Motho e Mong le e Mong o Batla ho Lokoloha
“Motho o tsoetsoe a lokolohile, empa o litlamong hohle,”
ho ngotse rafilosofi oa Mofora, Jean-Jacques Rousseau ka 1762. Re tsoetsoe re lokolohile. Ke mohopolo o babatsehang hakaakang! Empa joalokaha Rousseau a ile a hlokomela, batho ba limilione ho pholletsa le histori ha ba e-s’o ka ba e-ba le tokoloho. Ho e-na le hoo, ba qetile bophelo ba bona ba le “litlamong,” ba koaletsoe tsamaisong e ba amohileng thabo leha e le efe e tšoarellang le khotsofalo bophelong.
BA LIMILIONE kajeno ba ntse ba fumana hore ‘Motho o busitse motho e mong ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9, NW) Moo ba phehelletseng matla, banna le basali ba ratang botumo ba tsoela pele ho bontša letsoalo le fokolang kapa ho le hloka ka ho feletseng ha ba ripitlela tokoloho ea ba bang. Tlaleho e ’ngoe e tloaelehileng e re, “Sehlopha se hlaselang sa babolai se bolaea batho ba 21.” E ’ngoe e bua ka “polao e sehlōhō,” eo mabotho a tšireletso a ‘bolaeang basali, bana le batho ba hōlileng ba sa loaneng le ba sitoang ho itšireletsa, a ba khaola liqoqotho, a thunya batšoaruoa bao e seng ba ntoa lihloohong, le ho latela leano la ho senya lijo tsa sera le litlhoko tse ling tsa bophelo ka ho ripitla metse le ho qhomisa libomo ka nako leha e le efe.’
Ha ho makatse ha ka matla, batho ba lakatsa, ba bile ba loanela ho lokoloha khatellong! Leha ho le joalo, ’nete e bohloko ke ea hore hangata ho loanela tokoloho ea motho e mong ho kopanyelletsa ho hatakela litokelo le tokoloho tsa motho e mong osele. Banna, basali le bana ba se nang molato ba bolaoa ka tsela eo ba ke keng ba e qoba bohatong bona ba ho loanela tokoloho, ’me lefu la bona le “amoheloa” ka ho bolela hore khato eo ea tšoaneleha ebile e na le toka. Ka mohlala, selemong se fetileng Ireland, koloi e neng e e-na le bomo e neng e chehiloe ke “ba loanelang tokoloho” motsaneng oa Omagh e ile ea bolaea batho ba 29 ba iphetelang ka tsela ba se nang molato, ’me ea ntša ba eketsehileng ba makholo likotsi.
Ba Ntse “ba le Litlamong”
Ke eng e fumanoang ha ntoa e felile? Ha “ba loanelang tokoloho” ba hlōla ntoa, ba ka ’na ba fumana tokoloho e itseng e lekanyelitsoeng. Empa, na joale ba hlile ba lokolohile? Na hase ’nete hore esita le lichabeng tse lokolohileng haholoanyane linaheng tseo ho thoe’ng li lokolohile, batho ba ntse “ba le litlamong” tsa lintho tse nang le matla tse sehlōhō joalo ka bofutsana, ho se phethahale, ho kula le lefu? Motho a ka re o lokolohile ka ho feletseng joang ha lintho tse kang tsee li ntse li tsoela pele ho mo etsa lekhoba la tsona?
Moshe, sengoli sa boholo-holo sa Bibele, ka ho nepahala o ile a hlalosa bophelo kamoo bo ’nileng ba e-ba kateng bakeng sa ba bangata ho pholletsa le histori le kamoo bo ntseng bo le kateng le kajeno. O itse re ka phela lilemo tse 70 kapa 80, “empa bongata ba tsona ke ba litsietsi le mahlomola.” (Pesaleme ea 90:10, BPN) Na see se tla ke se fetohe? Na ho tla ke ho etsahale hore kaofela ha rōna re phele bophelo bo khotsofatsang ka ho feletseng, bo se nang bohloko le tšabo tseo ba bangata ba utloisoang bohloko ke tsona kajeno?
Bibele e re e! E bua ka “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Baroma 8:21) A re ke re hlahlobeleng tokoloho eo haufinyane, eo moapostola Pauluse a ileng a bua ka eona lekholong la pele la lilemo lengolong leo a neng a le ngolla Bakreste ba Roma. Lengolong lena, Pauluse o hlalosa ka ho hlakileng kamoo rōna ka bomong re ka fumanang “tokoloho e khanyang” ea ’nete, e tšoarellang.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
From the book Beacon Lights of History, Vol. XIII