Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 4/15 leq. 31
  • “Ho Sesisa Leoatleng Har’a Sefefo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ho Sesisa Leoatleng Har’a Sefefo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 4/15 leq. 31

“Ho Sesisa Leoatleng Har’a Sefefo”

NA U ne u ke ke oa talima ho nka leeto le joalo e le ho etsoang ka nako e fosahetseng, e le booatla ’me mohlomong ho bile ho le kotsi? Leha ho le joalo, ba bang ba itahlela boemong bo joalo ka tsela ea tšoantšetso. Joang? Sengoli sa Lenyesemane sa lekholong la bo17 la lilemo, Thomas Fuller, se itse: “U se ke ua etsa letho ka maikutlo a tletseng khalefo. Ke ho sesisa leoatleng har’a sefefo.”

Ho etsa ntho e itseng nakong eo motho a leng bohale bo sa laoleheng ho ka ba le liphello tse kotsi. Sena se netefatsoa ke ketsahalo e tlalehiloeng ka Bibeleng. Simeone le Levi, bara ba mopatriareka oa boholo-holo Jakobo, ba ile ba arabela petong ea khaitseli ea bona Dina ka ho futuha ka khalefo ho iphetetsa. Phello e bile polao e khōlō le tlatlapo. Hase feela Jakobo a ileng a nyatsa ketso ea bona e khopo, a re: “Le ntsielitse ka ho nketsa sebolu ho baahi ba naha.”—Genese 34:25-30.

Lentsoe la Molimo, Bibele, ka bohlale le khothalletsa tsela e fapaneng le eo. Le re: “Tlohela bohale ’me u lese khalefo; u se ke ua iponahatsa u halefile hore feela u etse bobe.” (Pesaleme ea 37:8, NW) Ho latela keletso eo ho ka thibela libe tse khōlō.—Moeklesia 10:4; bona hape le Liproverbia 22:24, 25.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela