Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 4/15 maq. 22-25
  • Ho Tšoasa Batho Leoatleng la Aegean

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšoasa Batho Leoatleng la Aegean
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Matšolo a Putsang a Boboleli
  • “Ho Tšoasa” Boema-kepeng
  • Ho Tšoasa “Litlhapi” Tse Fallang
  • Jehova oa Melisa
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 4/15 maq. 22-25

Ho Tšoasa Batho Leoatleng la Aegean

BOHOLO ba naha ea Greece bo le ka leboea le ka bophirimela ho lona, sehlekehleke sa Kreta se le ka boroa le Turkey e le ka bochabela, Leoatle la Aegean le akaretsa sebaka se seholo sa Mediterranean e ka bochabela. E le sebaka seo tsoelo-pele e khōlō ea boholo-holo e simolohileng ho sona, Leoatle la Aegean le na le lihlekehleke tse khōlō le tse nyenyane tse qalikaneng. Meeli e matsutla ea lihlekehleke tsena, e nang le matlo a manyenyane a qalikaneng a masoeu, a phatsimang khanyeng ea letsatsi, e ile ea susumetsa seroki se seng hore se e tšoantše le “lipere tsa majoe tse moetse o maepho-epho.”

Ha ho makatse ha lihlekehleke tsena e le tse ling tsa libaka tse ratehang ka ho fetisisa tse hohelang bahahlauli lefatšeng! Botle ba tsona bo bonahalang bo eketsoa ke botho bo khahlisang haholo ba banna le basali ba phelang le ba sebetsang ho tsona. Batho bana ba rata batho hape ba amohela baeti ka mofuthu, leha ho le joalo ba itjere ’me ba tlatsetsa mokhabong o ikhethang oa sebaka sena.

Baahi ba bangata ba lihlekehleke tsena ba phela ka ho tšoasa litlhapi metsing a Leoatle la Aegean. Leha ho le joalo, mofuta o mong oa ho “tšoasa” o beha litholoana tse ngata haholo sebakeng seo. “Batšoasi ba batho,” e leng baboleli ba evangeli ea litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ba haola lihlekehleke tsa Aegean ba etsa barutuoa ba Bakreste.—Matheu 4:18, 19; Luka 5:10.

Hoo e ka bang lilemong tse makholo a 19 tse fetileng, baboleli ba evangeli ba Bakreste ba ile ba etela lihlekehleke tsa Aegean. Hoo e ka bang ka 56 C.E., ha moapostola Pauluse a khutla leetong la hae la boraro la boromuoa, o ile a fapohela lihlekehlekeng tsa Lésvos, Kiose, Samose, Kose, le Rodese. Kaha kamehla Pauluse e ne e le ’moleli ea chesehang, e lokela ebe o ile a ruta baahi ba bang ba lihlekehleke tseo. (Liketso 20:14, 15, 24; 21:1, 2) Ho na le tumelo ea hore ka mor’a lilemo tse peli a le litlamong Roma, o ile a etela Kreta ’me a tšoareha mosebetsing oa Bokreste moo. Ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo, moapostola Johanne o ile a isoa kholehong sehlekehlekeng sa Patmose “ka lebaka la ho bua ka Molimo le ho paka ka Jesu.” (Tšenolo 1:9) Baphatlalatsi ba kajeno ba litaba tse molemo ba tsoella joang lihlekehlekeng tsee?

Matšolo a Putsang a Boboleli

Ho bolela lihlopheng tsena tsa lihlekehleke ho thata ebile ho hloka ho hongata. Ho hloka boiteko bo matla le boitelo. Lihlekehleke tse ling li arohane haholo. Ha ho na likepe kapa lifofane tse tsamaeang kamehla ho ea ho tse ling tsa tsona ’me tse ling ha li na tsona ho hang, haholo-holo linakong tsa mariha. Leoatle lena lea befa, haholo-holo ha ho foka meltemia—meea e matla ea leboea e tlang ka linako tse itseng tsa selemo. Ho feta moo, metse ea lihlekehleke tse ngata e qaqolohane ’me ho fihla ho eona ho thata hobane hangata ho thata ho tsamaea litseleng tsa kerabole, tse sa katoang. Metseng e meng ho fihloa feela ka liketsoana.

Ka mohlala, nahana ka sehlekehleke sa Icaria. Bahoeletsi ba 11 ba litaba tse molemo tsa ’Muso ba phutheho e nyenyane ea moo ba sitoa ho akaretsa metse eohle e sehlekehlekeng seo le ea tse nyenyane tse haufi. Kahoo, bara le barali babo rōna ba Bakreste ba Samose ba tla mona ho tla thusa ka boboleli har’a batho ba Icaria, hammoho le ba lihlekehlekeng tsa Phournoi, Patmose le Lipsos. Haufinyane, phutuhong e joalo ea matsatsi a mabeli, Lipaki li ile tsa atleha ho tsamaisa limakasine tse 650, libukana tse 99 le libuka tse 25 tse buang ka lihlooho tsa Bibele! Li ile tsa makala ha li kopana le batho ba sa tsebeng ho hang hore na Jehova ke mang, batho ba ileng ba li rapela hore li lule ’me li ba rute haholoanyane ka Bibele. Mofumahali e mong o ile a bolella Paki e ’ngoe: “Hampe ke hore joale lea tsamaea. Empa ke sa ntse ke e-na le lipotso tse ngata tsa Bibele. Ke tla thusoa ke mang?” Morali’abo rōna e mong oa Mokreste o ile a tšepisa hore o tla latella thahasello eo ka ho sebelisa thelefono, ’me o ile a fela a qalisa thuto ea Bibele ka tsela eo.

Ha molebeli ea tsamaeang a etela Icaria, o ile a lokisetsa ho akaretsa sehlekehleke seo sohle ka mafelo-beke a le mang. O ile a kōpa thuso ea bahoeletsi ba ’Muso ba Samose ba ka bang 30. Barab’abo rōna ba etileng ba ile ba tlameha ho lefella boroko ba masiu a mabeli hoteleng e ’ngoe le ho hira likoloi tse tloaelehileng le tse hulang ka mabili a mane. Ho ne ho nele pula ea litloebelele ka matsatsi a mabeli, ’me ba tsa bolepi ba ne ba bolela hore boemo bo tla ba bobe mafelo-bekeng ao. Empa barab’abo rōna ha baa ka ba lumella sena hore se ba sitise, ba ile ba hopola mantsoe a Moeklesia 11:4: “Ea elang moea hloko a ke ke a jala, ea talimang maru a ke ke a kotula.” Qetellong, leholimo le ile la phetleha hanyenyane, ’me ka mor’a hore ba akaretse sehlekehleke seo sohle ka molaetsa oa bona oa bohlokoa, barab’abo rōna ba ile ba khutlela hae ba thabile, ba khotsofetse.

Bahoeletsi ba 16 ba lulang sehlekehlekeng sa Andros ba ile ba ikitlaetsa ka hohle ho akaretsa sehlekehleke sena. Ha barab’abo rōna ba babeli ba fihla motseng o mong o thōko, ba ne ba ikemiselitse ho bua le baahi bohle. Ba ile ba bua le batho malapeng a bona, literateng le masimong. Ba bile ba etela le sepoleseng ’me ba siea lingoliloeng teng. Ha ba se ba kholisehile hore ba kopane le baahi bohle ba motse, ba ne ba le haufi le ho tloha. Ha ba tloha lepatlelong le leholo, ba ile ba bona moprista oa Greek Orthodox a e-tla. Ka ho hlokomela hore ha aa pakeloa, ba ile ba mo fa pampitšana, eo a ileng a e amohela ka thabo. Joale ba ne ba tseba hore kannete ha ho eo ba mo hlokomolohileng mosebetsing oa bona oa boboleli!

Gavdos (kapa Kauda)—sehlekehleke se senyenyane se tlas’a khubu ea Kreta se nang le baahi ba 38 feela—e nkoa e le eona ntlha e ka boroa ka ho fetisisa ea Europe. (Liketso 27:16) Molebeli ea tsamaeang le mosali oa hae, hammoho le banyalani ba bang, ba ile ba qeta matsatsi a mararo ba bolela moo. E le hore ba fokotse litšenyehelo, ba ne ba robala tenteng. Ba ile ba fihla ho baahi bohle ka litaba tse molemo, ’me barab’abo rōna ba ile ba thabela hore batho ba moo ha ba leeme. Ho ne ho se letho leo ba le utloileng—le lebe kapa le letle—ka Lipaki tsa Jehova. Batho ba moo, ho akarelletsa le moprista, ba ile ba amohela libuka tse 19 le libukana tse 13. Ha Lipaki li khutlela Kreta ka seketsoana, leoatle le ile la befa, la beha bophelo ba bona kotsing. Li ile tsa re: “Re ile ra leboha Jehova ka hore ebe re fihlile hae re phela, empa re ile ra boela ra mo tlotlisa ka ho re lumella hore re rorise lebitso la hae karolong ena e ka boroa ka ho fetisisa ea Europe.”

Patmose ke sehlekehleke seo ho sona moapostola Johanne a ileng a ngola buka ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo. Ho fihlela haufi tjena ho ne ho se na Paki ea Jehova Patmose. Barab’abo rōna ba Samose ba ile ba hlophisa ka hloko phutuho ea ho bolela sehlekehlekeng seo. Ba ne ba lebeletse hore ba ka ’na ba thulana le khanyetso e matla kaha sehlekehleke seo ke setsi se matla sa Kereke ea Greek Orthodox. Baralib’abo rōna ba babeli ba neng ba bolella mofumahali e mong litaba tse molemo ba ile ba kōptjoa hore ba kene ka tlung. Monna oa mofumahali eo o ile a phehella ho botsa hore na ke mang ea rometseng barali bana babo rōna ntlong ea bona. Ha ba hlalosa hore ba etela ntlo e ’ngoe le e ’ngoe, o ile a botsa hape: “Na lea tiisa hore ha ho moahelani ea le rometseng moo?” Mosali oa hae, ea neng a tsebile Lipaki tsa Jehova ha a ne a le Zaire, hamorao o ile a hlalosetsa barali bana babo rōna hore na ho etsahetse’ng hoseng hoo. A re: “Ke ne ke rapela Jehova, joalokaha ke ntse ke etsa ka matsatsi a mang, hore a romele Lipaki sehlekehlekeng sena. Monna oa ka o ile a ntšeha. Ha ke le bona monyako, ke ile ka makala ’me le monna oa ka o ile a makala. Ke ka lebaka leo a sa kang a khaotsa ho le botsa hore na le rometsoe ke mang ntlong ea rōna.” Thuto ea Bibele e ile ea qalisoa hona hoo le mofumahali eo. Thuto e ile ea tšoaroa ka thelefono ka likhoeli tse leshome, le hoja ho ne ho bitsa chelete e ngata ho morali’abo rōna hammoho le mosali enoa ea thahasellang. O ile a kolobetsoa ’me hona joale ke eena Paki a le mong sehlekehlekeng sena seo moapostola Johanne a ileng a behoa boinotšing ho sona lilemong tse fetileng tse 1 900.

