Na U Lokela ho Atolosa Pono ea Hao?
MOTSENG oa Kobe Japane e ka bophirimela, tšisinyeho ea lefatše e senyang e ile ea hlasela, ’me baithaopi ba itetseng ba ile ba potlakela ho thusa baahi ba mahlomoleng. Leha ho le joalo, sehlopha sa lingaka tse etileng se ile sa fumana hore kōpo ea tsona ea ho fuoa meriana e hannoe ke motho e mong Lekaleng la Bophelo. Ofisiri eo e ne e boetse e le mookameli oa sepetlele se seholo sa sechaba, e ne e batla hore bakuli ba ee lipetleleng tsa Kobe ho e-na le hore lingaka li sebeletse litsing tsa liphallelo ho ba enta ka liente tse theko e phahameng le ho ba kenya mekelikeli e kenngoang methapong e theko e phahameng. Qetellong, lingaka li ile tsa fuoa seo li neng li se kōpile, empa boitšoaro boo ofisiri e bileng le bona pele ba ho se nahanele maemo le hoo ho neng ho bonahala e le ho hloka kutloelo-bohloko, bo ile ba nyatsoa ka ho pharaletseng.
Mohlomong u kile ua tšoaroa ka thata joalo ke e mong ea boholong. Mohlomong u bile ua ba molato oa ho tšoara batho joalo. Na u ka rua molemo ka ho atolosa pono ea hao?
Fumana Pono e Feletseng
Ho tloaelehile hore batho ba talime litaba ka lehlakoreng le le leng feela, kapa ka pono e le ’ngoe, ka ho etsa joalo, ba lekanyetsa temoho ea bona le kutloisiso ea litaba. Hangata sena se bakoa ke lintlha tse kang thuto, phihlelo bophelong le semelo. Liqeto tse bontšang bohlale bo boholoanyane li ka finyelloa ha motho a leka ka matla ho ba le kutloisiso e feletseng ka boemo ba litaba. Ka mohlala, haeba u ne u tšela mateanong a litsela a se nang liroboto, moo sephethephethe se leng sengata, na e ne e tla ba bohlale hore u shebe pele feela? Le hanyenyane! Ka ho tšoanang, ho atolosa monahano oa hao e le hore u fumane pono e feletseng ho ka thusa haholo ho etseng liqeto le ho sebetseng ka tsela e bontšang boikarabelo. Ho ka ba ha boloka bophelo.
Mohlomong, kaofela ha rōna re ka ntlafatsa tabeng ena. Ka hona ipotse, ‘Nka rua molemo ka ho atolosa monahano oa ka likarolong life?’
Pono ea Hao ka ba Bang
U bona’ng ha u sheba ba bang? Na u na le tšekamelo ea ho talima seo ba se buang kapa seo ba se etsang se le setle ka ho feletseng kapa se le sebe ka ho feletseng, joalokaha eka ha ho na qeto e ’ngoe e ka etsoang ka sona kapa hore ha se na boemo bo bohareng? Na u talima seo motho e mong a se buang e le pabatso kapa e le nyeliso? Na motho e mong o nepile ka ho feletseng kapa o fositse ka ho feletseng? Ho ba le pono e joalo ho ka tšoana le motho ea nkang litšoantšo, ea hlokomolohang mebala e meng e khanyang le e meng e fapaneng sebakeng seo ho sona e leng hoetla, joalokaha eka ho na le litšoantšo tse ’mala o motšo le o mosoeu feela. Kapa na u ameha haholo ka mefokolo ea motho e mong, hantle feela joaloka moeti ea lumellang hore ho thabela ha hae sebaka se setle ho senngoe ke litšila tse seng kae tse siiloeng ke moeti ea sa nahaneleng?—Bapisa le Moeklesia 7:16.
Ho ka ithutoa ho hongata ka ho nahana ka pono ea Jehova ka liphoso tsa batho. Le hoja a ne a lemoha mefokolo e mengata ea batho le liphoso tsa bona, o khetha ho li hlokomoloha kapa ho se lule a nahana ka tsona. Mopesaleme ea nang le teboho o ile a hlokomela: “Haeba u ne u talima liphoso . . . Jehova, ke mang ea neng a ka ema?” (Pesaleme ea 130:3, NW) Jehova o ikemiselitse ho lahlela liphoso hōle le baetsalibe ba bakang, e, o li hlakola ka mosa, e le hore li se ke tsa silafatsa kamano ea rōna le eena. (Pesaleme ea 51:1; 103:12) Ha a bua ka Morena Davida, ea kileng a etsa libe tse tebileng le Bathe-sheba, Jehova o ne a ka re ke motho “ea ntatetseng ka pelo ea hae eohle, ho etsa tse lokileng feela mahlong a ka.” (1 Marena 14:8) Ke hobane’ng ha Molimo a ne a ka rialo ka Davida? Hobane o ne a lebisitse tlhokomelo litšoanelehong tse molemo tsa Davida ea bakileng. O ile a nahana ka lintlha tsohle tse amehang ’me a khetha ho tsoela pele ho hauhela mohlanka oa hae.
Kreste Jesu ntle ho phoso o ne a bonahatsa pono ena e pharaletseng ka liphoso tsa ba bang. (Johanne 5:19) Ha a ne a talimane le mefokolo ea baapostola ba hae, Jesu o ne a le mohau a bile a utloisisa. O ile a hlokomela hore bathong ba sa phethahalang esita leha “moea o na le taba-tabelo, empa nama ea fokola.” (Matheu 26:41) A nahanne ka sena, Jesu o ne a ka sebetsana le mefokolo le liphoso tsa barutuoa ba hae ka tsela e bontšang mamello le kutloisiso. O ne a sa amehe haholo ka liphoso empa, ho e-na le hoo, o ne a lebisa tlhokomelo litšoanelehong tsa bona tse ntle.
Ka lekhetlo le leng ka mor’a ho khalemela baapostola ka lebaka la ho pheha khang ka hore na ke mang ea neng a bonahala eka ke e moholo, Jesu o ile a eketsa: “Leha ho le joalo, ke lōna ba nkhomaretseng litekong tsa ka; ’me ke etsa selekane le lōna, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso, e le hore le ka ja le ho noa tafoleng ea ka ’musong oa ka, le ho lula literoneng ho ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.” (Luka 22:24-30) E, ho sa tsotellehe liphoso tse ngata tsa baapostola, Jesu o ile a hopola botšepehi ba bona le lerato la bona ho eena. (Liproverbia 17:17) Jesu o ne a kholisehile ka seo ba neng ba ka se etsa le seo ba neng ba tla se etsa, ka hona, o ile a etsa selekane le bona bakeng sa ’Muso. E, ‘Jesu, o ratile barutuoa ba hae ho isa bofelong.’—Johanne 13:1.
Ka hona, haeba sebōpeho se itseng sa motho e mong le liphoso tsa hae li u halefisa, etsisa Jehova le Jesu. Atolosa monahano oa hao, ’me u leke ho nahanela lintlha tsohle. Ka ho talima lintho ka tsela e loketseng, u tla fumana ho le bonolo ho rata barab’eno le ho ba ananela.
Ho Fana ka Lintho Tse Bonahalang
Tokelo ea ho fana ke e ’ngoe ea lintho tse thabisang tseo Bakreste ba li fuoeng. Empa na ho hlokahala hore re lekanyetse ho fana ha rōna nthong e le ’ngoe feela, ka mohlala, ho kopanela tšebeletsong ea tšimo? (Matheu 24:14; 28:19, 20) Kapa na monahano oa hao o ka atolosoa hore o akarelletse litlhoko tsa nama le boiketlo ba ba bang? Ka sebele, Bakreste bohle ba utloisisa hore ho fana ka lintho tsa moea ke habohlokoahali. (Johanne 6:26, 27; Liketso 1:8) Empa, joalokaha ho fana ka lintho tsa moea e le habohlokoa, ho fana ka lintho tse bonahalang ha hoa lokela ho hlokomolohuoa ho hang.—Jakobo 2:15, 16.
Ha re ntse re nahana ka litlhoko tse potlakileng tsa barab’abo rōna ba moea liphuthehong tsa habo rōna le lefatšeng lohle, ka ho feletseng haholoanyane re ka bona seo re ka se etsang ho ba thusa. Ha ba leng boemong ba ho etsa joalo ba abela ba bang ka seatla se bulehileng, ho ba le teka-tekano. Ka tsela ena litlhoko tsa bara bohle babo rōna lia hlokomeloa. Moholo e mong oa Mokreste o ile a hlalosa taba ena ka tsela ena: “Haeba ho hlaha tlhoko karolong e ’ngoe ea lefatše, barab’abo rōna karolong e ’ngoe ea lefatše ba tla ba thusa. Haeba ba sa khone ho ba thusa, joale barab’abo rōna ba sebakeng se seng sesele ba tla etsa joalo. Litlhoko tsa barab’abo rōna lefatšeng ka bophara li hlokomeloa ka tsela eo. Mokhatlo oa bara ba motho lefatšeng ka bophara ka sebele oa hlolla.”—2 Bakorinthe 8:13-15; 1 Petrose 2:17.
Morali e mong oabo rōna oa Mokreste eo ka tieo a neng a lakatsa ho ea ho e ’ngoe ea likopano tsa machaba tse neng li tšoaretsoe Europe Bochabela o ne a sa khone ho ea. Leha ho le joalo o ile a utloa hore barab’abo rōna ba moo ba ne ba hloka Libibele haholo, ka hona, o ile a etsa monehelo oa Libibele tse joalo a li neheletsa e mong ea ileng a ea. Kahoo o ile a ba le thabo ea ho fana, ho arolela barab’abo ba linaheng lisele lintho.—Liketso 20:35.
Mohlomong ka ho atolosa monahano oa hao u ka ba le karolo e khōloanyane mosebetsing oa lefatše ka bophara o eketsehang o sa khaotse oa thuto ea Bibele, o u tlisetsang thabo hammoho le ba bang.—Deuteronoma 15:7; Liproverbia 11:24; Bafilippi 4:14-19.
Ha U Fana ka Keletso
Ha re kōptjoa ho fana ka keletso kapa khalemelo, ho beha mabaka ka tsela e bontšang ho nahanela le ho leka-lekana ho tla re thusa hore barab’abo rōna moeeng ba re hlomphe le hore re fane ka thuso e molemo e le kannete. Ho bonolo haholo ho lebisa tlhokomelo lintlheng tse seng kae le ho potlakela ho fihlela qeto e thehiloeng lehlakoreng le le leng. Sena se fana ka maikutlo a hore re sheba litaba ka lehlakoreng le le leng ebile ha re amohele likhopolo tsa ba bang, joaloka baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu, ba neng ba tloaetse ho imetsa ba bang ka melao e sa feleng. (Matheu 23:2-4) Ka lehlakoreng le leng, haeba re qoba ho etsa lintho ka tsela e feteletseng ’me re fana ka keletso e ntle eo ka ho tiileng e thehiloeng melao-motheong ea Mangolo, e bonahatsang monahano oa Jehova o lokileng empa e le o leka-lekaneng le o bontšang mohau, ho tla ba bonolo haholoanyane hore ba bang ba amohele litlhahiso tsa rōna le ho li sebelisa.
Lilemong tse itseng tse fetileng barab’abo rōna ba bacha ba liphutheho tse ’maloa ba ile ba ikopanya hore ba kopanele lipapaling. Ka bomalimabe, ho ile ha e-ba le moea oa tlhōlisano har’a bona, o ileng oa fella ka ho halefelana. Baholo ba sebakeng seo ba ile ba sebetsa taba ee joang? Ha ba hlokomela hore ho hlokahala hore bacha ba ikhatholle, ha baa ka ba buella hore ba khaotse ka ho feletseng. (Baefese 5:17; 1 Timothea 4:8) Ho e-na le hoo, ba ile ba fana ka litemoso tse tiileng empa e le tse utloahalang mabapi le hore na moea oa tlhōlisano o ka fella ka eng. Ba ile ba boela ba fana ka litlhahiso tse thusang, tse kang hore batho ba baholo ba nang le boikarabelo ba be teng. Bacha ba ile ba ananela bohlale ba keletso ena le ho leka-lekana ha eona ’me ba arabela hantle. Ho feta moo, tlhompho ea bona le boikutlo bo mofuthu bakeng sa baholo li ile tsa hōla.
Sebeletsa ho Atolosa
Le hoja e ka ’na eaba hase ka morero u bang leeme kapa ha u lemohe hore u na le lona, ho tla ’ne ho hloke hore u ikemisetse ho leka ho atolosa monahano oa hao. Ha u ntse u ithuta Lentsoe la Molimo, nahanisisa ka lona e le hore u ka lemoha tsela eo Jehova a nahanang ka eona le ho e utloisisa. (Pesaleme ea 139:17) Leka ho utloisisa mabaka a lipolelo tse ka Bibeleng le melao-motheo e amehang, ’me u loanele ho ahlola litaba joaloka Jehova. Sena se tla ba tumellanong le thapelo ea Davida: “Ntsebise litsela tsa hao, Jehova; nthute litsela tsa hao. Ntsamaise ’neteng ea hao ’me u nthute.”—Pesaleme ea 25:4, 5.
Ha u ntse u e-ba le pono e pharaletseng haholoanyane, u tla hlohonolofatsoa. Tlhohonolofatso e ’ngoe ea pono e atolositsoeng ke hore u tla ba le botumo ba ho ba ea leka-lekaneng le ea utloisisang. U tla khona ho arabela ka tsela e bontšang kahlolo e molemo le kutloisiso ha u thusa maemong a sa tšoaneng. Ka lehlakoreng le leng, sena se tla tlatsetsa bonngoeng bo hlollang le tumellanong ea mokhatlo oa Bokreste oa bara ba motho.
[Litšoantšo tse leqepheng la 12]
Ho fana ka seatla se bulehileng ho thusa ba bang, ho nyakallisa ea fanang, ’me ho thabisa Ntate oa rōna oa leholimo