatše la kajeno.—2 Petrose 3:5-7.
Na Jesu le Petrose ba ne ba lebetse selekane sa Molimo le Noe? Le hanyenyane! Joalokaha a boletse selekaneng sa hae le Noe, Molimo a ke ke a sebelisa moroallo oa metsi ho felisa tsamaiso ena ea lintho e khopo. Ho e-na le hoo, o tla sebelisa matla a “Morena oa marena le Khosi ea likhosi,” Jesu Kreste. (Tšenolo [Apocalypse] 19:11-21) Kahoo, ho latela Bibele, lefatše (qitikoe) le ke ke la timetsoa, empa joang kapa joang, “lefatše” la batho ba khopo le tla timetsoa. (Liproverbia 2:21, 22; Tšenolo 11:18) Ka mor’a moo, “ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.