“Ho Tšoasa” Boema-kepeng

Likepe tsa baeti li ema boema-kepeng ba libaka tse ngata lihlekehlekeng tsa Aegean lehlabula le leng le le leng, li tlisa likhethekhethe tsa baeti ba phomolong. Kahoo, Lipaki tsa Jehova li na le monyetla o khethehileng oa ho bua le batho ba lichaba le lipuo tse ngata. Liphutheho li boloka setoko sa lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse fapa-fapaneng, ’me bahoeletsi ba tsamaisa limakasine tse likete ho bahahlauli. Likepe tse ling tsa baeti li fihla boema-kepeng bo le bong beke le beke, e leng ho fang barab’abo rōna menyetla e metle ea ho etsa maeto a ho boela haesita le ho khanna lithuto tsa Bibele le basebetsi ba bang ba likepeng.

Lehlabuleng la 1996, morali’abo rōna e mong eo e leng ’moleli oa nako e tletseng Rodese o ile a pakela mohlankana e mong oa Mojamaica ea neng a sebetsa sekepeng se seng sa baeti se neng se etela boema-kepeng boo Labohlano le leng le le leng. Ka Labohlano le hlahlamang monna eo o ile a memeloa ho ba teng kopanong ea setereke e neng e tla tšoareloa sehlekehlekeng seo. A tšoere Bibele ea Senyesemane ka letsohong, o ile a thusoa ke morali’abo rōna oa pula-maliboho ho utloisisa linnete tse ling tsa Bibele tse neng li boleloa lenaneong. Mohlankana enoa o ile a khahloa ka botebo ke lerato le mofuthu tse bontšoang ke Lipaki tse neng li le kopanong eo. Ka Labohlano le latelang, o ile a memela bo-pula-maliboho ba babeli ka sekepeng. Bo-pula-maliboho bana ba ne ba nkile lingoliloeng ka Senyesemane le ka Sepanishe. Libuka tse ka mekotlaneng ea bona li ile tsa fela pele ho hora! Mohlankana eo oa Mojamaica o ile a ithuta Bibele ka Labohlano le leng le le leng ho fihlela lehlabula le fela. Lehlabuleng le latelang o ne a le teng hape, a loketse ho qalisa thuto ea hae. Leha ho le joalo, lekhetlong lena o ile a etsa qeto ea ho fetola mosebetsi e le hore a tsebe ho tsoela pele moeeng. Eaba o tsamaea hape. Barab’abo rōna ba Rodese ba ile ba thaba hakaakang ha ba tseba hore mohlankana enoa o ile a kolobetsoa ka 1998!

Ho Tšoasa “Litlhapi” Tse Fallang

Leoatle la Aegean le tumme ka litlhapi tse fallang tse ngata, tse kang li-sardine le swordfish, tse fetang metsing a lona ’me li qetelle li tšoasitsoe ke matlooa a batšoasi ba litlhapi ba nang le bokhoni. Ka mokhoa o tšoanang, baboleli ba ’Muso ba evangeli ba fumana batho ba bangata ba lipelo li arabelang hamolemo har’a basebetsi ba falletseng Greece ba tsoa linaheng tse ngata tsa Europe Bochabela.

Rezi o ne a le lilemo li leshome ha a qala ho bala ka Jehova le merero ea hae ho Molula-Qhooa le Tsoha! Seo se etsahetse Albania. Lilemo tse tharo hamorao o ile a fallela le lelapa labo sehlekehlekeng sa Rodese. Ka letsatsi le leng Rezi o ile a rapela Jehova hore a mo thuse ho fumana batho ba hae lehaeng la hae le lecha. Letsatsing le latelang ntat’ae o ile a tla hae a nkile limakasine tsane tseo a li tloaetseng, Molula-Qhooa le Tsoha!, e leng ho ileng ha thabisa Rezi haholo. Rezi o ile a kopana le morali’abo rōna ea neng a file ntat’ae limakasine, ’me ka potlako a qalisa ho ithuta ka buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ka linako tse ling, o ne a kōpa hore a tšoareloe thuto hararo ka letsatsi! Ka mor’a likhoeli tse peli e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, ’me ka March 1998, o ile a kolobetsoa a le lilemo li 14. Letsatsing lona leo, o ile a qala bopula-maliboho bo thusang, likhoeli tse tšeletseng hamorao, a ngolisa e le pula-maliboho oa kamehla, kapa mosebeletsi oa nako e tletseng.

Mor’abo rōna e mong oa sehlekehlekeng sa Kose o ne a ithuta le batho ba bang ba tsoang Russia. Ha a ba botsa hore na ba na le metsoalle leha e le efe e ka ratang ho ithuta Bibele, ba ile ba mo isa ho banyalani ba bang ba Maarmenia—Leonidas le mosali oa hae, Ophelia—motseng o mong o bohōle ba lik’hilomithara tse 30. Barab’abo rōna ba ne ba letetsoe ke mohlolo. Banyalani bana ba Maarmenia ba ile ba ntša mokotlana o tletseng lingoliloeng tsa Bibele tsa Searmenia le Serussia tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower. Ba ile ba hlalosa hore ba ithutile Bibele le Lipaki tsa Jehova le hore ba ne ba tsoetse pele ho fihlela boemong ba ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Ka lebaka la morusu oa lipolotiki le mathata a moruo, ba ile ba tlameha ho tloha naheng ea habo bona. Hang ka mor’a hore ba fihle Kose, ba ile ba qala ho ithuta le ’mè oa Leonidas le khaitseli ea hae, ba neng ba se ba ntse ba le moo. Ho sa lebelloa, Paki ena e ne e e-na le lithuto tsa Bibele tse ncha tse tharo tseo e lokelang ho li khanna—e ’ngoe e e khannela Ophelia, e ’ngoe e e khannela Leonidas, e ’ngoe hape e e khannela ’m’ae le khaitseli ea hae. Sena se ne se bolela leeto la sethuthuthu la bohōle ba lik’hilomithara tse 30 ho ea feela, ka makhetlo a mararo ka beke. Leonidas le mosali oa hae ba ile ba kolobetsoa likhoeli tse seng kae hamorao. E bile moputso o mokaakang oa moea oa boitelo oa barab’abo rōna ba sebakeng seo!

Jehova oa Melisa

Tlhohonolofatso ea Jehova e totobetse boitekong bo sa tapeng ba baboleli ba ’Muso ba mafolofolo ba 2 000 ba lihlekehlekeng tsena tsa Aegean. Hona joale sebakeng seo ho na le liphutheho tse 44 le lihlopha tse 25 tsa Lipaki tsa Jehova. Lihlopheng tsena, tse 17 ke tsa batho ba buang lipuo tsa linaha tse ling, kaha ke thato ea Jehova hore “mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4) Ho phaella moo, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba 13 ba ekelitse boiteko ba bona e le hore ba fihle ho batho ba bang ba bangata masimong ao a ka thōko.

Ka lilemo tse makholo Leoatle la Aegean e bile setsi sa tsoelo-pele ea setso le khoebo. Lilemong tse mashome tsa morao tjena le fetohile sebaka sa phomolo se ratehang haholo se hohelang bahahlauli ba makholo a likete. Empa ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore joaloka “batšoasi ba batho,” baboleli ba ’Muso ba fumane batho ba bangata ba lipelo li tšepahalang lihlekehlekeng tsena ba chesehelang ho rorisa Jehova. E le bona kaofela, ba arabetse ka tsela e ntle haholo memong ena ea boprofeta: “Khanya e isoe ho Jehova, lithoko tsa hae li boleloe lihleke-hlekeng.”—Esaia 42:12.

[’Mapa o leqepheng la 22]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Leoatle la Aegean

GREECE

Lésvos

Kiose

Samose

Icaria

Phournoi

Patmose

Kose

Rodese

Kreta

TURKEY

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Sehlekehleke sa Lésvos

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Sehlekehleke sa Patmose

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Sehlekehleke sa Kreta

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela