Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ba Ratang Jehova ke ba Bohlokoa ho Eena
LEBANONE e ’nile ea tsebahala ka matlotlo a tlhaho ho tloha linakong tsa Bibele. (Pesaleme ea 72:16; Esaia 60:13) Likedare tsa eona tse khōlōhali li ne li nkoa e le tsa bohlokoa ka ho khetheha, ’me li ne li ratoa haholo e le thepa ea mohaho ka lebaka la botle ba tsona, monko oa tsona o monate le ho tšoarella ha tsona. Lekholong la pele la lilemo, Lebanone ho ile ha hlaha ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholoanyane. Kosepele ea Mareka e tlaleha hore Tyre le Sidone, sebakeng sa Lebanone ea boholo-holo, “letšoele le leholo, ha le utloa hore . . . [Jesu] o ne a etsa lintho tse ngata hakae, la tla ho eena.”—Mareka 3:8.
Ka ho tšoanang kajeno, Lebanone e tsoela pele ho beha litholoana tsa bohlokoa haholo mahlong a Jehova. Liphihlelo tse latelang li totobatsa sena.
• Paki e nyenyane e bitsoang Wissam e ile ea kōptjoa ho fana ka puo ea metsotso e 30 ka tlelaseng ea eona sekolong. Wissam o ile a etsa qeto ea hore ke monyetla o motle oa ho fana ka bopaki. Ka hona o ile a sebelisa buka ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? ’me a lokisetsa puo e buang ka pōpo. Leha ho le joalo, ha mosuoe oa Wissam a bona boitsebiso bona, o ile a re kaha ke taba ea bohlokoa, Wissam a ka eketsa nako ea puo ea hae hore e be metsotso e 45.
Ha Wissam a qala puo ea hae, mosuoe oa hae o ile a mo kena hanong ’me a romela molaetsa oa hore mosuoe-hlooho a tle. Mosuoe-hlooho o ile a fihla kapele, ’me Wissam a qala qalong. Ha a ntse a mametse lipotso tseo Wissam a li botsang kenyeletsong ea puo ea hae, mosuoe-hlooho o ile a thaba ’me a re liithuti tsohle li lokela ho fumana kopi ea puo eo.
Hamorao mosuoe e mong, ea neng a feta, o ile a hlokomela thabo e ka tlelaseng eo ’me a botsa hore na ho etsahala eng. Ha a bolelloa, o ile a botsa hore na Wissam o ne a leka ho paka bonnete ba pōpo kapa ba khopolo ea ho iphetola ha lintho. O ile a arabeloa ka hore o ne a leka ho paka bonnete ba “pōpo.” Ha mosuoe enoa a hlokomela hore Wissam ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a re ho sehlopha sena: “Le tla bona puong ea hae hore saense e tšehetsa pōpo, eseng khopolo ea ho iphetola ha lintho.”
Ho ile ha fumaneha hore mosuoe enoa o ne a e-na le buka ea Creation ’me o ne a ’nile a e sebelisa bakeng sa ho ruta univesithing! Pele a tsamaea, o ile a botsa hore na letsatsing le latelang a ka khutla a e-na le liithuti tsa hae e le hore Wissam a ka bua le sehlopha sa hae. Seo se ile sa fella ka bopaki bo bong bo botle bo lebisoang ho Jehova.
• Nina ea lilemo li 22 o ne a nyoretsoe metsi a ’nete. Ka letsatsi le leng motsoala’e o ile a mo fa Bibele ’me a qala ho mo hlalosetsa ka Kereke ea Pentekonta. Nina o ile a bala Bibele ka thabo ’me ha a ntse a bala a hlokomela hore Bakreste ba lokela ho bolela, ka hona o ile a qala ho bua le batho bao a ba tloaetseng. E mong le e mong eo a ileng a bua le eena o ile a mo botsa: “Na u e mong oa Lipaki tsa Jehova?” Seo se ile sa mo makatsa.
Ka mor’a lilemo tse tšeletseng, Lipaki tsa Jehova li ile tsa etela habo Nina eaba li mo bolella ka ’Muso oa Molimo. Qalong o ile a leka ho fumana liphoso lithutong tsa tsona. Leha ho le joalo, o ile a fumana hore likarabo tsa tsona kaofela li ne li utloahala li bile li thehiloe Bibeleng.
Seo Nina a ileng a qetella a ithutile sona—e leng lebitso la Molimo, Jehova; litlhohonolofatso tsa ’Muso; le tse ling—se ile sa mo kholisa hore o fumane ’nete. O ile a nehela bophelo ba hae ho Molimo ’me a kolobetsoa. Ka lilemo tse fetileng tse supileng, Nina o sebelelitse e le ’moleli oa evangeli oa nako e tletseng. Ka sebele, Jehova o hlohonolofatsa ba mo ratang e le kannete.—1 Bakorinthe 2:9.