Ke Hokae Moo re ka Fumanang Metsoalle ea Sebele?
BATHO ba bōpeletsoe le ho batla bolekane. (Genese 2:18) Bibele e bolela hore motsoalle oa sebele, kapa molekane, “o tsoaletsoe ho thusa, ho thusa mohl’a tsatsi la litsietsi.” (Liproverbia 17:17, BPN) Kahoo, metsoalle ea ’makhonthe e lokela ho kōpa thuso e mong ho e mong ha e e hloka. Empa setsoalle se bolela ho fetang feela ho ba le motho eo u ka retelehelang ho eena kapa eo e leng molekane mosebetsing kapa papaling.
Metsoalle e molemo e hlahisa ka ho e mong litšobotsi tse ntle. Liproverbia 27:17 e re: “Tšepe e leotsa tšepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motsoalle oa hae joalo.” Joalokaha sekotoana sa tšepe se ka sebelisetsoa ho leotsa lehare le entsoeng ka tšepe e tšoanang, motsoalle a ka atleha ho leotsa boemo ba kelello le ba moea ba motsoalle oa hae. Haeba re nyahamisoa ke ho soetseha ho itseng, ho shejoa ke motsoalle ka kutloelo-bohloko le ho khothatsoa ke eena ka Mangolo, ho ka re matlafatsa haholo.
Ka Bibeleng, setsoalle se amahanngoa le lerato, tloaelano, lekunutu le bolekane. Setsoalle se ka ’na sa akarelletsa baahisani, basebetsi-’moho le ba bang ba joalo. Ba bang ba boetse ba nka beng ka bona ba itseng e le metsoalle ea bona e haufi-ufi. Leha ho le joalo, ho ba bangata kajeno, ho thata ho fumana metsoalle ea sebele le ho e boloka.
Setsoalle sa Sebele
Bibele e hlalosa motsoalle oa sebele e le motho ea bang haufi-ufi le e mong ho feta ngoan’abo, eo botšepehi le botsoalle tsa hae li sa fetoheng, ea thusang molekane eo oa hae ha a le mahlomoleng ’me a mo eletsa ka botšepehi. (Liproverbia 18:24; 17:17; 27:6, 9) Ka lehlakoreng le leng, batho ba ruileng le ba fanang ka limpho ba ba le metsoalle e mengata e thahasellang feela melemo ea boithati eo e e fumanang setsoalleng seo.—Liproverbia 14:20; 19:4, 6, 7.
Ka nepo, Jesu Kreste o ile a eletsa hore lijong tsa mantsiboea, ho se ke ha mengoa metsoalle e ka khonang ho buseletsa memo eo, empa ho mengoe batho ba ke keng ba khona ho e buseletsa. (Luka 14:12-14) Jesu o ile a hla a beha mohlala oa sena ka ho thusa moeeng batho ba neng ba khelloa fatše. Ka lebaka la sena, o ne a bitsoa “motsoalle oa babokelli ba lekhetho le baetsalibe.” (Matheu 11:19) Empa Jesu o ile a bolela hore ke ba mamelang litaelo tsa hae feela bao e leng metsoalle ea hae ea ’nete. O ile a bontša ho ba rata ha hae ka ho nehelana ka moea oa hae bakeng sa bona le ka ho ba khothalletsa hore ba ratane ka tsela e tšoanang.—Johanne 15:12-14.
Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba bitsa balumeli-’moho le bona ka kakaretso “metsoalle.” (3 Johanne 14) Leha ho le joalo, sena ha se thibele motho hore a be haufi le batho ba itseng ho feta ba bang ka phuthehong ea Bokreste, ebang ke ka lebaka la kamano ea malapa, ho tloaelana haholoanyane ka lebaka la maemo a itseng, ho ba le mokhoa o tšoanang oa khōliso kapa lithahasello tse tšoanang, ho ba le botho bo lumellanang kapa ka lebaka la litšoaneleho tse ntle tsa Bokreste tseo e mong a li hlokometseng setsoalleng sa bona. Ho ne ho e-na le litšoaneleho tse itseng tseo Petrose, Jakobo le Johanne ba neng ba e-na le tsona tse ileng tsa etsa hore Jesu a kopanele le barutuoa bana litokelong tse ngata, joaloka hore e be lipaki tsa ha a ne a fetohela boemong bo phahameng bo khanyang. E ka ’na eaba Jesu o ne a nahanne ka seo a se hopoletseng banna bana ba bararo ka moso, lintho tseo a neng a tseba hore o ne a tla ba sebelisetsa tsona tšebeletsong ea hae.—Mareka 9:1-10; 14:32, 33.
Le hoja Mokreste a bontša lerato ho batho ka kakaretso joaloka Jesu, o etsa hantle ha a bontša lerato le nang le botsoalle ho batho bao e leng metsoalle le Molimo feela. Ho nepahala ha sena ho hatisitsoe potsong e ileng ea botsoa Morena Josafate: “Na ke tšoanelo hore u thuse e mobe, ’me u rate ba hloileng Jehova na?” (2 Likronike 19:2) Batho ba ratang ho iketsa metsoalle ea lefatše ba iketsa lira tsa Molimo.—Jakobo 4:4.
Setsoalle se ikhethang ka ho fetisisa sa batho se tlalehiloeng Mangolong a Seheberu ke sa Davida le Jonathane. Le hoja Jonathane e ne e le mojalefa oa tsoalo oa terone ea ntate oa hae Saule, ha aa ka a hloea Davida le ho mo nka e le ea tsekang setulo le eena, empa o ile a hlokomela hore Jehova o ne a rata Davida. Kahoo, “pelo ea Jonathane ea holehana le pelo ea Davida, ’me Jonathane a mo rata, joalo ka ha a ithata.”—1 Samuele 18:1.
Ka mor’a hore Jonathane a shoele ntoeng, Davida o ile a llela ho lahleheloa ke motsoalle eo oa hae haholo, a re: “Ke tsielehile ka baka la hao, Jonathane, ngoan’eso: u no u khahleha ho ’na; lerato la hao ho ’na e ne e le le makatsang, le fetang lerato la basali.” (2 Samuele 1:26) Setsoalle sena se bile teng hobane Davida le Jonathane ba ne ba behile botšepehi ho Jehova Molimo ka pele ho ntho e ’ngoe le e ’ngoe.
Ho fapana le moo, ka lebaka la boitšoaro bo senyehileng bo neng bo tletse mehleng ea hae, moprofeta Mikea o ile a tlameha ho lemosa: “U se ke ua tšepa motsoalle eo u mo bolellang makunutu.” (Mikea 7:5, NW) Jesu o ile a boela a bolela hore esita le bao e kileng ea e-ba metsoalle ea balateli ba hae ba ne ba tla ba fetohela ’me ba ba tšoarise hore ba neheloe lefung.—Luka 21:16.
Setsoalle le Molimo
Har’a litlhohonolofatso tsa bomolimo tse neng li filoe Abrahama, e bile tokelo le tlotla ea ho bitsoa “motsoalle oa Jehova [kapa, thatohatsi].” Tsena e bile ka lebaka la tumelo e ikhethileng ea Abrahama, eo a ileng a e bontša ka tekanyo e khōlōhali ka hore a ikemisetse ho fana ka mora oa hae Isaka e le sehlabelo.—2 Likronike 20:7; Jakobo 2:21-23.
Ka ho sebelisa “maruo a sa lokang” ka nepo, ho ka khoneha ho bōpa setsoalle le Jehova Molimo le Mora oa hae, e leng bona ba ka amohelang motho “libakeng tsa bolulo tse sa feleng,” joalokaha Jesu Kreste a ile a bontša papisong ea hae e neng e bua ka motsamaisi ea sa lokang. (Luka 16:1-13) Ha e le hantle, Jesu o ile a bitsa barutuoa ba hae metsoalle ea hae, ’me ka hona, e ne e boetse e le metsoalle ea Ntate oa hae. (Johanne 15:13-15; 14:21) Lintho tse hlokahalang bakeng sa ho ba moeti ka tenteng ea Jehova joaloka e mong oa metsoalle ea hae li thathamisitsoe ho Pesaleme ea 15:1-5.
Ka ho fapaneng, setsoalle le lefatše se bolela bora ho Molimo. (Jakobo 4:4; 1 Johanne 2:15-17) Moloko oohle oa batho o ikarotse ’me o na le bora ho Molimo. Leha ho le joalo, poelano e ka ba teng, empa e ka ba feela ka Jesu Kreste le ka tšebeletso ea poelano eo Molimo a e behileng tlhokomelong ea manģosa a Mora oa hae. Qetellong, bophelo bo sa feleng e tla ba letlotlo la bao e leng metsoalle ea Molimo feela.—2 Bakorinthe 5:18-20; Tšenolo 21:3, 4.
Re ka iketsetsa metsoalle ea sebele haeba re ho hahamalla. Re ka theha maqhama a khethehileng le e meng ea eona. Empa, ha ho ea ka emang sebakeng sa Molimo, Motsoalle e moholo ka ho fetisisa. Ke Jehova feela ea ka re tsebang, a re utloisisa le ho re tšehetsa ka ho feletseng.—Pesaleme ea 139:1-4, 23, 24.