Bibele—Ke Buka ea ho Ithuta Mokhoa oa ho Phela
“LENTSOE la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka ’nģa tse peli . . . ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso tsa pelo.” (Baheberu 4:12) Tlhaloso ena ea seo Lentsoe la Molimo le ka se finyellang e hlile e hatisa hore Bibele hase buka feela e molemo.
Mongoli e mong oa bolumeli o ile a ngola ka ho toba, a re: “Molaetsa oa eona o bohlokoa bophelong ba rōna joaloka ho phefumoloha.” Eaba oa eketsa: “Ha motho a nahana hore kajeno re labalabela ho phekoloa ebile rea ho hloka ’me a bala Bibele ka pono eo, ho latela liphello tse makatsang.” Joaloka lebone le khanyang haholo, Bibele e fana ka likarabo tsa lipotso tse ngata tse rarahaneng le tsa mathata a bophelo ba kajeno.—Pesaleme ea 119:105.
Ke ’nete hore bohlale bo boletsoeng ka ho hlaka ka Bibeleng bo na le matla a ho bōpa monahano oa rōna, a ho re thusa ho rarolla mathata, a ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba rōna le ho re hlomella ka tsebo ea ho loana ka katleho le maemo ao re ke keng ra a fetola. Ntho ea bohlokoa haholo ke hore Bibele e re nolofalletsa ho tseba Molimo le ho mo rata.
Buka e Fang Batho Morero
Moqapi oa Bibele, Jehova Molimo, ‘o tsebisisa litsela tsa rōna kaofela.’ O tseba le ho re feta hore na re hloka eng ’meleng, maikutlong le moeeng. (Pesaleme ea 139:1-3) Ka mokhoa o hlokolosi o beha meeli e hlakileng ea boitšoaro ba batho. (Mikea 6:8) Ke ntho e utloahalang ho batla ho utloisisa meeli eo le litaelo le ho ithuta ho phela ka tsona. Ho thaba motho ea ‘thabelang molao oa Jehova,’ kamoo ho bolelang mopesaleme. “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.” (Pesaleme ea 1:1-3, NW) Ha ho pelaelo hore hoa hlokahala hore re hlahlobe monyetla o joalo.
Maurice, eo e leng mosuoe ea pencheneng, kamehla o ne a lumela hore Bibele e na le molemo o itseng historing le bongoling. Leha ho le joalo, o ne a le lekhonono ka taba ea hore e bululetsoe ke Molimo. Ka mor’a hore Maurice a mamele ha ho hlalosoa hore na ke hobane’ng ha Molimo a file batho Lentsoe la hae le ngotsoeng, o ile a hlahloba boprofeta ba Bibele bo fapa-fapaneng. Bohlankaneng ba hae, o ne a ithutile histori ea boholo-holo, lingoliloeng, saense le jeokrafi. Oa lumela hore o ne a ipona a le bohlale hoo a neng a sitoa ho hlokomela mehlala e mengata e tšehetsang bonnete ba Bibele. “Ke ne ke ikakhetse ka setotsoana ho phehelleng boiketlo, leruo le menyaka ea bophelo. Ka bomalimabe ke ne ke lutse ke se na tsebo hape ke le lefifing la ho tseba hore buka ena e molemo ka ho fetisisa e kileng ea ngoloa ea hlabolla ebile ke ’nete.”
Hona joale Maurice o lilemong tsa bo-70, ’me ha a bua ka tlaleho ea ho iponahatsa ha Jesu ho moapostola Thomase, ka teboho o re: “Matsoho a ka a isitsoe ‘leqebeng le lutlang mali’ ’me ke kholisehile ka ho feletseng hore Bibele ke ’nete.” (Johanne 20:24-29) Joalokaha moapostola Pauluse a ile a bolela ka nepo, Bibele e senola merero ea pelo, ’me e etsa hore bophelo bo be le morero. Ka sebele ke buka ea ho ithuta mokhoa oa ho phela.
E Tsitsisa Bophelo ba Motho ea Tšoenyehileng
Bibele e boetse e fana ka keletso e thusang batho ho tlohela mekhoa e mebe. Daniel o ile a khona ho hlōla mokhoa o mobe oa ho tsuba, hammoho le ho tlohela liphathi tse lerata le tšebeliso e mpe ea joala. (Baroma 13:13; 2 Bakorinthe 7:1; Bagalata 5:19-21) Ha e le hantle, ho ntša ka metso mekhoa e joalo le ho apara “botho bo bocha” ho hloka boikemisetso. (Baefese 4:22-24) Daniel o re: “E ne e le phephetso hobane ha rea phethahala.” Leha ho le joalo, o ile a atleha. Joale Daniel o bala Lentsoe la Molimo letsatsi le leng le le leng, ’me le mo boloka haufi le Jehova.
Ha Daniel a ntse a hōla, kamehla o ne a hlompha Bibele ka botebo—le hoja ho ne ho se mohla a e balang—’me o ne a rapela Molimo bosiu bo bong le bo bong. Empa, ho ne ho e-na le ho haellang. O ne a sa thaba. Maemo a ile a fetoha ha a bona lebitso la Molimo ka Bibeleng ka lekhetlo la pele. (Exoda 6:3; Pesaleme ea 83:18) Ka mor’a moo, o ile a sebelisa lebitso la Jehova ha a rapela, ’me lithapelo tsa hae e ile ea e-ba tse tobileng haholoanyane. “Jehova o ile a ba haufi haholo le ’na, ’me e ntse e le motsoalle oa ka ea haufi-ufi.”
Pele Daniel a ithuta Bibele, bokamoso bo ne bo le lerootho ho eena. O re: “Motho feela tjee a ka bona hore na lefatše le lebile hokae. Ke ne ke tšohile, ’me ke ne ke leka ho phathahana e le hore nka itebatsa hona.” Joale o ile a ithuta hore Molimo o tla tlisetsa bohle toka lefatšeng le hloekisitsoeng, moo batho ba mamelang ba ka thabelang khotso ea ka ho sa feleng le nyakallo. (Pesaleme ea 37:10, 11; Daniele 2:44; Tšenolo 21:3, 4) Hona joale Daniel o na le tšepo ea sebele. Tšusumetso ena ea Bibele e etsang hore motho a tsitse e mo nolofalletsa ho lula a e-na le maikutlo a matle ka bophelo.
Thuso ea ho Hlōla Mathata a Maikutlo
George o ne a le lilemo li supileng ha ’m’ae a e-shoa. O ne a tšaba ho ea tlung bosiu, kaha o ne a sa tsebe hore na o tla tsoha ka letsatsi le hlahlamang. Nakong eo, o ile a bala seo Jesu a ileng a se bua ka lefu le tsoho: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ’me ba tsoe.” O ile a angoa hape ke mantsoe ana a Jesu: “Ke ’na tsoho le bophelo. Ea sebelisang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela.” (Johanne 5:28, 29; 11:25) Ho lebella ntho e joalo ho ne ho utloahala, ho e-na le kelello ebile ho tšelisa. George o re: “’Nete ena e ipiletsa kelellong ebile e ama pelo.”
Daniel, ea boletsoeng pejana, o ne a boetse a e-na le tšabo. ’M’ae o ne a sitoa ho mo hōlisa, kahoo o ile a isoa mahaeng a mangata a likhutsana. Kamehla o ne a ikutloa e le mokhelo ’me a lakatsa tšireletseho ea ho ba setho sa lelapa le lerato. Qetellong, ho ithuta Bibele ho ile ha etsa hore a fumane seo a neng a se batla. Daniel o ile a kopanela le phutheho ea Bakreste ea Lipaki tsa Jehova ’me a fetoha karolo ea lelapa la moea, moo a ileng a ikutloa a amoheleha le ho ratoa ke ba bang. Ka sebele, Bibele e molemo ka tsela e thusang le e khotsofatsang maikutlo.
Hopola hore Jehova o bona se ka lipelong tsa rōna ’me o tseba seo re se batlang. Molimo o ‘lekanya lipelo,’ ’me o “fa e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae.”—Liproverbia 21:2; Jeremia 17:10, NW.
E Fana ka Keletso e Thusang Bophelong ba Lelapa
Bibele e fana ka keletso e thusang litabeng tsa likamano tsa batho. George o re: “Likhohlano kapa ho se utloisisane ha batho ke a mang a maemo a imelang haholo bophelong.” O sebetsana joang le tsona? “Ha ke ikutloa hore motho e mong o ntjere ka pelo, ke sebelisa keletso e tobileng e ho Matheu 5:23, 24: ‘Etsa khotso le mor’eno.’ ’Nete ea hore nka bua ka khohlano eo e ba le litholoana. Ke utloa khotso ea Molimo eo Bibele e buang ka eona. Keletso ea Bibele ea sebetsa. E thusa haholo.”—Bafilippi 4:6, 7.
Ha monna le mosali ba sa lumellane, bobeli ba bona ba lokela ho “potlaka mabapi le ho utloa, e be [ba] liehang mabapi le ho bua, e be [ba] liehang mabapi le khalefo.” (Jakobo 1:19) Keletso e joalo e ntlafatsa puisano. George oa phaella: “Ha ke sebelisa keletso ena ea ho rata mosali oa ka le ho mo tšoara kamoo ke itšoarang kateng, ke bona liphello kapele. Ho bonolo haholoanyane hore a ntlhomphe.” (Baefese 5:28-33) E, Bibele e re ruta kamoo re ka amohelang bofokoli ba rōna kateng le ho sebetsana le bona, e boetse e re ruta tsela ea ho sebetsana ka katleho le ba ba bang.
E Fana ka Keletso e Tšoarellang
Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.” (Liproverbia 3:5, 6) Mantsoe ao a bonolo hakaakang, empa a tebile!
Bibele e susumelletsa motho ho etsa se molemo. E nolofalletsa batho ba ratang Molimo ho lumellanya bophelo ba bona le thato ea hae le ho thabela ho ‘tsamaea molaong oa Jehova.’ (Pesaleme ea 119:1, NW) Ho sa tsotellehe hore na maemo a rōna ke afe, Bibele e na le tataiso eo re e hlokang le keletso. (Esaia 48:17, 18) E bale letsatsi le leng le le leng, nahanisisa ka seo u se balang, ’me u se sebelise. Se tla boloka kelello ea hao e pholile ’me e tsepame linthong tse hloekileng le tse hahang. (Bafilippi 4:8, 9) U tla ithuta ho phela le ho thabela bophelo, u be u ithute le kamoo u ka ratang Moqapi oa bophelo kateng.
Ka ho latela tsela e joalo, ho uena—joaloka ho ba bang ba limilione—Bibele ha e na ho ba buka feela tjee e molemo. Ho tla bonahala kannete hore ke buka ea ho ithuta mokhoa oa ho phela!
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Bibele e ka matlafatsa qeto ea hao ea ho tlohela mekhoa e kotsi
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Bibele e u ruta kamoo u ka atamelang haufi le Molimo