Ho na le Mahakoe a Phelang Namibia!
NAMIBIA e ikhohlile ka lebōpo la leoatle le ka boroa-bophirimela ho Afrika ka lik’hilomithara tse ka bang 1 500. Meeli eohle ea lebōpo la leoatle ea naha ena e na le litutulu tsa lehlabathe, maralla a tletseng majoe le masabasaba a lehlohlojane. Majoe ao a mabōpong a leoatle la Namibia a tsoakane le mahakoe a nang le mebala eohle e ka nahanoang. Ka linako tse ling ho fumanoa le litaemane ho ’ona. Empa naha ena e na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta majoe ana hōle. Namibia e na le mahakoe a phelang—batho ba eona ba merabe e mengata.
Baahi ba pele-pele ba Namibia ba ne ba bua sehlopha sa lipuo tse neng li bitsoa Khoisan. Puo ea bona e ne e tsebahala ka melumo ea eona e bitsehang ka thata. Har’a batho ba buang Khoisan kajeno, ke Madamara a lebala le letšo, batho ba bo-thaka-ha-li-fele ba lebala le hlakileng ba bitsoang Manama le Baroa ba tummeng ba litsomi. Merabe e meng e mengata ea batho ba batšo e ile ea tla Namibia makholong a morao tjena a lilemo. Bana ba oela tlas’a merabe e meraro e ka sehloohong: Maovambo (morabe o moholo ka ho fetisisa Namibia), Maherero le Makavango. Batho ba Europe ba ile ba qala ho lula Namibia lekholong la bo19 la lilemo. Bajaki ba bangata ba ile ba fihla ka mor’a hore ho sibolloe litaemane lehlabatheng la lehoatata la teng.
Baahi ba Namibia ke ba bohlokoa hobane ke karolo ea moloko oa batho bao Molimo a faneng ka Mora oa hae bakeng sa bona, ka tsela eo, a bula tsela e eang bophelong bo sa feleng. (Johanne 3:16) Manamibia a makholo a merabe eohle a se a bile a arabetse molaetseng oa poloko. Bana ba ka tšoantšoa le mahakoe a phelang hobane ba har’a “tse lakatsehang tsa lichaba tsohle” tseo hona joale li bokelleloang ntlong ea Jehova ea borapeli.—Haggai 2:7.
Ho Qala ha Morafo oa Moea
E ne e le ka 1928 ha ho ne ho qaloa ho rafshoa mahakoe a moea a Namibia. Selemong seo, lekala la Afrika Boroa la Mokhatlo oa Watch Tower le ile la romella lingoliloeng tsa Bibele tse 50 000 ho batho ba qhalakaneng ho pholletsa le naha ena. Selemong se latelang, Mokreste ea tlotsitsoeng oa Afrika Boroa ea bitsoang Lenie Theron o ile a latella thahasello e bontšitsoeng. Ka likhoeli tse ’nè, o ile a haola naha eo a le mong, a tsamaisa lingoliloeng tse thusang ho ithuta Bibele tse fetang 6 000 ka Seafrikanse, Senyesemane le Sejeremane. Ka sebele mosebetsi ona oohle ha ea ka ea e-ba oa lefeela.
Ka mohlala, nahana ka Bernhard Baade, Mojeremane ea neng a sebetsa morafong. Ka 1929, o ile a fumana mahe ho sehoai se seng se neng se phuthela lehe le leng le le leng ka leqephe la sengoliloeng sa Watch Tower. Bernhard o ile a bala leqephe le leng le le leng ka cheseho, a ipotsa hore na ke mang ea ngotseng buka eo. Qetellong o ile a fihla leqepheng la ho qetela, le neng le fana ka aterese ea Mokhatlo oa Watch Tower oa Jeremane. Bernhard o ile a ngola a kōpa lingoliloeng tse eketsehileng ’me ea e-ba eena motho oa pele oa Namibia oa ho nka khato ka ’nete.
Ho Fihla ha Basebetsi ba Nako e Tletseng
Ka 1950, baromuoa ba bane ba koetlisitsoeng Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ba ile ba fihla Namibia. Ka 1953, palo ea baromuoa e ile ea nyolohela ho robeli. Ba ne ba akarelletsa Dick le Coralie Waldron, banyalani ba Maaustralia ba ntseng ba sebeletsa mona ka botšepehi ho fihlela kajeno. Baboleli ba bang ba bangata ba nako e tletseng ba ’Muso ba tsoang Afrika Boroa le mose ho maoatle le bona ba ile ba kopanela ho rafeng mahakoe a moea a Namibia. Baromuoa ba bang, hammoho le ba fumaneng mangolo Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, ba ’nile ba romeloa Namibia.
Lebaka le leng le tlatselitseng hore ho be le khōlo ea moea Namibia e bile ho fetoleloa le ho hatisoa ha lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse ka sehloohong tsa mona, tse kang Seherero, Sekwangali, Sekwanyama, Senama/Sedamara le Sendonga. Ho tloha ka 1990, ofisi e ntle ea phetolelo le lehae la basebetsi ba nako e tletseng ba baithaopi li ’nile tsa sebelisoa motse-moholo, Windhoek. Karen Deppisch, eo eena hammoho le monna oa hae ba ’nileng ba etsa mosebetsi oa boevangeli ba nako e tletseng likarolong tse sa tšoaneng tsa Namibia, o re: “Ba bangata baa makala ha re ba fa lingoliloeng ka puo ea bona, haholo-holo ha e le ka puo e nang le libuka tse ’maloa tsa mofuta leha e le ofe.”
Ho Bentša Mahakoe Ana
Mahakoe a mang a tlhaho a Namibia a ’nile a bentšoa ke ho tsamaea ha maqhubu le lehlabathe holim’a ’ona ka makhetlo a mangata-ngata. Empa leha ho le joalo, mekhoa eo ea tlhaho ha e hlahise mahakoe a phelang. Ho hloka boiteko hore batho ba sa phethahalang ba “lahle botho ba khale” le ho ikapesa ka botho bo bocha bo kang ba Kreste. (Baefese 4:20-24) Ka mohlala, ho hlompha balimo ke moetlo o matla har’a meloko e mengata ea Namibia. Ba sa etseng liketso tsa borapeli ba balimo hangata ba hlorisoa ke litho tsa malapa a bona kapa baahisani ba bona. Ha batho ba ithuta ka Bibeleng hore bafu “ha ba tsebe letho leha le le leng,” ba thulana le teko. (Moeklesia 9:5) Ka tsela efe?
Paki e ’ngoe ea Moherero ea hlalosa: “E ne e le phephetso e khōlō hore ke mamele ’nete. Ke ile ka lumela ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, empa ho ile ha nkuka nako hore ke sebelise lintho tseo ke neng ke ithuta tsona. Pele, ke ile ka tlameha ho hlahloba hore na ebe ke tla sireletseha haeba ke sa latele meetlo. Ka mohlala, ke ne ke feta libakeng tse itseng tsa Namibia mohoalotso, ke sa eme bakeng sa ho beha lejoe lebitleng kapa ho rola katiba e le ho lumelisa bafu. Butle-butle, ke ile ka kholiseha hore ha ke na ho jeoa ke letho ha ke sa rapele balimo. Ke thabile hakaakang hore ebe Jehova o hlohonolofalitse boiteko ba ka ba ho thusa lelapa la ka le ba bang ba thahasellang hore ba ithute ’nete!”
Tlhokahalo ea Basebetsi ba Morafo oa Moea
Pele baromuoa ba fihla ka 1950, ho ne ho e-na le mohoeletsi a le mong feela oa litaba tse molemo Namibia. Palo e ’nile ea nyoloha butle-butle ho fihlela e fihla tlhōrōng ea 995. Leha ho le joalo, ho sa setse mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa. Ha e le hantle, libaka tse ling ha li e-s’o ka li finyelloa. Na u boemong ba ho sebeletsa moo tlhokahalo ea baboleli ba chesehang ba ’Muso e leng khōloanyane? Joale, ka kōpo ak’u tšelele ka mona ka Namibia ’me u tl’o re thusa ho fumana le ho bentša mahakoe a eketsehileng a moea.—Bapisa le Liketso 16:9.
[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 26]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
AFRIKA
NAMIBIA
[Litšoantšo]
Namibia ke naha ea mahakoe a matle
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Maps: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.; Diamonds: Courtesy Namdek Diamond Corporation
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Litaba tse molemo li boleloa merabeng eohle ea Namibia
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Na u ka sebeletsa moo tlhokahalo ea baboleli ba ’Muso e leng khōloanyane?