Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ho Tseba Molimo ea Lerato
HA A le lilemo li 16, moahi oa Brazil ea bitsoang Antônio o ne a se a ntse a tennoe ke bophelo. Maikutlo a ho hloka morero a ile a etsa hore a lemalle lithethefatsi le tahi. Hangata o ne a nahana ho ipolaea. Ke linakong tsena moo a neng a hopola seo ’mè oa hae a kileng a mo bolella sona: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Empa Molimo enoa ea lerato o ne a le hokae?
Moo a lekang ho itšoasolla lithethefatsing le tahing, Antônio o ile a batla thuso ho moprista oa pharishe ea ha habo. Le hoja Antônio a ile a ba sehlahlo haholo Kerekeng e K’hatholike, o ne a ntse a e-na le lipotso tse ngata. Ka mohlala, o ne a qakoa ke mantsoe a Jesu a reng: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Jesu o ne a tšepisa tokoloho ea mofuta ofe? Kereke e ne e sitoa ho fana ka likarabo leha e le life tse khotsofatsang lipotsong tsa hae. Qetellong, Antônio o ile a kheloha ’me a khutlela mekhoeng ea hae ea pele. Ha e le hantle, o ile a lemalla lithethefatsi le tahi ho feta pele.
Nakong ena, mosali oa Antônio, Maria, o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Le hoja a ne a sa hanyetse thuto ea hae, Antônio o ne a sa nkele Lipaki hloohong kaha o ne a li nka e le “bolumeli ba Amerika bo sebeletsang lithahasello tsa puso ea tlatlapo ea Amerika.”
A sa nyahamisoe ke seo, Maria o ne a beha hohle ka tlung limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse nang le lihlooho tseo a neng a nahana hore li ka khahla Antônio. Kaha Antônio o ne a thabela ho bala, ka linako tse ling o ne a sheba limakasine tsena ka potlako ha mosali oa hae a le sieo. Ka lekhetlo la pele bophelong ba hae, o ile a fumana likarabo lipotsong tsa hae tsa Bibele. Oa hopola: “Ke ile ka qala ho hlokomela lerato le mosa tseo ke neng ke li bontšoa ke mosali oa ka le Lipaki.”
Bohareng ba 1992, Antônio o ile a etsa qeto ea hore le eena a ka rata ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, o ne a ntse a tsoela pele ho sebelisa lithethefatsi hampe a bile a e-noa haholo. Bosiung bo bong ha eena le motsoalle oa hae ba ne ba khutlela hae ba e-tsoa mek’huk’hung, mapolesa a ile a ba emisa. Ha mapolesa a fumana k’hok’heine ho Antônio, a ile a qala ho mo otla. Lepolesa le leng le ile la mo lahlela fatše seretseng ’me la mo korola ka sethunya sefahlehong. Le leng le ile la hoeletsa: “’Molaee!”
a Antônio a ntse a rapaletse seretseng, o ne a nahana ka bophelo ba hae. Lintho feela tse molemo tseo a neng a ka li hopola e ne e le lelapa la hae le Jehova. O ile a etsa thapelo e khutšoanyane, a kōpa thuso ea Jehova. Ka lebaka le sa tsejoeng, mapolesa a ile a mo tlohela. O ile a ea hae a kholisehile hore Jehova o ne a mo sirelelitse.
Antônio o ile a qala ho ithuta Bibele ka matla a macha. Hanyane ka hanyane, o ile a etsa liphetoho e le hore a thabise Jehova. (Baefese 4:22-24) Ka ho hlaolela boitšoaro, o ile a qala ho sebetsana le mathata a hae a lithethefatsi. Leha ho le joalo, o ne a hloka thuso ea lingaka. Ha a le tleliniking e fanang ka phekolo e busetsang motho boemong ba hae ba pele ka likhoeli tse peli, o ile a ba le monyetla oa ho bala lingoliloeng tsa Bibele tse ’maloa, ho akarelletsa le buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Joale Antônio o ile a bolella bakuli ba bang seo a ithutileng sona libukeng tsena.
Ka mor’a hore Antônio a tlohe tleliniking ena, o ile a tsoela pele ka thuto ea hae ea Bibele le Lipaki. Kajeno, Antônio, Maria, barali ba bona ba babeli le ’mè oa Antônio ba sebeletsa Jehova hammoho e le lelapa le thabileng le le kopaneng. Antônio o re: “Joale ke utloisisa moelelo oa sebele oa mantsoe a reng ‘Molimo ke lerato.’”
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ho bolela Rio de Janeiro