Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 6/1 leq. 8
  • Ho Sebelisa Monyetla o Mong le o Mong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebelisa Monyetla o Mong le o Mong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bana ba Sekolo ba Lipaki Baa Babatsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • “Letsoho la Jehova le ne le E-na le Bona”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Paka Sekolong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 6/1 leq. 8

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Ho Sebelisa Monyetla o Mong le o Mong

LIPAKI TSA JEHOVA li tsebahala lefatšeng ka bophara ka mosebetsi oa tsona oa thuto ea Bibele. Empa li boetse li tšoara mananeo a tlisetsang sechaba melemo e meng. Tšebeletso ena ea phatlalatsa e ’nile ea amoheloa hamolemo, joalokaha liphihlelo tse latelang tse tsoang Ecuador li bontša.

Baokameli ba fektheri e khōlō ea khalase ba ne ba batla ho lokisetsa thupelo e mabapi le litekanyetso tsa lelapa bakeng sa basebetsi ba bona. Mookameli ea hlokomelang litlhoko tsa basebetsi o ile a mema baprista ba bangata ba K’hatholike hore ba nke karolo empa ba se ke ba arabela. Moprista e mong o ile a mo bolella hore ke baprista ba fokolang haholo ba tšoanelehang bakeng sa ho bua ka taba eo hoo ho ka etsahalang hore ho se be ea fumanehang. Ha mosebetsi oa Paki a utloa sena, o ile a lokisetsa hore mor’abo rōna ea atisang ho sebetsa tšimo ea khoebo a etele fektheri eo.

Letsatsing le latelang feela, Paki eo e ile ea atamela mookameli ea hlokomelang litlhoko tsa basebetsi mabapi le thupelo eo a rerang ho fana ka eona. O ne a nkile lethathamo la lihlooho ho lingoliloeng tse sa tšoaneng tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Mookameli enoa o ile a khahloa. O ile a khetha lihlooho tsa puisano tse tharo—thuto e reretsoeng ho ntlafatsa likamano pakeng tsa batho, melao le litekanyetso tsa batho mosebetsing, le melao le litekanyetso tsa batho lapeng. Joale ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho hlahloba boitsebiso bona le basebetsi bohle.

Basebetsi ba ne ba arotsoe ka lihlopha tse supileng tsa ba 30 sehlopheng ka seng, ka mor’a moo barab’abo rōna ba bararo ba tšoanelehang ba ile ba ba fa boitsebiso bona. Liphello e bile life? Basebetsi ba bangata ba ile ba kōpa hore ba eteloe malapeng a bona, ’me ho ile ha tsamaisoa lithuso tsa ho ithuta Bibele tse 216. Baokameli ba ile ba khahloa hoo ba ileng ba botsa hore na Lipaki tsena li ka lokisetsa lenaneo le leng la lipuo.

◻ Morao tjena, Ecuador e ile ea fetisa molao o lumellang hore thuto ea bolumeli e rutoe likolong. Morali’abo rōna oa moromuoa o ile a etela mookameli oa sekolo se seng sa mathomo ’me a botsa hore na molao o mocha o sebetsa joang. Mookameli enoa o ile a hlalosa hore ho entsoe boiteko ba ho qalisa lenaneo la borapeli ba Maria empa ha lea ka la sebetsa. Ha morali’abo rōna a bolela hore borapeli bo joalo bo ne bo tla hlahisa mathata bakeng sa bana bao e seng Mak’hatholike, mookameli o ile a lumela. Moromuoa o ile a re: “Ka lehlakoreng le leng, re na le lenaneo la ho ruta melao-motheo ea boitšoaro e tsoang ka Bibeleng le sa tlameng motho ho amohela bolumeli bo itseng.” Mookameli enoa o ile a araba: “U ka tla neng? Ka moso?” Ka mor’a hore moromuoa a mo bontše buka ea Ho Mamela Mosuoe e Moholo, ho ile ha etsoa qeto ea hore ba tla hlahloba khaolo e reng “Ho Lehlohonolo ba Etsang Khahiso.”

Ha moromuoa enoa a boela, o ile a qeta lihora tse tharo a etela litlelase tse supileng tse sa tšoaneng a tsamaea le mookameli a mametse. Ka mor’a ho rupela sehlopha sa bohlano, seithuti se seng se ile sa re: “Mofumahatsana, ke kōpa hore u hle u etele sehlopha sa botšelela. Kamehla ba leka ho re otla ebe ba qala ntoa!” Mosuoe e mong o ile a re: “Pefo ke taba ea bohlokoa haholo. Ho hlokahala hore re be le nako e eketsehileng ea ho buisana ka taba ena.”

Ho ile ha etsoa litokisetso tsa maeto a ho boela sekolong sena bakeng sa ho buisana ka lihlooho tse kang ho mamela le ho bua leshano. Ho fihlela joale, ho bile le liphello tse khotsofatsang haholo. Hona joale ha morali’abo rōna oa moromuoa a theosa le seterata, bana ba mathela ho ea mo lumelisa ebe ba botsa lipotso tsa Bibele. Ba bang ka motlotlo ba mo tsebisa batsoali ba bona. Ho phaella moo, ho qalisitsoe thuto ea lehae ea Bibele le bana ba babeli ba sekolo sena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela