Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 11/15 leq. 3
  • Na Bibele e ka re Thusa Kajeno?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bibele e ka re Thusa Kajeno?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka eo Bacha ba Bangata ba sa e Thahaselleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • U ka Fumana Molemo Ofe ha U Bala Bibele?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 11/15 leq. 3

Na Bibele e ka re Thusa Kajeno?

“HA RE nka Bibele ka kakaretso, ke karolo ea 1 lekholong feela eo ho leng molemo ho e bala, empa karolo e ’ngoe ha e sebetse ebile e siuoe ke nako.” Ho boletse joalo mohlankana e mong. Ba bangata ba ka lumellana le eena. Le hoja Bibele e tsoela pele ho rekoa ka bongata bo fetisisang lefatšeng ka bophara, ba limilione ha ba e natse hakaalo ebile ha ba tsebe lithuto tsa eona.

Khatisong ea eona ea Keresemese ea 1996, koranta ea Jeremane ea Süddeutsche Zeitung e ile ea bolela hore “palo ea batho ba balang [Bibele] e ntse e fokotseha. Mehleng ea saense e sebetsanang le lintho tsa tlhaho le ea ho eketseha ha batho ba furallang bolumeli, ho ba bangata litlaleho tsa Bibele li bonahala li makatsa ’me ho le thata ho li utloisisa.” Liphuputso li tiisa tlaleho ena. Liphuputso tse ling li bontša hore bana ba bangata ha ba tsebe le hantle hore na Jesu ke mang. Phuputsong e ’ngoe, ho batho bao ho buisanoeng le bona, ke ba ka tlaase ho halofo ba neng ba ka pheta pale ea Bibele ea mora ea lehlasoa le ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani.

Khatiso e ’ngoe ea Kereke ea Evangeli ea Switzerland e leng Reformiertes Forum e bolela hore Switzerland palo ea Libibele tse rekoang e theohile. Esita le ho ba nang le Bibele, hangata e tlala lerōle rakeng ea libuka. Hoa tšoana le Brithani. Ho latela phuputso e ’ngoe, le hoja boholo ba batho bo e-na le Bibele, bongata bo e bala ka seoelo.

Ka lehlakoreng le leng, ba limilione lefatšeng ka bophara ba ikutloa ka tsela e fapaneng ka Bibele. Ba e talima e le Lentsoe la Molimo ’me ba e nka e le ea bohlokoa ebile e le molemo. Kahoo, ba e bala kamehla. Moroetsana e mong o ile a ngola: “Ke leka ho bala khaolo e le ’ngoe kapa tse peli tsa Bibele letsatsi le letsatsi. Ke e thabela haholo.” Batho ba joalo ba hlokolosi ka seo Bibele e se rutang, ’me ba leka ho sebelisa keletso ea eona bophelong ba bona. Ba lumela hore Bibele e ka ba thusa lefatšeng la kajeno le likhathatso.

Uena u ikutloa joang? Na Bibele ha e sebetse mehleng ea kajeno? Kapa na ke ea bohlokoa ebile e molemo? Na Bibele e ka re thusa kajeno?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela