Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 5/15 maq. 7-9
  • Ketsahalo e sa Lebaleheng e Tlisa Thabo Sehlekehlekeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ketsahalo e sa Lebaleheng e Tlisa Thabo Sehlekehlekeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Ho Kopana Hape ka Thabo
  • Lintlha-khōlō Tsa Kopano
  • “Lintho Tseo re ke Keng  ra Hlola re li Lebala”
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 5/15 maq. 7-9

Ketsahalo e sa Lebaleheng e Tlisa Thabo Sehlekehlekeng

Cuba, sehlekehleke se setle sa Caribbean, haufinyane tjena se sa tsoa ba le nako e ikhethang ea khatholoho ea moea. Ho fela ha 1998 ho ile ha tlisetsa Lipaki tsa Jehova tse lulang naheng ena ea West Indies tlhohonolofatso eo e neng e le khale li e letetse. Ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse ka holimo ho 30, litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova li ile tsa etela sebaka sena, ’me li ne li e-na le baemeli ba bang ba 15. Baeti bao e ne e le baahi ba Australia, Austria, Belgium, Great Britain, Italy, New Zealand le Puerto Rico.

ENA e bile ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa ho bahoeletsi ba ’Muso ba sebaka seo ba 82 258, le ho ba 87 890 ba ileng ba kopana le bona ho ketekeng Lijo tsa Shoalane tsa Morena selemong sa 1998.

Ho tloha ka la 1 ho ea ho la 7 December, 1998, Lloyd Barry, John Barr le Gerrit Lösch ba ile ba etela Lehae la Bethele le Havana ’me ba e-ba teng Likopanong tse ling tsa Setereke tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo” tse neng li tšoaretsoe Cuba. Ba ile ba thabela ho kopana le baholo ba tsamaeang le ho tloaelana hamolemo le ba boholong Cuba.

John Barr o ile a re: “Ena e bile ketsahalo ea bohlokoahali ea puso ea Molimo bophelong ba ka le ba mosali oa ka. Bara le barali babo rōna Cuba ba chesehela ’nete ka matla! Ke khutlile ke utloa hore mokhatlo oa rōna oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara ka sebele ke oa bohlokoa!” Lloyd Barry o ile a phaella ka ho re: “Beke ena ea bohlokoa e nthusitse hore ke utloisise hamolemonyana boemo ba barab’abo rōna ba sebakeng seo.”

Lilemong tse hlano tse fetileng, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa fuoa tokoloho e khōloanyane ea borapeli Cuba, ’me litlhaloso tsa ba boholong Cuba li etsa hore motho a lumele hore ba lakatsa hore mokhoa ona o tsoele pele.

Ka September 1994, ho ile ha thehoa tšebeletso ea khatiso Lehaeng la Bethele le Havana. Lipaki tsa Jehova li ile tsa boela tsa khona ho kopana phatlalatsa le ho paka ka ntlo le ntlo. Hamorao, ka 1998, ba boholong ba ile ba lumella ketelo ena ea baemeli ba machaba ba 18 ba Lipaki tsa Jehova, ho kopanyelletsa le litho tse tharo tsa Sehlopha se Busang.

Ho Kopana Hape ka Thabo

Ha baemeli ba fihla boema-fofane ba José Martí, Havana, ba ile ba amoheloa ka mofuthu ke ba boholong ba neng ba sa ba lebella hammoho le sehlopha se tsoang Lehaeng la Bethele, ’me har’a sona e ne e le mor’abo rōna ea neng a hopola ketelo ea ho qetela ea setho sa Sehlopha se Busang Cuba—Milton Henschel—ka 1961. Ka nako eo, mora enoa oabo rōna o ne a le lilemo li 12; hona joale ke molebeli ea tsamaeang.

Ha baemeli ba fihla Lehaeng la Bethele, ba ile ba lumelisoa ka lihlopha tsa lipalesa tse hlophisitsoeng tsa likhahla, lirosa, mehalalitoe le lishoeshoe tse tšehla le tse khubelu, tseo ka ho khetheha li ileng tsa lengoa ke mor’abo rōna bakeng sa ketsahalo ena. Meokho e ile a keleketla marameng ha lelapa la Bethele le amohela baemeli bana. Hamorao, ba ile ba e-ja hammoho nama ea kolobe e halikiloeng ka mokhoa oa Secuba, reisi le linaoa, salate, yucca e nang le mojo (moro o entsoeng ka konofole le oli ea mohloaare), le litholoana tse sa tsoa kholoa. Ka mor’a lijo, setho ka seng sa Sehlopa se Busang se ile sa fana ka puo e matlafatsang mabapi le letlotlo la tšebeletso ea Bethele. Ka ho khetheha, lintlha tsa Mor’abo rōna Lösch li ne li susumetsa ha a bua le barab’abo rōna ka Sepanishe. Lelapa la Bethele le entsoe ka basebeletsi ba baithaopi ba kamehla ba 48, le bathusi ba nakoana ba 18.

Le hoja libuka le Libibele li hatisoa Italy bakeng sa barab’abo rōna ba Cuba, litokollo tse ’mala o motšo le o mosoeu tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li hatisoa hona naheng eo ka mechine e ’meli e etsang likopi. Hore ho hatisoe limakasine tsohle tse hlokahalang, ho hlokahala lihora tse ngata le ho pheta-pheta mosebetsi ka matsoho sebakeng se petetsaneng. Baithaopi bao ba nka letlotlo la bona la tšebeletso ho Jehova e le la bohlokoa ka tsela e ikhethang.—2 Bakorinthe 4:7.

Lintlha-khōlō Tsa Kopano

Litho tse 18 tsa baemeli li ile tsa arohana lihlopha tse tharo e le hore li be teng likopanong tsa setereke tse neng li tšoaretsoe libakeng tse tharo—Havana, Camagüey le Holguín. Letsatsing le leng le le leng la a mararo ao, sehlopha se seholo sa bara le barali babo rōna, se neng se kopanyelletsa baholo ba bangata le bo-pula-maliboho, se ne se memeloa ho ba teng sebakeng ka seng. Lipaki tsa sebakeng sena li ne li ile tsa bolelloa hore ena e tla ba ketsahalo e khethehileng, empa li ne li sa tsebe hore litho tsa Sehlopha se Busang li tla ba teng. Ak’u nahane feela ho hlolloa ha tsona ha ka Labohlano hoseng, li bona bara bana babo rōna ba ratehang le basali ba bona ba theoha libeseng tse neng li hiriloe!

Likopano li ne li tšoaretsoe mehahong e bulehileng e hahiloeng ke barab’abo rōna ka tumello ea ba boholong. Lebaleng la kopano e neng e tšoaretsoe Havana, ho ne ho ngotsoe “Pesaleme ea 133:1” ho le leng la majoe a moo ho kenoang le teng. Sena se ile sa hopotsa barab’abo rōna mantsoe a fumanoang temaneng eo: “Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang!” Ka sebele, ho ne ho e-na le botsoalle bo botle le bo thabisang ba Bokreste sebakeng seo nakong ea kopano.

Baeti ba ile ba babatsa mokhoa oo lipuo le lipuisano ka lipotso li fanoeng hantle ka oona, ’me ba ile ba khahloa ke tsela eo tšoantšiso e neng e thehiloe paleng ea Bibele ea Daniele khaolo ea 3, e etsahetseng Babylona ea boholo-holo, e ileng ea etsoa ka eona. Morali e mong oabo rōna o ile a re: “Batšoantšisi kaofela ba ne ba ipabola, ’me ho tsamaisana le mantsoe a rekotiloeng ho ile ha etsoa hantle hoo ho neng ho sa bonahale hore mantsoe ao a ile a rekotoa pele. . . . Mobabylona ea khopo o ne a hlile a bonahala a le khopo, ’me Baheberu ba bararo ba ne ba tiile ’me ba ikemiselitse.”

Baemeli ba Ofisi ea Litaba tsa Bolumeli le ba bang ba boholong ’musong ba neng ba le teng likopanong ba ile ba babatsa barab’abo rōna ka ho hlophiseha ha bona le ka boitšoaro ba bona bo botle. Mor’abo rōna Barry o ile a hlalosa teboho ea hae e tiileng ka tšoaro e ntle haholo eo ba boholong Cuba ba neng ba e file baemeli ba etileng. Barab’abo rōna ba ile ba bontša ho ananela lipuo le hore ebe ba boholong ba ile ba lumella likopano tseo ka ho opa liatla ba eme ka maoto, hangata e le ka metsotso e ’maloa. Lelapa le leng la Bakreste le itse: “Sena se feta seo re neng re se lebeletse—kopano ea machaba e nyenyane! E bile e babatsehang kaha e fane ka bopaki ba matla a maholo a Jehova a ho etsa hore litšepiso tsa hae e be ’nete.”

Likopano tseo li boetse tsa bula monyetla oa hore ba bang ba tsebe Lipaki ka tsela e molemonyana. E mong oa baqhobi ba libese o ile a ba teng kopanong ka Moqebelo le ka Sontaha. O ile a re o utloile lintho tse ngata ka Lipaki tsa Jehova, empa hona joale oa tseba hore ke batho ba molemo, ba khotso.

“Lintho Tseo re ke Keng  ra Hlola re li Lebala”

Batho ba Cuba ba ile ba khahla baemeli ka mofuthu oa bona le botsoalle ba bona. Batho ba Cuba ba khothetse, ba laolehile ’me ba mosa. Moemeli e mong o ile a re: “Ka makhetlo a ’maloa, batho ba sa re tsebeng ho hang ba ile ba ithaopela ho re thusa.”

Baemeli ba ile ba khahloa ka ho teba ke tumelo, thabo le lerato tseo Lipaki tseo tsa habo bona tsa Cuba li ileng tsa li bontša. Ho sa tsotellehe litšitiso tse khōlō, li entse Jehova qhobosheane ea tsona. (Pesaleme ea 91:2) John Barr o itse: “Ketelong ena ea ka ea pele Cuba, ke hloletsoe ke lintho tse ngata—botle ba naha, botho bo botle ba batho bao ke kopaneng le bona, ’me ka holim’a tsohle, nyakallo e feletseng ea Lipaki tsa Cuba. Bophelong ba ka, ha ke e-s’o ka ke utloa ho binoa lipina tsa ’Muso ho tsoa pelong hakaalo, le ho opa liatla ho holelele hakaalo ha lintlha tsa moea li ba ama pelong! Tsena ke lintho tseo re ke keng ra hlola re li lebala. Kamehla re tla li nka e le tsa bohlokoa.”

Pesaleme ea 97:1 e re: ‘Lihlekehleke tse ngata a li ke li nyakalle!’ Ka sebele, Lipaki tsa Jehova tsa sehlekehleke sa Cuba li thabela tokoloho ea tsona e tsosolositsoeng ea ho rapela Molimo hammoho le ketelo ena ea bohlokoa ea baemeli ba machaba.

[Litšoantšo tse leqepheng la 8]

Litho tsa Sehlopha se Busang li saena Libibele tse fuoang ba boholong sechabeng e le mpho

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Lehae la Bethele le Havana le ile la buloa hape ka 1994

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Malapa a mangata a bile teng Likopanong tse khethehileng tsa Setereke tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo” Cuba

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela