Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 4/15 leq. 32
  • Khotso ea Lefatše—E Tsoa Mohloling Ofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khotso ea Lefatše—E Tsoa Mohloling Ofe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 4/15 leq. 32

Khotso ea Lefatše—E Tsoa Mohloling Ofe?

NA HO etsa hore thuto le bolumeli li pharalle lefatšeng lohle ho tla tlisa khotso ea lefatše? Ena ke toro ea Dr. Robert Muller, eo e neng e le motlatsi oa mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng le ea ileng a fumana Khau ea 1989 ea UNESCO ea Thuto ea Khotso. Joalokaha ho tlalehiloe koranteng ea The Vancouver Sun, Dr. Muller o “kholisehile hore liithuti tsohle tsa lefatše li lokela ho rutoa linnete tsa motheo le litekanyetso mabapi le polanete ena, botho le ho se be mabifi.” O nahana ka letsatsi leo ka lona ho pota lefatše litsi tsohle tsa thuto li tla ruta bana ka Machaba a Kopaneng e le ’ona tšepo feela bakeng sa khotso. O boetse o lumela hore “malumeli ’ohle a lefatše e lokela ho ba litho tsa mokhatlo o mocha o kang Machaba a Kopaneng o bitsoang Malumeli a Kopaneng,” joalokaha Sun e ile ea tlaleha. Joale “thuto eohle ea bolumeli e tla khothalletsa ho se be mabifi.”

Na ho na le mohla khotso ea lefatše e tla ba ntho ea sebele? Ha ho potang! Empa eseng ka mokhatlo leha e le ofe oa batho. Lilemong tse fetileng tse fetang 2 700, mongoli ea bululetsoeng o ile a tsebahatsa mohloli o phahameng oa thuto ea khotso ha a ne a bolela esale pele hore batho ba lipelo li lokileng ba ne ba tla ‘rutoa ke Jehova,’ ’me khotso ea bona e ne e tla ba “ngata.”—Esaia 54:13, NW.

Bibele e re Molimo ke eena ea “fanang ka khotso.” (Baroma 16:20) Esita le hona joale lenaneo le hlollang la thuto lefatšeng lohle le ntse le tsoela pele ha Jehova a ruta batho ba hae ho ‘batla khotso ’me ba e phehelle,’ ho “tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma” le ho se ‘hlole ba ithuta ho loana.’—1 Petrose 3:11; Esaia 2:2-4.

Molimo o amohela borapeli bo thehiloeng ’neteng, bo lokolohileng boikaketsing le thetsong, o bile oa bo hlohonolofatsa. (Matheu 15:7-9; Johanne 4:23, 24) Ke borapeli ba ’nete feela, bo tumellanong e feletseng le Lentsoe la Molimo, bo ka hlahisang batho ba phelang ka khotso le bonngoe le ba ratanang e le kannete.—Johanne 13:35.

Ho ithuta se eketsehileng ka seo Lentsoe la Molimo le se buang mabapi le khotso ea lefatše, re u memela ho teana le bahatisi ba koranta ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela