Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 4/1 leq. 9
  • Ho Bolela Nakong e Thata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bolela Nakong e Thata
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipetlele—Ha e le Uena Mokuli
    Tsoha!—1991
  • Le ka Mohla U se Lebale Hore U Paki!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Karolo 5—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 4/1 leq. 9

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Ho Bolela Nakong e Thata

MOAPOSTOLA Pauluse o boletse esale pele hore “mehleng ea qetello ho [ne ho] tla hlaha linako tse bohloko.” (2 Timothea 3:1) Mantsoe ao a ipakile e le ’nete hakaakang! Batho ba El Salvador e Amerika Bohareng ba ’nile ba angoa ke ’nete ena e babang ka nako e telele. Ka lilemo tse fetang leshome, naha eo e ne e qoetse ka har’a ntoa ea lehae e ileng ea tlisetsa ba likete tse ngata masisa-pelo le lefu. Hona joale ntoa e letse, empa masisa-pelo ’ona a setse. Tlōlo ea molao e phahame haholo ka mor’a ntoa. Motlalehi e mong oa litaba thelevisheneng ea moo o sa tsoa re: “Hona joale pefo le bosholu ke liketsahalo tsa letsatsi le letsatsi.”

Lipaki tsa Jehova le tsona li ile tsa angoa ke leqhubu lena la tlōlo ea molao. Masholu a thuhile Liholo tsa ’Muso tse ngata le ho kena ka hare ho tsona ’me a utsoitse thepa ea molumo. Ka makhetlo a mangata lihlopha tsa bacha ba hlometseng li ’nile tsa itšohlometsa ka Liholong tsa ’Muso ha liboka tsa Bokreste li ntse li tsoela pele, tsa utsoa chelete, lioache, le lintho tse ling tsa bohlokoa ho ba leng teng. Ha li ntse li etsa mesebetsi ea tsona ea letsatsi le letsatsi, Lipaki tse ’maloa li bile tsa bolaoa ke masholu.

Ho sa tsotellehe litšitiso tsena, Lipaki tsa Jehova tsa El Salvador li tsoela pele ho sebetsa ka thata ho boleleng litaba tse molemo. Li etsa sena ka lebaka la ho mamela taelo ea Mangolo: “Lichabeng tsohle litaba tse molemo li lokela ho boleloa pele.” (Mareka 13:10, NW) Ho sa ntse ho na le ba bangata naheng ena ba laba-labelang ho ba le tšepo ea ’Muso eo Bibele e fanang ka eona, ’me Lipaki li leka ka matla ho finyella e mong le e mong oa bona. Bopaki bo sa reroang bo ipaka ho ba mokhoa o atlehang oa ho bolela.

Ha e ntse e fumana phekolo ea meriana sepetleleng se seng, Paki e ’ngoe e ile ea sebelisa monyetla o mong le o mong bakeng sa ho bua le bakuli ba bang ka litšepiso tsa Molimo bakeng sa nako e tlang, joalokaha li fumanoa ka Bibeleng. Mokuli e mong ea kulang haholo ka masoabi o ile a hooa: “Ke se ke tla shoa!” Empa boikutlo ba mokuli enoa bo bontšang ho felloa ke tšepo ha boa ka ba nyahamisa Paki eo hore e ka abelana le eena litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ho e-na le hoo, ka lentsoe le phahameng e ile ea balla monna enoa buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova. Matsatsi a seng makae hamorao, Paki ena e ile ea tsoa sepetleleng seo, ka masoabi e ntse e nahana hore monna eo o ne a le makhatheng a lefu.

Lilemo tse ’nè hamorao Paki ena e ile ea tlameha ho fuoa phekolo ea meriana sepetleleng se seng. Ha e le moo, mokuli e mong o ile a tla ho eona ’me a re: “Na u sa nkhopola?” E ne e le monna eo e ileng ea kopana le eena lilemong tse ’nè tse fetileng, monna eo e ileng ea nahana hore oa shoa! E bile ho thabisang hakaakang ha ka tšohanyetso monna eo a e kopa ’me a phaella: “Hona joale le ’na ke e mong oa Lipaki tsa Jehova!” Monna enoa o ne a amohetse tšepo ea Bibele bakeng sa nako e tlang, a ithutile Bibele le Lipaki tsa Jehova, ’me a nehetse bophelo ba hae ho Jehova. Hase feela hore e ne e le Paki empa o ne a bile tšebeletsong ea nako e tletseng e le pula-maliboho ea kamehla ka lilemo tse ka bang peli.

Tabeng ena, lipeō tsa ’nete tse neng li jetsoe boemong bo sa reroang li ile tsa fihla pelong e arabelang. Tokelo ena ea ho thusa batho ho fihla tsebong ea ’nete e susumeletsa Bakreste ba ’nete ho tsoela pele ka mosebetsi oa ho bolela ho sa tsotellehe ‘linako tsena tse bohloko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela