Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ho Bolela ‘Nakong e Tšoanelang le Nakong e Likhathatso’
HA NTOA e pupetsa naha ea Bosnia le Herzegovina, ba likete ba ile ba ba maqakabetsing a feteletseng. Nakong eo e sithabetsang, Lipaki tsa Jehova li ile tsa etsa sohle se matleng a tsona ho khothatsa batho le ho ba fa tšepo. Mantsoe a latelang a qotsitsoe lengolong le ngotsoeng ke Paki e ileng ea sebetsa nako e itseng Sarajevo.
“Mona bophelo bo boima, empa batho ba amohela ’nete ea Bibele haholo. Lipaki tsa mona ke mohlala o motle oa mamello. Li na le ho fokolang haholo linthong tse bonahalang, empa li na le moea o motle. Hoo e batlang e le bacha bohle ka phuthehong ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Bahoeletsi ba bacha ba khothatsoa ke cheseho ena, ’me ke ntho e tloaelehileng ho bona hore ba nehelane ka lihora tse 60 kapa ho feta khoeli ka ’ngoe ho tloha ka khoeli eo ba ileng ba qala ho ba tšebeletsong ka eona.
“Ntle le ho bolela ka ntlo le ntlo, re lekile mekhoa e meng e sa tšoaneng ea ho finyella batho. Ka mohlala, re bile le litholoana tse ntle ka ho aba lingoliloeng tsa Bibele litšeng tse ngata tsa mabitla motseng ona.
“Ho boetse ho fanoe ka bopaki lipetlele. Lefapheng le Amanang le Tšebetso ea Pelo le Mafu a Eona sepetleleng sa Sarajevo, ngaka e ka sehloohong e ile ea amohela Tsoha! ea December 8, 1996, e neng e e-na le lihlooho tse latellanang tse buang ka lefu la pelo. E ile ea kōpa likopi tse eketsehileng e le hore e tle e li fe lingaka tse ling. Ka mor’a moo, Lipaki li ile tsa fuoa tumello ea hore li etele bakuli bohle ba tlas’a lefapha la ngaka eo. Ka hona, nakoana e ka holimo hanyenyane ho hora, li ne li se li tsamaisitse limakasine tse fetang 100 ho tloha betheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Bakuli ba bangata ba ile ba re ke lekhetlo la pele ho e-ba le motho ea ba etelang sepetlele ho tla ba khothatsa le ho ba fa tšepo.
“Ka lekhetlo le leng, ho ile ha eteloa Lefapha la Mafu a Bana ka limakasine tse nang le lihlooho tse loketseng bana. Ngaka e ka sehloohong e ile ea boela ea amohela likopi tse ’maloa tsa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele bakeng sa ho e beha phaposing ea ho bala. Hona joale, bo-’mè ba tlang sepetlele ho tla bona bana ba bona ba ba balla lipale tsa Bibele letsatsi le leng le le leng. Ho entsoe le litokisetso tsa hore ngaka ena e eteloe ha eona.
“Sarajevo, ho na le masole a NATO [North Atlantic Treaty Organization] a likete, a merabe e fapaneng. Le ’ona a paketsoe ka botlalo. Ka linako tse ling re tloha kanonong e ’ngoe re ee ho e ’ngoe re sebelisa bukana ea Good News for All Nations, hammoho le limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka lipuo tse fapaneng. Ho ile ha tsamaisoa limakasine tse fetang 200 liahelong tsa masole a Mataliana. Ho makatsang ke hore masole a mangata a Mataliana a ile a re a ne a e-s’o ka a bua le Lipaki tsa Jehova pele ho moo. Joale re ne re khona ho qoqa le ’ona Sarajevo.
“Ka letsatsi le leng, kanono e ’ngoe e ne e emisitsoe ka thōko ho tsela. Ke ile ka kokota kanonong eo ka sekhele ’me ha tsoa lesole le leng. Ke ile ka le bontša Molula-Qhooa oo sehloho sa oona se neng se re ‘Manģosa a Khotso—Ke Bo-mang?’ Lesole leo le ile la ncheba ’me la mpotsa, ‘Na ha u e mong oa Lipaki tsa Jehova?’ Ka mor’a hore ke le bolelle hore ke e mong oa tsona, le ile la araba, ‘Ha ke lumele; le mona le teng! Na lefatšeng moo ho na le sebaka se se nang Lipaki?’”
Moapostola Pauluse o ile a khothatsa ka matla: “U bolele lentsoe, u be ho lona ka ho phehella ka potlako nakong e tšoanelang, nakong e likhathatso.” (2 Timothea 4:2) Joaloka balumeli-’moho le tsona lefatšeng lohle, Lipaki tsa Jehova tsa Sarajevo li etsa seo, esita le ho tloha betheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, le ho tloha kanonong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe!