Ha Lipelo Tse Thatafetseng—li Arabela
KA 1989, LIPAKI TSA JEHOVA POLAND li ile tsa fuoa tumello ea molao ea ho amoheloa e le mokhatlo oa bolumeli. Lipaki tse neng li kentsoe chankaneng ka lebaka la ho se nke lehlakore ha tsona ha Bokreste li ile tsa lokolloa butle-butle, ’me li ile tsa siea batšoaruoa ba bangata ba neng ba lakatsa ho ithuta ho eketsehileng ka Bibele ho tsona chankaneng. Ena ke tlaleho e bontšang kamoo chankaneng e ’ngoe e joalo, Lipaki tsa Jehova li lekang ho thusa bao pele ba neng ba e-na le lipelo tse thatafetseng ho arabela matleng a Lentsoe la Molimo.
WOŁÓW, motseng oa batho ba 12 000 ka boroa-bophirimela ho Poland, ho na le chankana e lilemo li 200 eo ho eona ho bolokiloeng tse ling tse linokoane tse kotsi haholo tsa Poland. Ho tloha ha mosebetsi oa tsona o amoheloa ka molao, Lipaki tsa Jehova li ile tsa leka ho tlisetsa batšoaruoa ba leng moo litaba tse molemo tsa ’Muso, ’me li etsa joalo ka cheseho e khōlō.
Lengolo la February 1990 le eang ho batsamaisi bohle ba lichankana Poland le tsoang Lefapheng la ’Muso la Toka ke lona le ileng la li hlekela sebae. Lengolo leo le ile la tsebisa hore ba “se ke ba khathatsa” batšoaruoa leha e le bafe ba neng ba batla ho amohela likhatiso tsa Watch Tower kapa ba batlang ho kopana le Lipaki tsa Jehova. Lipaki, tseo tse ling tsa tsona li neng li qetile lilemo tse ngata chankaneng e Wołów, li ne li tseba hantle batšoaruoa ba bangata ba thatafetseng lipelo ba leng moo. Leha ho le joalo, li ile tsa itšetleha ka Jehova hore a hlohonolofatse boiteko ba tsona ba ho etsa hore ’nete ea Bibele e nolofatse lipelo tse thatafetseng tsa batšoaruoa ba bang.
Ho Qalisa Mosebetsi
“Ho ne ho le thata ho hlophisa lintho bakeng sa ho qalisa lenaneo leo,” ho rialo Mor’abo rōna Czesław ea tsoang motseng oa Wrocław, o ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 40, ea filoeng tumello ea ho etela chankana e Wołów. “Ho ile ha hlokahala lipuisano tse ngata tse telele le ba boholong ba chankana hore ba kholisehe hore ‘litšebeletso [tsa rōna] tsa bolumeli’ li molemo bakeng sa batšoaruoa.”
Ho thatafatsa litaba, Paweł motsoalle oa Czesław, o hopola hore “ofisiri e phahameng e ile ea tsitlella ho bolela hore batšoaruoa ba ne ba mpa ba sebelisa litšebeletso tsa bolumeli e le lebaka la boikaketsi la hore ba fumane lintho tse bonahalang.” Empa eitse ha ba bararo ba bao pele e neng e le linokoane tse kotsi ba itlhahisa hore ba kolobetsoe ka 1991, balaoli ba chankana ba ile ba fetola boikutlo ba bona, le tšebelisano-’moho e ile ea ntlafala.
Czesław oa hlalosa: “Re ile ra qala ka ho pakela batšoaruoa, le malapa a bona a neng a ba etela chankaneng, hammoho le basebetsi ba chankana. Joale kaofela ha rōna re ile ra lumelloa ho bolela litaba tse molemo ho tloha seleng e ’ngoe ho isa ho e ’ngoe, e leng ntho e neng e sa tloaeleha ho hang. Qetellong, ha re fumana batho ba pele ba thahasellang, re ile ra fuoa tumello ea hore re sebelise holo e nyenyane eo re neng re ka khannela lithuto tsa Bibele le ho tšoarela liboka tsa Bokreste ho eona.” E, Jehova o ile a bula tsela ea hore ho finyelloe lipelo tse thatafetseng tsa batšoaruoa.
Lenaneo le Atlehang la Thuto
Kapele holo eo e nyenyane e ile ea ba nyenyane haholo. Kaha batšoaruoa ba kolobelitsoeng le barab’abo rōna ba tsoang ka ntle ba ne ba kopanela mosebetsing oa boboleli, batšoaruoa ba 50 ba ile ba qala ho tla libokeng. E mong oa baholo ba moo oa hlalosa: “Re ile ra tšoarela liboka kaofela moo ka lilemo tse fetang tse tharo, ’me batšoaruoa ba ne ba e-ba teng kamehla libokeng tsa beke le beke.” Kahoo ka May 1995 ba ile ba fuoa holo e khōloanyane hore ba e sebelise.
Barab’abo rōna ba ikarabellang ba etsa joang qeto ea hore na ke bo-mang ba ka tlang libokeng tse tšoareloang chankaneng? Barab’abo rōna Czesław le Zdzisław baa hlalosa: “Re na le lethathamo la batšoaruoa ba bontšang thahasello ea sebele ’neteng. Haeba motšoaruoa a sa tsoele pele kapa a fosa liboka ntle ho lebaka le utloahalang, ka hona a bontša hore ha a ananele litokisetso tse joalo, re hlakola lebitso la hae lethathamong leo ’me re tsebise motsamaisi oa chankana.”
Nakong ea lithuto tsa bona tsa Bibele, barab’abo rōna ba boetse ba ruta batšoaruoa mokhoa oa ho lokisetsa liboka hantle le kamoo ba ka sebelisang lingoliloeng tsa rōna ka katleho. Kahoo, ha batšoaruoa ba e-tla libokeng, ba tla ba lokiselitse hantle ’me ba ba le karolo ho tsona ka bolokolohi. Ba fana ka litlhaloso tse matlafatsang, ba sebelisa Libibele tsa bona ka bohlale, le ho etsa hore keletso e sebetse ho bona, hangata litlhalosong tsa bona ba kenyelletsa lipolelo tse kang, ‘Kea bona hore ke tlameha ho etsa sena kapa sane.’
Mongoli oa phutheho o re: “Ka kakaretso, ho khannoa lithuto tsa Bibele tse 20 chankaneng e Wołów. Tse robeli tsa tsona li khannoa ke bahoeletsi ba bararo bao e leng batšoaruoa.” Ba bile le litholoana tse ntle ha ba ntse ba bolela seleng e ’ngoe ho isa ho e ’ngoe le ha ba ntse ba tsamaea ka komponeng ea chankana. Ka mohlala, ka likhoeli tse leshome, ho tloha ka September 1993 ho isa ho June 1994, ba ile ba tsamaisa libuka tse 235, libukana tse ka bang 300 le limakasine tse 1700. Haufinyane, liofisiri tse peli tsa chankana li ile tsa kōpa hore li khanneloe lithuto tsa Bibele.
Likopano Tse Khethehileng li Tlisa Thabo
Ka mor’a nako e itseng, ho ile ha kenngoa karoloana e ’ngoe lenaneong la thupelo chankaneng eo, e leng, likopano tse khethehileng. Balebeli ba tsamaeang le barab’abo rōna ba bang ba tšoanelehang ba ne ba fana ka lipuo tsa sehlooho tsa kopano ea potoloho le mananeo a kopano e khethehileng ea letsatsi le le leng sebakeng sa boikoetliso sa chankana. Kopano ea pele e khethehileng e ile ea tšoaroa ka October 1993. Koranta e bitsoang Słowo Polskie e tlalehile hore batšoaruoa ba 50 ba ne ba le teng, ’me “malapa kaofela, ho akarelletsa basali le bana ba banyenyane ba ile ba tla ba tsoa Wrocław,” kakaretso ea ba bileng teng ea e-ba 139. Nako ea khefu lenaneong la kopano e ile ea fana ka monyetla oa hore ho jeoe lijo tse neng li phehiloe ke baralib’abo rōna, hammoho le nako bakeng sa botsoalle bo molemo ba Bokreste.
Ho ile ha tšoaroa likopano tse ling tse supileng tse khethehileng ho tloha ka nako eo, ’me melemo ea tsona ha ea fihla feela ho ba leng chankaneng empa e ile ea fihla le ho ba leng ka ntle. Ha morali’abo rōna oa Paki a etela eo e kileng ea e-ba motšoaruoa Wołów eo hona joale a lulang motseng, monna eo qalong o ne a hlile a tletse lipelaelo. Empa eitse ha a bolelloa hore motšoaruoa e mong e se e le Paki, monna eo o ile a khotsa ka ho se lumele: “U re ’molai eo e se e le Paki?” Ka lebaka leo, monna eo o ile a amohela thuto ea Bibele.
Ho Hlaha Phetoho e Tsotehang
Na ruri lenaneo lena le leholo la thuto le nolofalitse lipelo tse thatafetseng tsa batšoaruoa? E-re ba phete litaba tsa bona.
“Ha ke tsebe batsoali ba ka ho hang hobane ba ile ba ntahla ke sa le monyenyane, ’me ke ile ka labalabela habohloko boikutlo ba ho ratoa,” ho bolela Zdzisław, monna eo ka tlhaho a nahanang ka botebo. “Qalong ea bophelo ba ka, ke ile ka ameha tlōlong ea molao, qetellong ka bolaea motho. Boikutlo ba ho ba molato bo ile ba nqobella hore ke nahane ho ipolaea, ke ne ke batla tšepo ea sebele ke tsielehile. Eaba ka 1987, ke fumana makasine ea Molula-Qhooa. Ha ke e bala ke ile ka ithuta ka tšepo ea tsoho le ka bophelo bo sa feleng. Ha ke elelloa hore lintho ha li e-s’o senyehe haholo, ke ile ka tlohela mohopolo oa ho batla ho ipolaea eaba ke qala ho ithuta Bibele. Joale ke ithutile se boleloang ke lerato le tsoang ho Jehova le ho barab’abo rōna.” Ha esale ho tloha ka 1993, enoa eo e neng e le ’molai e bile mohlanka ea sebeletsang le pula-maliboho ea thusang, ’me selemong se fetileng e ile ea e-ba pula-maliboho ea kamehla.
Ka lehlakoreng le leng, Tomasz, o ile a amohela thuto ea Bibele ntle ho tikatiko. O re: “Leha ho le joalo, boo e ne e se bohato bo tšepahalang. Ke ne ke ithutela feela hore ke be mponeng ha ke hlalosetsa ba bang litumelo tsa Lipaki tsa Jehova. Empa ke ne ke sa etse letho le lekaalo ka ’nete ea Bibele. Ka tsatsi le leng, ke ile ka etsa qeto eaba ke ea sebokeng sa Bokreste. Batšoaruoa ba kolobelitsoeng ba ile ba nkamohela ka mofuthu. Ke ile ka hlokomela hore ho e-na le ho leka ho iketsa mponeng ka tsebo, ke ne ke lokela ho nolofatsa pelo ea ka e thatafetseng le ho fetola kelello ea ka.” Tomasz o ile a qala ho apara botho bo bocha ba Bokreste. (Baefese 4:22-24) Kajeno, ke Paki e inehetseng le e kolobelitsoeng ’me o thabela ho bolela seleng e ’ngoe ho isa ho e ’ngoe.
Likhatello Tse Tsoang ho Metsoalle ea Pele
Ba ithutileng ’nete ea Bibele chankaneng ba ile ba hatelloa haboima ka liseleng ke metsoalle ea bona ea pele le liofisiri tsa chankana. E mong oa bona oa hopola: “Ke ne ke tšehuoa le ho songoa kamehla. Empa ke ile ka hopola mantsoe a khothatsang a barab’abo rōna. Ba ile ba re ho ’na: ‘U se phetse ho rapela Jehova. U ipalle Bibele ’me u tla ikutloa u e-na le khotso ka hare.’ Ka sebele seo se ile sa nthusa.”
Ryszard, mor’abo rōna ea kolobelitsoeng oa senatla o re: “Batšoaruoa-’moho le ’na ba ne ba sa hlathe koana le koana ka mantsoe a hlabang ao ba neng ba a tobisitse ho ’na. Ba ne ba ee ba ntemose, ‘U ka ’na ua ea libokeng tsa lōna, empa u sek’a leka ho hlahella le ho iketsa betere, ua utloa?’ Ke ile ka tlameha ho utloisoa bohloko ha ke etsa liphetoho bophelong ba ka, ka lebaka la ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Ba ile ba phethola bethe ea ka, ba hasanya lingoliloeng tsa ka tsa Bibele hohle, ’me ba baka bohlasoa karolong ea ka ea sele. Ke ile ka rapela Jehova hore a mphe matla a ho itšoara eaba ke tsoela pele ho khutlisetsa lintho malulong a tsona ke khutsitse. Ka mor’a nako, litlhaselo tseo li ile tsa khaotsa.”
Batšoaruoa ba bang ba kolobelitsoeng ba re: “Ha batšoaruoa-’moho le rōna ba bona hore re ikemiselitse ka tieo ho sebeletsa Jehova, likhatello li hlaha ka litsela tse ling. Ba ne ba ka re, ‘Le hopole hore ha le sa tšoanetse ho noa, ho tsuba kapa ho bua leshano.’ Khatello ea mofuta oo e thusa motho hore a itšoare, a phakise ho tlohela mekhoa leha e le efe e sa lokang kapa lintho tseo a li lemalletseng. E boetse e thusa motho ho hlaolela litholoana tsa moea.”—Bagalata 5:22, 23.
Ho Fetoha Bahlanka ba Inehetseng ba Molimo
Ka tumello ea balaoli ba chankana, kolobetso ea pele e ile ea etsetsoa holong ea ho ikoetlisa lehlabuleng la 1991. Zdzisław e ne e le eena mokolobetsuoa ea thabileng. Ketsahalong eo ho ne ho e-na le batšoaruoa ba 12, le barab’abo rōna le baralib’abo rōna ba 21 ba tsoang ka ntle. Seboka seo se bile le phello e matlafatsang ho batšoaruoa. Ba bangata ba bona ba ile ba etsa tsoelo-pele e babatsehang hoo batšoaruoa ba bang ba babeli ba ileng ba kolobetsoa hamorao selemong seo. Lilemo tse peli hamorao, ka 1993, kolobetso e ne e entsoe habeli, ’me batšoaruoa ba bang ba supileng ba ile ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova!
Ha e tlaleha ka kolobetso e neng e tšoeroe ka December, Wieczór Wrocławia ea sebaka seo e tsoang letsatsi le letsatsi, e ile ea re: “Batho ba phallela ka holong ea boikoetliso, ba lumelisa bohle le ho ba tšoara ka matsoho. Ha ho moeti mona. Ke lelapa le le leng le leholo, le kopaneng monahanong o le mong, tseleng ea lona ea bophelo le ho Molimo a le mong, Jehova.” Ka nako eo ‘lelapa leo le leholo’ le ne le e-na le batho ba 135, ho akarelletsa le batšoaruoa ba 50. E-re re tsebe ba bang ba bona.
Jerzy, ea kolobelitsoeng ka June, o re: “Le hoja ke ile ka kopana le ’nete ea Bibele lilemong tse fetileng, ka sebele pelo ea ka e ne e le lejoe. Ho qhekella, ho hlaloa ke mosali oa ka oa pele, ho ba le likamano tse sa lokang le Krystyna, ho ba le ngoana oa matšeo, le ho khutlela chankaneng hangata—boo e ne e le bona bophelo ba ka.” Ha a bona kamoo linokoane tse ling tse thatafetseng li ileng tsa fetoha Lipaki kateng ha li le chankaneng, a qala ho ipotsa, ‘Ho hana kae hore le ’na ke be motho ea molemo?’ O ile a kōpa ho khanneloa thuto ea Bibele eaba o qala ho tla libokeng. Leha ho le joalo, phetoho e khōlō e ile ea etsahala ha mochochisi-kakaretso a mo tsebisa hore Krystyna o fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova lilemong tse tharo tse fetileng. Jerzy o re: “Ke ne ke hloletsoe ka ho feletseng! Ke ile ka nahana, ‘Ho thoe’ng ka ’na? Ke sa luletse’ng?’ Ke ile ka elelloa hore haeba ke batla ho amoheloa ke Jehova, ke ne ke lokela ho hlophisa bophelo ba ka hantle.” Ka lebaka leo, poelano e thabisang e ile ea etsahala chankaneng—le Krystyna le morali oa bona Marzena, ea lilemo li 11. Ka mor’a nakoana, ba ile ba ngolisa lenyalo la bona ka molao. Le hoja a ntse a le chankaneng ’me a e-na le linako tsa ho ba monateng le mathateng, haufinyane Jerzy o ile a ithuta puo ea matsoho ’me o khona ho thusa batšoaruoa ba lithōlō.
Mirosław o ne a se a ile a ameha mesebetsing ea tlōlo ea molao ha a ne a le sekolong sa praemari. O ile a khahloa haholo ke seo metsoalle ea hae e neng e se etsa, ’me kapele o ile a qala ho e etsisa. O ile a k’hothotsa batho ba bangata kapa a ba otla. Eaba o qetella a kene chankaneng. Mirosław o re: “Ha ke iphumana ke le chankaneng, ke ile ka ea ho moprista hore a nthuse. Empa ka soetseha habohloko. Eaba ke qeta ka hore ke tla ipolaea ka ho noa chefo.” Hona letsatsing leo a neng a rerile ho ipolaea ka lona, o ile a isoa seleng e ’ngoe. Ha a le moo a fumana kopi ea Molula-Qhooa e neng e bua ka morero oa bophelo. Oa phaella: “Boitsebiso boo bo bonolo le bo hlakileng e ne e le sona seo ke se hlokang. Joale ke ne ke batla ho phela! Kahoo ke ile ka rapela Jehova le ho kōpa Lipaki hore li nkhannele thuto ea Bibele.” O ile a tsoela pele ka potlako thutong ea hae ea Bibele ’me a kolobetsoa ka 1991. Hona joale o sebeletsa e le pula-maliboho ea thusang chankaneng, o na le tokelo ea ho etsa mosebetsi oa boboleli ho tloha seleng e ’ngoe ho isa ho e ’ngoe.
Ho se ho kolobelitsoe batšoaruoa ba 15 ho tla fihlela joale. Likahlolo tsa bona ha li kopane li fihla ho lilemo tse ka bang 260. Ba bang ba ile ba lokolloa pele ba qeta likahlolo tsa bona. Motšoaruoa e mong o ile a fokoletsoa kahlolo ea hae ea lilemo tse 25 ka lilemo tse 10. ’Me ba seng bakae ba ileng ba bontša thahasello ha ba ntse ba le chankaneng e ile ea e-ba Lipaki tse kolobelitsoeng ka mor’a hore ba lokolloe. Ho phaella moo, ho na le batšoaruoa ba bang hape ba bane chankaneng ba itokisetsang ho kolobetsoa.
Pabatso ea Balaoli ba Chankana
Tlaleho ea chankana e re: “Ho fetoha ha boikutlo ba batšoaruoa ho bonahetse ka ho totobetseng. Ba bangata ba tlohela ho tsuba, ’me ba boloka lisele tsa bona li hloekile. Liphetoho tse joalo boitšoarong lia bonahala ho batšoaruoa ba bangata.”
Koranta e bitsoang Życie Warszawy e tlaleha hore baokameli ba chankana e Wołów ba ile ba lumela hore “basokolohi bao ke batho ba laolehileng; ho hang ha ba bakele balebeli ba chankana mathata.” Sehlooho seo se tsoela pele ho bontša hore ba ileng ba lokolloa pele ba qeta likahlolo tsa bona, ba tsoakana hantle le Lipaki tsa Jehova ’me ha ba khutlele tseleng ea bonokoane.
’Me maikutlo a motsamaisi oa chankana ke afe? O re: “Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova chankaneng ena o motle haholo ’me o thusa thupelong ea maemo a bophelo a batšoaruoa.” Motsamaisi enoa oa lumela hore “ha batšoaruoa ba ntse ba ithuta Bibele [le Lipaki], litekanyetso tsa bona lia fetoha, li ba fa tšusumetso e ncha e tataisang bophelong ba bona. Boitšoaro ba bona bo masene haholo ’me bo bontša tlhompho. Ke basebetsi ba khothetseng, ba sa bakeng mathata ho hang.” Ho hlakile hore litlhaloso tse joalo tse ntle tse tsoang ho ba boholong, li thabisa Lipaki tse sebetsang le batšoaruoa chankaneng e Wołów.
Lipaki tse etileng li utloisisa hantle mantsoe a Jesu: “Ke tseba linku tsa ka ’me linku tsa ka lia ntseba. . . . Li tla mamela lentsoe la ka, ’me e tla ba mohlape o le mong, molisa a le mong.” (Johanne 10:14, 16) Esita le mabota a chankana a ke ke a thiba Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, hore a bokelle batho ba kang linku. Lipaki tse leng Wołów lia leboha hore ebe li na le tokelo ea ho kopanela tšebeletsong ena e thabisang. ’Me li itšetlehile ka Jehova bakeng sa tlhohonolofatso ea hae e tsoelang pele hore li thuse lipelo tse ling tse ngata tse thatafetseng hore li arabele litabeng tse molemo tsa ’Muso pele bofelo bo fihla.—Matheu 24:14.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Bothata ba “Motho e Moholo ea Kang Ngoana”
Lipaki tse sebetsang chankaneng e Wołów li hlokometse hore “ha motšoaruoa a bile chankaneng ka nako e itseng, hangata o lahleheloa ke kelello ea hore na ho bolela’ng ho phela ka bolokolohi, kapa ho phela a sa itšetleha ka ba bang. Ha e le hantle re tjametsoe ke bothata ba ‘motho e moholo ea kang ngoana,’ motho eo ka mor’a hore a lokolloe chankaneng a sa tsebeng hore na a itlhokomele joang. Ke ka lebaka leo mosebetsi oa phutheho o sa felleng feela ka ho mo ruta ’nete ea Bibele. Re lokela ho mo ruta ho fetoha karolo ea sechaba, re mo lemose ka likotsi le meleko eo a ka talimanang le eona. Le hoja re hlokomela hore re se ke ra mo sireletsa ka ho fetisisa, re tlameha ho mo thusa hore a qalise bophelo bocha.”